Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/01 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 13 August
  • Beke e Qalang ka la 20 August
  • Beke e Qalang ka la 27 August
  • Beke e Qalang ka la 3 September
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 8/01 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 13 August

Pina 30

13 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Tšohla “Lenaneo le Lecha la Letsatsi le Khethehileng la Kopano.” Etsa tsebiso ea letsatsi le khethehileng la kopano le latelang, khothalletsa bohle hore ba be teng lenaneong lohle, ’me o khothalletse bahoeletsi hore ba meme ba sa tsoa thahasella le liithuti tsa Bibele. Ho setse mafelo-beke a mabeli feela ka August, kahoo khothalletsa bahoeletsi bohle hore ba kopanele tšebeletsong pele khoeli e fela.

17 mets: “Na U Batla ho Etsa ho Eketsehileng?”a Khothalletsa barab’abo rōna ba kolobelitsoeng hore ba hahamalle ho tšoanelehela ho ba bahlanka ba sebeletsang kapa baholo. Liphutheho tse ngata li hloka haholo bahlanka ba sebeletsang ba eketsehileng. Akarelletsa le litlhahiso tsa ho etsa ho eketsehileng ho pakela batho ba tšimo ea heno ba buang puo esele. Ka bokhutšoanyane bua ka Molula-Qhooa oa June 15, 1997, leqepheng la 26-9.

15 mets: “Boloka Boikhathollo Sebakeng sa Bona se Loketseng.” Mokhanni oa thuto ea buka o qoqa le banyalani ka mor’a thuto. Ka mosa o bolela hore morao tjena ha a sa ba bona tšebeletsong ea tšimo kapa libokeng tsa mafelo a beke. Banyalani bao ba hlalosa hore ho ba phomolong le boikhathollong ba mefuta e meng ho entse hore ba tšoarehe. Moholo o hlahloba lintlha tsa sehlooho sehloohong seo, a thusa banyalani hore ba bone hore lithahasello tsa moea li lokela ho nka sebaka sa pele kamehla. Ba bontša kananelo ka likhopotso tseo tse ntle. Ba lumellana hore nakong e tlang ba tla etelletsa pele lintho tse tlang pele.—Bona Molula-Qhooa oa October 1, 2000, leqepheng la 19-20.

Pina 68 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 20 August

Pina 33

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

15 mets: “Le ‘Sebonoang ka Lebaleng la Liketsahalo’!”b Bolela liketsahalo tsa sebakeng seo tseo ho tsona batho ba ileng ba bua hantle ka mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova kapa ka boitšoaro ba tsona.—Bona Molula-Qhooa oa March 15, 1998, leqepheng la 10 le oa January 15, 1999, leqepheng la 32.

20 mets: Litlhoko tsa phutheho.

Pina 72 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 27 August

Pina 40

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba ise litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa August ho mokhanni oa bona oa Thuto ea Buka ea Phutheho. Bakhanni ba Thuto ea Buka ea Phutheho ba lokela ho bonana le e mong le e mong ea sehlopheng sa bona e le hore litlaleho tsohle li be li bokeletsoe ka la 6 September. Ba lokela ho tiisa hape hore litlaleho leha e le life tse saletseng tsa selemo seo sa tšebeletso li fuoa mongoli. Tlaleha ka tsoelo-pele ea tšimo e sa abuoang. Tsebisa phutheho ka litokisetso tsa September. Bua le a le mong kapa ba babeli ka katleho e seng e finyelletsoe ho tla fihlela joale. Ka bokhutšoanyane fana ka tlhahiso e le ’ngoe kapa tse peli tsa kamoo buka ea Motho e Moholo e ka fanoang kateng tšebeletsong ka September.—Bona mehlala e ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1998, leqepheng la 8 le December 1994, leqepheng la 8.

30 mets: “Mekhoa e Metle—Tšobotsi ea Batho ba Inehetseng ho Molimo.” Moholo o fana ka puo ea metsotso e mehlano serapeng sa 1-5. Joale o tšohla karolo e setseng ea sehlooho le moholo e mong le mohlanka ea sebeletsang ba le sethaleng. Ba bua ka mokhoa oa ho hlōla litloaelo tse sa bontšeng ho nahanela tse ka khepholang ho hong libokeng tsa rōna le ho nyenyefatsa melemo eo re e fumanang. Ba totobatsa kamoo ho tloaelana ha rōna le ba bang ho khothatsang kateng ha re bontša kameho e lerato bakeng sa lithahasello tsa ba bang.—Bafil. 2:4.

Pina 74 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 3 September

Pina 80

8 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puo ea Molimo.

17 mets: “Botsoalle ba Bokreste ke ba Bohlokoa Hakae?”c Akarelletsa le litlhaloso tse tlas’a sehlohoana se reng “Ka Phutheho” ho Molula-Qhooa oa January 15, 1996, leqepheng la 22.

20 mets: Haeba e Mong a Re. Puisano le lipontšo. Tšebeletsong, ha batho ba bua kapa ba botsa lipotso tseo re sa li lebellang, re lokela ho ikemisetsa ho arabela ho e-na le ho fetola taba kapa ho felisa moqoqo. Buka ea Ho Bea Mabaka hangata e tla thusa ntlheng ena. Totobatsa litlhaloso tse tloaelehileng, ’me u re bahoeletsi ba etse pontšo ea kamoo ba ka arabelang kateng ka litlhaloso tse bukeng ea Ho Bea Mabaka. Ka mohlala: ‘Ha ke lumele ho Molimo.’ (leqepheng la 334-5) ‘Ke hobane’ng ha le sa amehe ho etseng lintho tse thusang ho ntlafatsa metse?’ (leqepheng la 254-5) ‘Ha ho tsotellehe hore na u kena kereke efe.’ (leqepheng la 81) Khothalletsa bohle ho sebelisa tšobotsi ena ea buka ea Ho Bea Mabaka ha ho hlaha maemo a sa lebelloang tšebeletsong.

Pina 121 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ’me ho latele puisano ka lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela