Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/01 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 10 December
  • Beke e Qalang ka la 17 December
  • Beke e Qalang ka la 24 December
  • Beke e Qalang ka la 31 December
  • Beke e Qalang ka la 7 January
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 12/01 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 10 December

Pina 205

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8, etsa pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang (1) Molula-Qhooa oa December 15 le (2) Tsoha! ea January 8, tlhahiso ea pele.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: “Litlhohonolofatso Tsa ho Ananela Lerato la Jehova—Karolo ea 2.”a Ha u hlahloba serapa sa 2-6, e-re litho tsa phutheho li phete liphihlelo tseo li bileng le tsona ha li paka ka tsela e sa reroang, ka ho ngola mangolo le ka thelefono. Lokisetsa esale pele ho etsa pontšo ka e le ’ngoe kapa tse peli ho tsona.

Pina 222 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 17 December

Pina 211

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Bolela litokisetso tse khethehileng tsa tšebeletso ea tšimo ea la 25 le la 26 December, le la 1 January.

22 mets: “Tšoara Lentsoe la Molimo ka Nepo.”b Akarelletsa le pontšo ea sebele ea nehelano e serapeng sa 4. Hape, etsa pontšo ea nehelano e atlehang e sebelisitsoeng sebakeng sa heno ho khothatsa kapa ho tšelisa batho ba nyahamisitsoeng ke maemo a lefatše. Ho ka ’na ha phetoa phihlelo e khutšoanyane. Kōpa bamameli ho hlalosa lebaka leo ka lona ba nahanang hore ho sebelisa Bibele ho tla etsa hore bopaki bo fanoeng bo atlehe haholoanyane.

13 mets: ‘Le na le Bibele ea Lōna.’ Puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 347-8. Haeba batho ba le leqe ho mamela kaha re sebelisa Phetolelo ea Lefatše le Lecha, re ka re’ng? Lokisetsa esale pele hore bahoeletsi, ka mantsoe a bona, ba phete likarabo tse bontšitsoeng.

Pina 225 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 24 December

Pina 20

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlalosa hore na ho tsamaisoa sengoliloeng sefe ka January le hore na phutheho e na le libuka life setokong. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8, etsa lipontšo tse peli tsa linehelano tsa limakasine, ho e ’ngoe u sebelise Molula-Qhooa oa January 1 ’me ho e ’ngoe u sebelise tlhahiso ea bobeli ea Tsoha! ea January 8. Lokisetsa hore e ’ngoe e etsoe ke mocha.

20 mets: Phela Bophelo ba Hao Hamolemohali. Litho tsa lelapa li buisana ka Molula-Qhooa oa August 15, 1998, leqepheng la 8-9. Ntate o batla hore lelapa le phehelle tsela e tla le tlisetsa thabo ho e-na le masoabi. Ba hlahloba keletso ea Mangolo sehloohong se bontšang kamoo ba ka etsang bonnete ba hore baa thaba, e lebisang tlhokomelo bohlokoeng ba temoho, ho etelletsa pele lintho tse molemo le ho tšepa Jehova. Ba bolele liphetoho tse sebetsang tseo ba ka li etsang e le lelapa.

15 mets: Ho Lebisa Tlhokomelo Holong ea Rōna ea ’Muso. Puo ka moholo. Ela hloko boemo ba Holo ea ’Muso kapa sebaka seo phutheho ea heno e kopanelang ho sona. Na e hloekile, e makhethe ebile ea khahleha? Na litulo, tsamaiso ea molumo le tsamaiso ea moea o pholileng li boemong bo botle hoo li etsang hore motho a thabele liboka a khatholohile? Na k’hapete, mabota le likharetene ha li na matheba? Na matloana a hlokometsoe hantle? Na bokantle ba mohaho bo hlokometsoe hantle? Ho thoe’ng ka lebala le katiloeng le sebaka sa ho paka likoloi? Bua ka ntho leha e le efe e hlokang tlhokomelo kapa ho ntlafatsoa. Ho etsoa litokisetso life tsa tlhoekiso e tsoileng matsoho pele ho Sehopotso? Ke lintho life tseo ho hlokahalang hore li lokisoe pele ho moo? Hlalosa kamoo phutheho e ka thusang kateng. Totobatsa hore ho hlokahala hore ho etsoe bonnete ba hore sebaka sa rōna sa borapeli se bontša botle le seriti tseo re li amahanyang le ntlo ea Jehova.—Pes. 84:1.

Pina 126 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 31 December

Pina 140

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fe batsamaisi ba thuto ea buka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo ea December. Haeba phutheho ea heno e tla fetola linako tsa liboka selemong se secha, ka mosa khothalletsa e mong le e mong ho kopanela kamehla ka linako tse ncha. Etsa bonnete ba hore bohle ba thahasellang le bafe kapa bafe ba sa kopaneleng tšebeletsong ba tseba liphetoho tsena.

20 mets: Neha Baholo Tlhokomelo e ba Tšoanelang. Bahlanka ba sebeletsang ba babeli kapa ba bararo ba buisana ka Molula-Qhooa oa June 1, 1999, leqepheng la 18-19. Ba bua ka mesebetsi e mengata eo baholo ba lokelang ho e hlokomela, ho akarelletsa le mosebetsi oa boipheliso, boikarabelo ba lelapa le likabelo tsa puso ea Molimo. Nahana ka litsela tseo ka tsona bohle ba ka ba khothatsang, ba ka bebofatsang moroalo oa bona le ho latela tataiso ea bona. Bahlanka bana baa lumela hore baholo ba etsa tšebeletso ea bohlokoa ’me ba tšoaneloa ke ‘ho eloa hloko ho feta kamoo ho tloaelehileng’ kateng.—1 Bathes. 5:12, 13.

15 mets: U ne U Tla Arabela Joang? Ka bokhutšoanyane lebisa tlhokomelo leqepheng la 251-2 bukeng ea Ho Bea Mabaka, moo ho fanoeng ka karabo e hlakileng potsong ena, “Lipaki tsa Jehova li fihla joang tlhalosong ea tsona ea Bibele?” Etsa pontšo e lokiselitsoeng hantle ea kamoo ho ka arabeloang kateng potso ena leetong la ho boela, ho latele memo e mofuthu ea ho ba teng libokeng tsa phutheho.

Pina 219 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 7 January

Pina 218

10 mets: Litsebiso tsa phutheho.

10 mets: “Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo sa 2002.” Puo ka molebeli oa sekolo. Khothalletsa bohle ho ba mafolofolo ha ba phetha likabelo tsa bona.

25 mets: “Ba Khutlela Sekolong.”c Totobatsa mathata ao bacha ba talimanang le ’ona le kamoo batsoali ba ka thusang bana ba bona kateng. Sekolong bacha ba rōna ba ba tlas’a likhatello tse sa tšoaneng tse ba susumelletsang hore ba sekisetse tlhompho ea bona bakeng sa melao-motheo ea Bibele, tse kang ho kopanela litšebeletsong tsa bochaba, lipapaling, kapa litlelaseng tsa thuto ea bolumeli. Bua ka litaba tsena u sebelisa bukana ea Sekolo, leqepheng la 13-15, 23, 26. Etsa pontšo e lokiselitsoeng hantle ea motsoali ea hlalosetsang mosuoe hore na ke hobane’ng ha bana ba rōna ba sa kopanele litlelaseng tsa thuto ea bolumeli le ha a kōpa hore ngoana a se be teng litlelaseng tsena.

Pina 24 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa kenyelletso e ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa kenyelletso e ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa kenyelletso e ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela