Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/02 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 8 April
  • Beke e Qalang ka la 15 April
  • Beke e Qalang ka la 22 April
  • Beke e Qalang ka la 29 April
  • Beke e Qalang ka la 6 May
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 4/02 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 8 April

Pina 39

13 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Khothalletsa bohle ho shebella video ea Young People Ask—How Can I Make Real Friends? e le ho lokiselletsa puisano e tla tšoaroa Sebokeng sa Tšebeletso bekeng ea la 22 April. Libakeng tsa mahae baholo ba lokela ho leka hore malapa a se nang mechine ea video a bone video ena. Etsa lipontšo tse peli tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa April 15 le Tsoha! ea May 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8. Pontšong ka ’ngoe, bontša tsela e fapaneng ea kamoo ho ka buisanoang le motho ea khaoletsang moqoqo ka ho re, “Ke na le bolumeli ba ka.”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 18-19.

12 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: “Sebetsang se Molemo ho Bohle.”a Ka mor’a puisano ea lipotso le likarabo, buisana le mohoeletsi kapa ba babeli ba hlalosang kamoo ba atolosang tšebeletso ea bona kateng.

Pina 157 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 15 April

Pina 101

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

15 mets: Bo-pula-maliboho ba Tsoela Pele ho Thusa ba Bang. Molebeli oa tšebeletso o buisana le molebeli oa Thuto ea Buka ea Phutheho, pula-maliboho le mohoeletsi. Molebeli oa tšebeletso o hlahloba lenaneo la Bo-pula-maliboho ba Thusa ba Bang le bontšitsoeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 1998, leqepheng la 4. Ebe o buisana le e mong le e mong ka karolo eo a e phethang lenaneong leo le kamoo le sebeletsang morero oa lona kateng. Ho entsoe litokisetso life ho le atlehisa? Molebeli oa tšebeletso o khothalletsa bahoeletsi bohle ho mo tsebisa haeba ba hloka thuso e itseng tšebeletsong. Ba thusitsoeng nakong e fetileng ba ka ’na ba boela ba kenyelletsoa e le hore ba thusoe ka ho eketsehileng tšobotsing e ’ngoe ea tšebeletso.

20 mets: “Thabo e Tlisoang ke Tšebeletso ea Nako e Tletseng.”b Khothalletsa bacha ho etsa likōpo tsa bopula-maliboho bo thusang nakong ea phomolo ea likolo. Ha ho khoneha, e mong oa batsoali le eena a ka ’na a khona ho nka bopula-maliboho bo thusang khoeling eo ’me kahoo a fane ka koetliso le khothatso.

Pina 199 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 22 April

Pina 90

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Kōpa mohlanka ea sebeletsang ho etsa pontšo ea kamoo ho ka buelloang Molula-Qhooa oa May 1 ’me morali’abo rōna a etse ea kamoo ho ka buelloang Tsoha! ea May 8 kateng, ba sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8. Ka mor’a pontšo ka ’ngoe, pheta polelo kapa tse peli tse sebelisitsoeng ho tsosa thahasello ea mong’a ntlo.

15 mets: Fihla ka Nako! Puo. Mesebetsi e tsamaisanang le borapeli ba rōna le tšebeletso ea rōna ke ea bohlokoa, e hloka “nako e behiloeng.” (Moek. 3:1) Re batla ho rua molemo o feletseng litokisetsong tsa tšebeletso ea rōna ho Molimo. Liboka tsa phutheho le liboka tsa tšebeletso ea tšimo li lokela ho qala hantle ka nako e behiloeng. Ha ho mohla Jehova a liehang ho phetha mesebetsi ea hae. (Hab. 2:3) Na re lokela ho ntlafatsa ntlheng ee? Ka linako tse ling, batho ba ka ’na ba liehisoa ke mabaka a ke keng a qojoa. Empa haeba re hlophisehile hantle, ha rea lokela ho lula re fihla ka mor’a nako, re kena ka mor’a pina le thapelo e bulang kapa ho se ho entsoe litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo. Buisanang ka mehato e ka nkoang e le hore le hlaolele mekhoa e metle e tla tiisa hore le fihla ka nako mesebetsing eohle ea moea.—Bona Molula-Qhooa oa June 15, 1990, leqepheng la 29.

20 mets: “E Amohetsoe ka Cheseho!”c Haeba phutheho ea lōna kapa sehlopha sa lōna sa thuto ea buka se sitoa ho lokiselletsa ho shebella video ena, le ntse le lokela ho buisana ka sehlooho sena. Serapeng sa 1, neha phutheho monyetla oa ho hlalosa hakhutšoaane video ea Young People Ask—How Can I Make Real Friends? U ntan’o tšohla le bamameli potso ka ’ngoe ho tse hlahang serapeng sa 2-7. Akarelletsa lintlha tse khaolong ea 8 bukeng ea Bacha Baa Botsa.

Pina 191 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 29 April

Pina 162

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso tsa April ho bakhanni ba thuto ea buka.

15 mets: “Boboleli ba ’Muso bo Thusa ho Pholosa Bophelo!”d E-re bamameli ba hlalose kamoo mangolo a sebetsang kateng.

20 mets: Ho Etsa Lipatlisiso U Sebelisa Buka ea Ho Bea Mabaka. Puisano le bamameli. Tšebeletsong ea tšimo ho atisa ho hlaha lipotso lintlheng tse sa thathamisoang ho “Litaba tsa Sehlooho” (leqepheng la 5-6) bukeng ea Ho Bea Mabaka. “Tšupiso ea Litaba” (leqepheng la 439-45) e thusa haholo ho fumana Mangolo a tšehetsang tumelo ea rōna. Khothalletsa bamameli hore ba kopanele ho fumaneng likarabo tsa lipotso tse latelang ka ho sheba ho index tlas’a lentsoe ka leng le ngotsoeng ka mongolo o tšekaletseng: Pono ea Bakreste ke efe ka lipina tsa sechaba le lifolaga tsa naha? Ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse likoluoa? U ka hlalosa pono ea Bibele joang ka tlhalo? Ke hobane’ng ha ka nako e ’ngoe baralib’abo rōna ba lokela ho roala hloohong? Letsatsi la ’Mè le simolohile hokae? Re tseba joang hore 144 000 ke palo e sebele ka Bibeleng? Setšoantšo sa morui le Lazaro se hlalosa eng? Khothalletsa e mong le e mong ho sebelisa buka ea Ho Bea Mabaka tšebeletsong.

Pina 28 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 6 May

Pina 141

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Buisanang ka “Tsoelang Pele ho Rua Molemo ka Molula-Qhooa le Tsoha!”

10 mets: Ho Lokiselletsa Likhoeli Tse Tlang. Puo le puisano le bamameli. Bolela lintho tse atisang ho lokiselletsoa likhoeling tse seng kae tse tlang: ho ea kopanong ea potoloho kapa kopanong ea letsatsi le khethehileng, ho nka bopula-maliboho bo thusang khoeli kapa tse peli, ho kopanela letšolong la ho sebetsa tšimo e sa abuoang, ho ntlafatsa ntlo, mohlomong le ho thabela phomolo kapa boikhathollo bo itseng. Kōpa ba seng bakae ho bolela lintho tseo ba li lokisetsang le kamoo ba tla netefatsa hore ha ba hlokomolohe thuto ea bona ea lelapa, liboka tsa phutheho le tšebeletso ea tšimo, esita leha ba ile phomolong. Etsa tsebiso ea litokisetso tse ntseng li etsoa bakeng sa ho sebetsa tšimo e sa abuoang khoeling ea August, September le October. Hopotsa bohle hore ba tiise hore bakhanni ba Thuto ea Buka ea Phutheho ba fumana litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo, ho sa tsotellehe hore na ba hae kapa ba etile.

25 mets: “Malapa a Matla Moeeng—Joang?”e Ka mor’a ho tšohla sehlooho, pheta liphihlelo tse ling tse sebetsang ho Molula-Qhooa oa February 15, 1999, leqepheng la 10-12.

Pina 17 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

e Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela