Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 12 August
13 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Litaba tsa Puso ea Molimo. Lokisetsa lipontšo tse peli tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa August 15 le Tsoha! ea September 8 kateng ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8. Pontšong ka ’ngoe, bontša tsela e fapaneng ea ho buisana le ea khaoletsang moqoqo ka ho re, “Ke hobane’ng ha le etela batho hangata hakaale?”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 20.
20 mets: “Iketsetse Lipakane Tsa Moea.”a Ha u hlahloba serapa sa 5, akarelletsa likhothatso tse mabapi le bopula-maliboho ba kamehla le tšebeletso ea boromuoa le ea Bethele tse bukeng ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 114-16.
12 mets: Liphihlelo tsa phutheho. Kōpa litho tsa phutheho hore li phete liphihlelo tseo li bileng le tsona ha li tsamaisa pampitšana ea Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele? Na ho na le lithuto tsa Bibele tseo li li qalisitseng? Haeba ho joalo, hlalosa kamoo li qalisitsoeng kateng kapa u etse pontšo ea se etsahetseng phihlelong e le ’ngoe kapa tse peli. Hlahloba lebokose la sehlooho se reng “Menyetla ea ho Aba Pampitšana Ena” Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea November 2001, leqepheng la 4.
Pina ea 123 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 19 August
12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Bua ka “Lenaneo le Lecha la Letsatsi le Khethehileng la Kopano.” Bolela hore na letsatsi le khethehileng la kopano le latelang le neng, ’me u khothalletse bohle hore ba fihle esale nako ’me ba mamelisise lenaneo lohle. Khothalletsa bahoeletsi ho mema ba sa tsoa thahasella le liithuti tsa Bibele.
15 mets: Ba Thibeloa ke Eng? Puisano le bamameli le pontšo. Tšebeletsong ea rōna re atisa ho teana le batho ba leqe ho buisana le rōna ka seo ba se lumelang. Sena se etsa lerako le ka re sitisang ho bolela molaetsa oa ’Muso. Haeba re hlokomela lebaka leo ka lona motho a bang leqe ho bua, sena se ka re thusa ho lokisetsa nehelano e tla mo khothalletsa ho ntša maikutlo a hae. Hlalosa hore na re ka fetola nehelano ea rōna joang ha re teana le batho ba mefuta ena: (1) Ba sa thahaselleng bolumeli, esita le ba bona. (2) Bao meetlo ea bolumeli e etsoang ke ba lelapa la bona le baholo-holo ba bona e ipiletsang maikutlong a bona. (3) Ba sa phutholoheng ha ba bua ka seo ba se lumelang hobane ho se na Mangolo a se tšehetsang. (4) Ba re hloileng ka lebaka la mashano a bahanyetsi. Fetola lethathamo lena ka tsela e loketseng hore le lumellane le tšimo ea phutheho, u lebise tlhokomelo maikutlong a atisang ho utluoa. Kopanyelletsa le pontšo e khutšoanyane e bontšang kamoo ho ka etsoang hore motho a kopanele moqoqong oa Mangolo.
18 mets: “Bontša Botšepehi ba Bokreste ha Mong ka Uena a Khaotsoe.”b (Serapa sa 1-8) E behoe ke moholo ea tšoanelehang hantle, a sebelise lipotso tse lokiselitsoeng. Mor’abo rōna ea balang hantle a bale serapa se seng le se seng ka lentsoe le phahameng.
Pina ea 136 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 26 August
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fe balebeli ba Thuto ea Buka ea Phutheho litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo ea August. Balebeli ba Thuto ea Buka ea Phutheho ba lokela ho bonana le e mong le e mong ea sehlopheng sa bona e le hore litlaleho tsohle li be li bokeletsoe ka la 6 September. Ba boetse ba lokela ho etsa bonnete ba hore litlaleho life kapa life tsa selemo sena sa tšebeletso tse saletseng li fuoa mongoli. Etsa tlaleho ea tsoelo-pele ea tšimo e sa abuoang. Tsebisa phutheho ka litokisetso tsa September. Buisana le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ka katleho e seng e finyeletsoe. Lokisetsa hore mohoeletsi a etse pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa September 1 o ka tsamaisoang kateng a sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8. Khothalletsa bahoeletsi bohle ho kenyelletsa lengolo linehelanong tsa bona.
17 mets: “Fetisa Molaetsa ka Tsela e Atlehileng!”c Ha u phetha, khothalletsa bahoeletsi ho hlahloba buka ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo khaolong e reng “Kamoo U ka Ntlafatsang Tsebo ea ho Qoqa Kateng,” leqepheng la 62-5, haeba e se e fumaneha ka puo ea lōna.
18 mets: “Bontša Botšepehi ba Bokreste ha Mong ka Uena a Khaotsoe.”d (Serapa sa 9-14) E behoe ke moholo ea tšoanelehang hantle, a sebelise lipotso tse lokiselitsoeng. Lokisetsa hore mor’abo rōna ea balang hantle a bale lirapa tsohle ka lentsoe le phahameng.
Pina ea 125 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 2 September
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fe balebeli ba Thuto ea Buka ea Phutheho litlaleho tsa bona tse saletseng tsa tšebeletso ea tšimo ea August. Totobatsa lintlha tse khōlō tsa sehlooho se reng “Bala le Bana ba Hao” se Molula-Qhooeng oa May 1, 1999, leqepheng la 25.
20 mets: Lokisetsa Pele U Tsamaea. Puisano le pontšo. Tokisetso e ntle e etsa hore re atlehe tšebeletsong. Ka lebaka leo, esale pele: (1) Fumana lingoliloeng tseo u li hlokang. (2) Etsa bonnete ba hore u na le maqetšoana a lekaneng a tlaleho ea ntlo le ntlo le pene kapa pentšele. (3) Haeba u hloka sepalangoang, etsa litokisetso tse loketseng tsa ho tsamaea. (4) Nahana ka maeto a ho boela ao u rerang ho a etsa. (5) Lokisetsa seo u tla se bua. Haeba u tla be u khanna seboka sa tšebeletso ea tšimo, fumana tšimo e lekaneng. Buisana le bamameli ka litsela tse peli kapa tse tharo tseo ka tsona buka ea Tsebo e ka ajoang kateng tšebeletsong ka September. Etsa pontšo ka nehelano e ’ngoe, ’me u kenyelletse lengolo puisanong.—Bona litlhahiso tse kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2002, leqepheng la 5.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho. Kapa u kōpe litho tsa phutheho ho pheta liphihlelo tseo li bileng le tsona bopaking bo sa reroang, mohlomong ha li bolela litaba tse molemo moo ho pakoang likoloi, lipalangoeng tsa sechaba, lirapeng tsa boikhathollo, mabenkeleng, moo literaka li emisang teng le libakeng tse ling tsa sechaba. Etsa pontšo e le ’ngoe kapa tse peli tsa se etsahetseng.
Pina 99 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.