Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/03 leq. 2
  • Kemiso ea Seboka sa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Seboka sa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 13 October
  • Beke e Qalang ka la 20 October
  • Beke e Qalang ka la 27 October
  • Beke e Qalang ka la 3 November
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 10/03 leq. 2

Kemiso ea Seboka sa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 13 October

Pina ea 215

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tse peli tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa October 15 le Tsoha! ea November 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8. Pontšong ka ’ngoe, limakasine tsena li lokela ho tsamaisoa li le peli le hoja ho buelloa e le ’ngoe. Pontšong e ’ngoe, bontša ha ho etsoa leeto la ho boela ho motho ea tselaneng ea limakasine. Rala motheo bakeng sa leeto le latelang ka ho lebisa tlhokomelo lebokoseng la sehlooho se reng “Tokollong ea Rōna e Tlang.”—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 1998, leq. 12, lir. 7-8.

20 mets: “Sebeletsang Jehova ka Thabo.”a (Bohle ba lokela ho tla le kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2002 bakeng sa puisano ena.) Ka mor’a ho tšohla serapa sa 4, bolela hore ka November re tla tsamaisa bukana ea Seo a se Hlokang le buka ea Tsebo. Ka bokhutšoanyane hlahloba e ’ngoe ea linehelano tse kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2002. Ebe u etsa lenaneo la ho ikoetlisa leo ho lona ho etsoang pontšo ea nehelano eo. Khothalletsa bohle ho lokisetsa hantle bakeng sa tšebeletso.

15 mets: “Ho Bokana Hammoho Bakeng sa ho Tlotlisa Jehova.”b Sebelisa lipotso tse lokiselitsoeng. Khothalletsa bohle ho ba teng lenaneong le leng le le leng, ho tloha ka letsatsi la pele ho fihlela ka Sontaha thapama. Totobatsa hore ho hlokahala hore re sebelise seo re ithutang sona ho e-na le ho ba bautloi feela. Ka February ho tla ikhopotsoa lintlha tse khōlō tsa kopano. Khothalletsa bohle ho ngola lintlha.

Pina ea 172 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 20 October

Pina ea 86

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Ka bokhutšoanyane fana ka tlaleho ea phutuho ea tšimo e sa abuoang. Bolela litokisetso tsa ho qetela tse entsoeng bakeng sa mafelo-beke a la 1 le 2 November 2003, ’me u khothalletse bohle ho kopanela.

15 mets: “Tšusumetso ea Livideo Tse Fanang ka Bopaki.” Puisano le bamameli. Ka mor’a ho hlalosa ka bokhutšoanyane mehlala e boletsoeng sehloohong, kōpa bamameli hore ba bolele katleho eo ba bileng le eona ka ho bontša ba bang livideo tsena. Liphutheho tseo ho tsona ho se nang mochine oa video li ka tšohla litlhoko tsa phutheho.

20 mets: “Moaparo o Hlophehileng Hantle o Lebisa Tlhompho ho Molimo.”c E lokela ho fanoa ke moholo. Sebelisa lipotso tse lokiselitsoeng. Lokisetsa hore serapa se seng le se seng se baloe ke mor’abo rōna ea tsebang ho bala hantle.

Pina ea 112 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 27 October

Pina ea 64

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa October. Khothalletsa bohle ho hlahloba lintlha tsa bona tsa lenaneo la letsatsi la kopano e khethehileng ea selemo se fetileng sa tšebeletso ha ba lokisetsa Seboka sa Tšebeletso sa beke e tlang. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 12, lokisetsa hore ho be le lipontšo tse peli tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa November 1 le Tsoha! ea November 8. Pontšong ka ’ngoe, limakasine tsena li lokela ho tsamaisoa li le peli le hoja ho buelloa e le ’ngoe. Pontšong e ’ngoe, bontša tsela ea ho buisana le ea khaoletsang moqoqo ka ho re, “Ha ke thahaselle.”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leq. 16.

20 mets: “Le Hlaphoheloe Likelellong ha Bofelo bo Ntse bo Atamela.”d Ha u tšohla serapa sa 3-4, kōpa bamameli hore ba bolele hore na ke lipakane life tsa moea tseo ba li hahamallang hona joale. Akarelletsa litlhaloso tse leqepheng la 176 la buka ea Rapela Molimo.

15 mets: “E-ba Mohlala Mesebetsing e Metle.”e Sebelisa lipotso tse lokiselitsoeng. Totobatsa tlhokahalo ea ho khomarela litokisetso tsa marobalo tse entsoeng molemong oa rōna. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore e mong le e mong oa rōna a itšoare hantle.

Pina ea 52 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 3 November

Pina ea 147

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo.

10 mets: Litlhoko tsa phutheho.

25 mets: Ruang Mesebetsing e Metle. (1 Tim. 6:18) A sebelisa lipotso tse thathamisitsoeng mona, moholo o buisana le bamameli ka lenaneo la letsatsi la kopano e khethehileng e neng e tšoeroe selemong sa tšebeletso se fetileng. Kōpa phutheho ho bolela kamoo e ’nileng ea sebelisa seo e ithutileng sona kateng. (Bahoeletsi ba ka abeloa likarolo tse itseng esale pele.) Totobatsa lipuo tsena tse latelang: (1) “Mesebetsi e Metle e Ruisa Haholo.” (Moek. 2:11) Ke hobane’ng ha bahlanka ba Molimo ba phehella mesebetsi e metle e boletsoeng Lentsoeng la Molimo ho e-na le ho phehella mesebetsi ea lefeela ea lefatše? (2) “E-bang ba Ruileng Ponong ea Molimo.” (Mat. 6:20) Ke ka tsela efe ba bang ba ‘ipoloketseng matlotlo leholimong,’ ’me ba ruile melemo efe? (3) “Entša Tšebeletso ea Hao ka Thuto ea Bibele.” (om-SU leq. 91) Ke eng e ka re thusang ho qalisa le ho khanna lithuto tsa Bibele? (4) “Mesebetsi e Metle Nakong Ena ea Kotulo.” (Mat. 13:37-39) Bakreste ba pele ba behile mohlala ofe oa mesebetsi e metle, ’me mosebetsi oa ’Muso o atolohile ka tsela efe mehleng ea rōna? (5) “Mesebetsi ea Lōna e Metle e ke e Tlotlise Jehova.” (Mat. 5:14-16) Ke ka tsela efe ba bang ba ’nileng ba etsa hore ‘leseli la bona le khanye’? (6) “Ho Babatsa Bacha ka Mesebetsi e Metle e Rorisang Jehova.” (Pes. 148:12, 13) Bacha ba Bakreste ba potolohong ea rōna ba rorisa Jehova joang? (7) “Tsoela Pele ka Mesebetsi e Metle ’me U Kotule Litlhohonolofatso Tsa Jehova.” (Liprov. 10:22) Ha re ntse re tšoarehile mesebetsing e metle, re ka rua litlhohonolofatso life re le batho ka bomong, re le malapa, re le phutheho le ha re le mokhatlo o hlophisitsoeng oa lefatšeng ka bophara?

Pina ea 180 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

e Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela