E Boloke
Linehelano Tse ka Sebelisoang ha ho Tsamaisoa Libukana
Kenyelletsong ena ho fanoe ka litlhahiso tse sa tšoaneng e le mohlala ho u thusa ho lokisetsa linehelano tsa ho tsamaisa libukana. Li ka lumellanngoa le maemo a sebakeng ka seng. Ho ka sebelisoa le linehelano tse ling. Ho ka lokisetsoa linehelano tsa libukana tse sa tšohloang kenyelletsong ena ho sebelisoa litlhahiso tse latelang tse fanoeng e le mohlala.—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2005, leq. 8.
Nehelano ka ’ngoe e leqepheng lena e akarelletsa (1) potso e fatang maikutlo bakeng sa ho qalisa moqoqo, (2) mohloli oa boitsebiso oo lintlha tse thahasellisang li fumanehang ho oona bukaneng le (3) lengolo le loketseng le ka baloang nakong ea puisano. U ka qetella nehelano ka mantsoe a hao ho latela karabelo ea motho eo.
Buka ea Batho Bohle
“Na u nahana hore Bibele e na le keletso e sebetsang mehleng ea rōna?”—leq. 22, selelekela; leq. 23, ser. 3 lebokoseng; Liprov. 25:11.
Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!
“Batho ba bangata ba nahana hore ba lokela ho ea leholimong e le hore ba fumane bophelo bo sa feleng, empa u nahana’ng ka ho phela ka ho sa feleng lefatšeng?”—Setšoantšo se sekoahelong; Tšen. 21:4.
Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
“Batho ba na le maikutlo a sa tšoaneng ka seo Molimo a hlileng a leng sona. Na u nahana hoa tsotelleha hore re lumela eng?”—leq. 3, lir. 3, 7-8; Joh. 17:3.
Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng
“Bongata ba rōna re tseba thapelo eo mantsoe a eona a qalang a reng ‘Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.’ (Mat. 6:9) Empa na u ne u tseba hore poloko ea rōna e itšetlehile ka ho tseba lebitso leo?”—leq. 28, ser. 1; Bar. 10:13.
’Muso O Tla Tlisa Paradeise
“Batho ba bangata ba labalabela tharollo ea mathata ao re talimanang le ’ona kajeno. Na u nahana hore ho tla ke ho be le ’muso o ka rarollang mathata aa?”—leq. 3, ser. 1; Mat. 6:9, 10.
Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
“Ha batho bao re ba ratang ba e-shoa, ke ha tlhaho ho ipotsa hore na ba hokae le hore na re tla ke re ba bone hape. Na u kile ua ipotsa lipotso tse joaloka eo?”—Lipotso tse leqepheng la ho qetela; Jobo 14:14, 15.
Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa
“Kajeno re bontša batho bukana ena e faneng ka khothatso le tšepo ho batho ba limilione ba shoetsoeng ke baratuoa. Na u kile ua ipotsa hore na bafu ba na le tšepo efe?”—leq. 27, ser. 3; Joh. 5:28, 29.
“Na u kile ua ipotsa hore na u ka khothatsa motho ea shoetsoeng ke moratuoa joang?”—leq. 20, ser. 1; Liprov. 17:17.
Litlhahiso Tse ka Sebelisoang ha ho Buelloa Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
Ka mor’a ho bua ka ketsahalo e bohloko e hlahileng litabeng, u ka ’na ua re:
“Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella hore batho ba utloe bohloko haeba o hlile oa re tsotella? [Emela karabo.] Bukana ena e fana ka karabo e khotsofatsang potsong eo ’me e bontša seo Molimo a tla se etsa haufinyane. [Mo bontše litšoantšo tse leqepheng la 27, ’me u bale Pesaleme ea 145:16 serapeng sa 22.] Molimo o tla felisa mahlomola ’ohle a batho joang? Nka rata hore re tšohle potso eo leetong la ka le latelang.” Tsamaisa bukana, ’me u lokisetse ho khutla.
Leetong la ho boela, u ka re:
“Nakong e fetileng ha ke ne ke u etetse, re ile ra bala lengolo lena. [Bala Pesaleme ea 145:16 kapa u e qotse.] Eaba ke botsa potso ena: Molimo o tla felisa mahlomola ’ohle a batho joang?” Mo kōpe hore a tle le bukana ea hae. Ebe u phetla leqepheng la 27-8, ’me le hlahlobe serapa sa 23-5. Buella thuto ea Bibele, kapa u lokisetse hore le hlahlobe serapa sa 26-7 leetong le latelang.
Mohoeletsi e mocha lilemong a ka re:
“Boholo ba lithaka tsa ka bo amehile ka hore na lefatše le tla ba joang lilemong tse 10 kapa 15 tse tlang. U nahana hore bophelo bo tla ba joang ka nako eo? [Emela karabo.] Mathata ao re a bonang kajeno a bontša hore re phela matsatsing a ho qetela. [Bala 2 Timothea 3:1-3.] Bukana ena e fana ka likarabo tsa lipotso tse latelang. [Bala lipotso tse sekoahelong, ’me u tsamaise bukana.] Ha ke khutla, haeba u e-na le metsotso e seng mekae, nka rata ho u bolella taba e khothatsang mabapi le ho fela ha ho kula le botsofali.” Lokisetsa ho khutla.
Ha u khutlela, u ka re:
“Nakong e fetileng ha ke ne ke buisana le uena, ke ile ka bolela hore nka rata ho u bolella taba e mabapi le ho fela ha ho kula le botsofali. Ntlha eo e fumanoa mona.” Mo kōpe hore a tle le bukana ea hae. Ebe le bala le ho hlahloba serapa sa 6-7 leqepheng la 23-4. Lokisetsa hore le hlahlobe serapa sa 8-9 leetong le latelang.
Ha motho e moholo a sebetsa le ngoana, a ka bolela mabitso a bona ka bobeli eaba o re:
“Haeba u mo lumella, ________ a ka rata ho u balla lengolo. [Ngoana o bala Pesaleme ea 37:29 ’me o e hlalosa hakhutšoanyane.] Bukana ena e bontša kamoo Molimo a tla phethahatsa morero oa hae bakeng sa moloko oa batho le lefatše. [Mo bontše litšoantšo tse leqepheng la 24-7.] Ha re khutla, nka rata ho u bontša tšepiso ea Bibele e hlollang ea tsoho.” Tsamaisa bukana, ’me u etse litokisetso tsa ho khutla.
Leetong la ho boela, motho e moholo a ka re:
“Nakong e fetileng ha ke ne ke u etetse, re ile ra bala Pesaleme ea 37:29, ’me ka re nka rata ho u bontša se boleloang ke Bibele ka tsoho. Hlokomela se boletsoeng mona.” Mo kōpe hore a tle le bukana ea hae. Ebe le hlahloba serapa sa 12-14 leqepheng la 24-5. Buella thuto ea Bibele, kapa u lokisetse hore le hlahlobe serapa sa 15-16 leetong le latelang.
Litlhahiso Tse ka Sebelisoang ha ho Buelloa Morero oa Bophelo ke Eng?—U ka o Fumana Joang?
Ka mor’a ho lumelisa mong’a ntlo, u ka re:
“Kajeno bophelo bo tletse mathata le masoabi a ke keng a qojoa. Na u nahana hore bophelo bo ne bo lokela ho ba tjee? [Emela karabo.] Bukana ena e bontša hore morero oa Molimo oa tšimolohong bakeng sa moloko oa batho le lefatše o sa ntse o tla phethahala. [Hlahloba setšoantšo se leqepheng la 20-1. Ebe u bala serapa sa 9, u totobatse Esaia 14:24 le 46:11.] Nakong e tlang ha ke e-tla, nka rata ho u bontša moo Bibele e buang ka hore Molimo o tla tsosolosa Paradeise lefatšeng.” Tsamaisa bukana, ’me u lokisetse ho khutla.
Ha u khutlela, u ka re:
“Nakong e fetileng ke ile ka bolela hore morero oa Molimo ke hore batho ba phele ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. [Mo bontše setšoantšo se leqepheng la 20-1 hape.] Hlokomela hore Jesu, Petrose le Davida ba ile ba bua ka Paradeise.” Mo kōpe hore a tle le bukana ea hae. Ebe u phetla leqepheng la 21-2, ’me le hlahlobe serapa sa 10-13. Buella thuto ea Bibele, kapa u lokisetse hore le hlahlobe sehloohoana se seng ho tse leqepheng la 29-30 leetong le latelang.
Mohoeletsi e mocha lilemong a ka re:
“Boholo ba lithaka tsa ka ha boa kholiseha ka nako e tlang. Na u nahana hore bophelo ba moloko o tlang bo tla ba molemo? [Emela karabo.] Bibele e bua ka bokamoso bo khanyang bakeng sa moloko oohle oa batho. [Phetla leqephe la 31 la bukana moo ho nang le setšoantšo, ’me u bale mantsoe a se hlalosang. Ebe u bala 2 Petrose 3:13.] Bukana ena e fana ka boitsebiso mabapi le mahlohonolo ao Molimo a a boloketseng moloko oa batho. [Totobatsa lihloohoana tse mongolo o motenya leqepheng la 29-30, ebe u tsamaisa bukana.] Nka rata ho eta hape ’me ke u bolelle ka tšepiso ea Molimo ea ho felisa lintoa tsohle.” Lokisetsa ho khutla.
Ha u khutlela, u ka re:
“Nakong e fetileng ha ke ne ke u etetse, ka bokhutšoanyane ke ile ka bua ka morero oa Molimo oa ho tsosolosa lefatše la paradeise. [Bua ka setšoantšo se leqepheng la 31 hape.] Nka rata ho utloa maikutlo a hao ka tšepiso ea Molimo ea ho felisa lintoa tsohle.” Mo kōpe hore a tle le bukana ea hae. Ebe le bala le ho hlalosa serapa sa 3-6 leqepheng la 29. Lokisetsa hore le hlahlobe serapa sa 7-8 leetong le latelang.
Ha motho e moholo a sebetsa le ngoana, a ka bolela mabitso a bona ka bobeli ’me a re:
“Haeba u mo lumella, ________ a ka rata ho u bontša setšoantšo le ho bala temana e le ’ngoe Bibeleng. [Ngoana o bontša mong’a ntlo setšoantšo se leqepheng la 31 ’me o bala mantsoe a se hlalosang a ntan’o bala Tšenolo 21:4.] Bukana ena e hlalosa seo Molimo a tla se etsa ka mathata ao re talimaneng le ’ona kajeno. [Hakhutšoanyane feela totobatsa lihloohoana tse mongolo o motenya leqepheng la 29-30, ebe u tsamaisa bukana.] Ha re khutla, nka rata ho u bontša seo Bibele e se buang ka ho fela ha ho kula.”
Leetong la ho boela, motho e moholo a ka re:
“Nakong e fetileng ha re ne re buisana, ke ile ka bontša hore nka rata ho u bontša seo Bibele e se buang ka ho fela ha ho kula hohle. Hlokomela se ngotsoeng mona.” Mo kōpe hore a tle le bukana ea hae. Ebe le hlahloba serapa sa 9-14 leqepheng la 29. Buella thuto ea Bibele, kapa u lokisetse hore le hlahlobe serapa sa 15-17 leetong le latelang.
Libukana Tsa Batho ba Malumeli ao e Seng a Bokreste
Lasting Peace and Happiness—How to Find Them
Ha u pakela moithuti oa Lechaena, u ka re:
“Ke hlokometse hore baithuti bohle ba batla khotso le thabo. Na u nahana see ke sa bohlokoa? [Emela karabo.] Na e ne e ke ke ea e-ba ho babatsehang ho bona mantsoe aa a boholo-holo a phethahala?” Bala Pesaleme ea 37:11, ’me u tsamaise bukana.—km-SU 2/98 leq. 5.
“Bonang! Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha”
Ha u buisana le Mobuddha ea hōlileng u ka re:
“Mohlomong u amehile joaloka ’na ka likhopolo tse ngata tse hlephisang boitšoaro le phello ea tsona baneng ba rōna. Ke hobane’ng ha boitšoaro bo bobe bo atile hakaale bacheng? [Emela karabo.] Na u ne u tseba hore see se boletsoe esale pele bukeng e qalileng ho ngoloa khale pele ho thehoa Bomosleme, Bokreste le Bohindu? [Bala 2 Timothea 3:1-3.] Hlokomela hore maemo ana aa ata ho sa tsotellehe thuto e sa khaotseng. [Bala temana ea 7.] Sengoliloeng sena se ile sa nthusa ho utloisisa ’nete eo ho seng mohla batho ba bangata ba ithutang eona. Na u ka rata ho se bala?”—km-SU 2/98 leq. 5 lir. 17-20.
Our Problems—Who Will Help Us Solve Them?
Ha u bua le Mohindu e mocha lilemong, u ka re:
“Ha ho pelaelo hore u lumela ho Molimo. U nahana hore morero oa Molimo ke ofe ka rōna? [Emela karabo. Ebe u bala Genese 1:28.] Libakeng tse ngata, lefatše le na le baahi ba bangata haholo ’me le tletse mathata. Na u nahana hore ’Mōpi a ka rata ho re thusa ho rarolla mathata a rōna?” Emela karabo. Ebe u tsamaisa bukana.—km 9/99 leq. 8.
The Guidance of God—Our Way to Paradise
Ha u bua le Momosleme, u ka re:
“Ke etsa boiteko bo khethehileng ba ho bua le Mamosleme. Ke elelloa hore Mamosleme a lumela ho Molimo a le mong feela oa ’nete le ho baprofeta bohle. Na ha ho joalo? [Emela karabo.] Nka rata ho buisana le uena ka boprofeta ba boholo-holo bo bolelang esale pele ka ho fetoloa ha lefatše paradeise. Na nka u balla seo moprofeta a se ngotseng? [Emela karabo. Ebe u bala Esaia 11:6-9.] Boprofeta bona bo etsa hore ke nahane ka taba e qotsitsoeng ho Koran e fumanoang bukaneng ena.” Phetla leqepheng la 9, ’me u bale taba e qotsitsoeng e mongolo o motenya. Haeba a bontša thahasello, ntšetsa moqoqo pele ka ho tšohla serapa sa 7-9 leqepheng le latelang.—km 11/99 leq. 8.
Why Should We Worship God in Love and Truth?
Nehelano ena e ka ’na ea ipiletsa ho Mohindu ea nang le lelapa:
“Ke etela batho ba amehileng ka boemo ba bophelo ba lelapa linaheng tse ngata kajeno. U nahana hore ke’ng se tla momahanya lelapa? [Emela karabo.] Batho ba bang ba tseba seo mangolo a Sehindu a se buang ka lelapa, empa ha ho mohla ba kileng ba e-ba le monyetla oa ho bapisa sena le seo Bibele e se buang ka taba ena. Nka rata ho u balla sena. [Bala Bakolose 3:12-14.] Bukana ena e hlahloba mangolo a halalelang a India le a Bibele.” Tsamaisa bukana, ’me u totobatse leqephe la 8-9 le la 20-1.—km 9/99 leq. 8.
Will There Ever Be a World Without War?
Ha u pakela Mojuda, u ka re:
“Bongata ba rōna re kile ra shoeloa ke baratuoa. U nahana hore ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa?” Emela karabo. Ebe u buella lebokose leo sehlooho sa lona se reng, “Death and the Soul—What Are They?” le leqepheng la 22 la bukana. Bala serapa sa 17 leqepheng la 23 mabapi le tsoho. Bolela hore mopatriareka Jobo o ne a e-na le tšepo ea tsoho. Tsamaisa bukana, ’me u lokisetse ho khutla ka morero oa ho tšohla mangolo a qetellong ea serapa sa 17.—km 10/99 leq. 8.