Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 12 September
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa September 15 le Tsoha! ea October 8, ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8 (haeba li loketse tšimong ea lōna). Ho ka sebelisoa linehelano tse ling tse sebetsang. Lokisetsa hore nehelano e ’ngoe e etsoe ke moholo ’me e ’ngoe e etsoe ke mocha. Ka mor’a pontšo ka ’ngoe, totobatsa likarolo tse molemo tsa eona.
20 mets: “Sebelisa Nako ea Hao ka Bohlale.”a Kōpa bamameli ho bolela kamoo ba iketsetsang kemiso ea ho bala Bibele letsatsi le letsatsi. Khothalletsa malapa le batho ka bomong ho sebelisa kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea May 2005 bakeng sa ho hlophisa mesebetsi ea moea.
15 mets: “Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele.”b Puisano le bamameli e thehiloeng karolong ea 1 le ea 2 ea kenyelletso. Ho ka hlahlojoa le Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea August 2004 leqepheng la 1. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho lokisetsa hantle lekhetlo ka leng ha u khanna thuto ea Bibele? See se akarelletsa’ng? Kōpa bamameli hore ba bolele kamoo ba sebelisitseng litlhahiso tse fanoeng. Phethela ka ho bua ka lebokose le holimo leqepheng la pele la kenyelletso.
Pina ea 110 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 19 September
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba lintlha tse khōlō tsa lengolo le tsoang lekaleng, le hlahang leqepheng la pele la Tšebeletso ena ea Rōna ea ’Muso.
20 mets: Re Sebelitse Joang Selemong se Fetileng? Molebeli oa tšebeletso o hlahloba tlaleho ea selemo sa tšebeletso se fetileng, o totobatsa likarolo tseo ho tsona phutheho e sebelitseng hantle tšebeletsong. E babatse ha ho loketse. Bua ka karolo e le ’ngoe kapa tse peli tseo phutheho e ka li elang hloko selemong sena. Bua ka mosebetsi oa bo-pula-maliboho, u ba babatse ka mosebetsi oa bona o motle. Bolela lintho tse molemo tse ileng tsa finyelloa ka lebaka la boiteko ba ho thusa ba sa kopaneleng tšebeletsong.
15 mets: “Le ’ne le Hahane.”c Kōpa bamameli ho bolela kamoo ba ruileng molemo kateng kamehong e lerato eo ba bang ba ba bontšitseng eona.
Pina ea 199 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 26 September
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa September. Molebeli oa tšebeletso o lokela ho bua ka litokisetso tsa ho qetela tsa tšimo e sa abuoang. Kaha October ke khoeli ea ho qetela ea phutuho ea tšimo e sa abuoang, khothalletsa bohle ho kopanela ka botlalo.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
20 mets: Ho Bolela Litaba Tse Molemo ka Limakasine. Ka October re tla be re tsamaisa Molula-Qhooa le Tsoha! Kenyelletsong ea puo, tšohla litlhahiso tse latelang tse Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea April 2005, leqepheng la 4, serapeng sa 3-6: (1) Tsamaisa limakasine ka bobeli. (2) Behella ka thōko letsatsi le le leng beke ka ’ngoe bakeng sa ho kopanela mosebetsing oa limakasine. (3) Khoeli le khoeli ipehele pakane ea limakasine tseo u tla li tsamaisa. (4) Sebelisa hamolemo monyetla o mong le o mong o loketseng hore u tsamaise limakasine. (5) Sebelisa limakasine tsa khale hamolemo. Bontša kamoo litlhahiso tsena li sebetsang kateng phuthehong. Ebe u lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa October 1 le Tsoha! ea October 8, ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8 la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea khoeling ena (haeba li loketse tšimong ea lōna). Ho ka sebelisoa linehelano tse ling tse sebetsang. Ho phaella moo, totobatsa lihlooho tse ling tse ka hare tse ka ’nang tsa ipiletsa ho batho ba tšimong ea phutheho, ’me u lokisetse hore ho be le pontšo e buellang sehlooho se seng ho tsona. Ka mor’a pontšo ka ’ngoe, totobatsa likarolo tse molemo tsa eona.
Pina ea 3 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 3 October
5 mets: Litsebiso tsa phutheho.
20 mets: “Thusa ba Bang Hore ba ‘Mamele ho Tloha Pelong.’”d Ha nako e lumela, kōpa bamameli hore ba hlalose mangolo a sa qotsoang.
20 mets: Ho Thabisa Pelo ea Jehova. (Liprov. 27:11) Buisana le bahlanka ba Jehova ba babeli kapa ba bararo ba tšepahetseng ka nako e telele. Kōpa hore e mong le e mong a phete ntho e le ’ngoe kapa tse peli tse mo thusitseng ho tsoela pele ho mamela Jehova. Lintho tse ling tseo ho ka ’nang ha buuoa ka tsona ke ho khothalla ho etsa thuto ea botho ea Bibele, ho ba teng kamehla libokeng, ho kopanela le ba bang ba tšepahalang, ho kopanela tšebeletsong ea tšimo ka pelo eohle, thapelo e tlohang pelong le ho qoba boithabiso bo litšila. Ke liteko life tse ba sitisang ho mamela tseo ba ileng ba talimana le tsona, hona ba ile ba sebetsana le tsona ka katleho joang? Ba hlohonolofalitsoe joang ka lebaka la ho mamela?
Pina ea 170 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.