Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/06 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 13 February
  • Beke e Qalang ka la 20 February
  • Beke e Qalang ka la 27 February
  • Beke e Qalang ka la 6 March
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
km 2/06 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 13 February

Pina ea 121

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, etsa pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa February 15 le Tsoha! ea February. Pontšo e ’ngoe e be ea mohoeletsi ea pakang sebakeng sa sechaba.

10 mets: Na U Tsamaisana le Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova? Puo e thehiloeng bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, leqepheng la 7-10.

25 mets: “Bontša Batho ‘Leseli la Lefatše.’”a E fanoe ke molebeli oa tšebeletso. Bolela mabitso a ba ngoliselitseng bopula-maliboho bo thusang. Bolela liboka tse eketsehileng tsa tšebeletso ea tšimo tse lokiselitsoeng. Bua le ka likemiso tsa bopula-maliboho bo thusang tse fanoeng e le mohlala leqepheng la 5 la kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February 2005.

Pina ea 224 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 20 February

Pina ea 89

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Litaba Tsa Puso ea Molimo.

15 mets: “Batla Menyetla ea ho Paka.”b E-re mohoeletsi ea nang le maemo a boima a hlalose hore na o khonne joang ho batla menyetla ea ho paka.

20 mets: “Thuso e Fumanoang Hang-hang.”c E fanoe ke moholo. Bua hakhutšoanyane ka Lebokose la Lipotso la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea November 1998 le ea November 2000.

Pina ea 1 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 27 February

Pina ea 20

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa February. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, etsa pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa March 1 kapa Tsoha! ea March.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: “Tsela ea ho Sireletsa Bana ba Hao ka Bohlale ba Bomolimo.” Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa January 1, 2005, leqepheng la 23-6. E lokela ho fanoa ke moholo eo ho ka bang molemo ha e le hlooho ea lelapa. Bontša kamoo boitsebiso bo sebetsang kateng phuthehong, u babatse batsoali ka boiteko boo ba bo etsang ba sa khathale ba ho sebelisa litaelo tse fanoeng ka Bibeleng le ka har’a lingoliloeng tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng tse buang ka ho koetlisa bana.

Pina ea 148 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 6 March

Pina ea 51

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Kaha ho bonolo hore motho a tsamaee a nkile lipampitšana ’me lia ipiletsa, li ka sebelisoa hamolemo ho qalisa moqoqo ha re le tšebeletsong ea ntlo le ntlo, ha re paka libakeng tsa sechaba, le ha re fana ka bopaki bo sa reroang. Etsa pontšo ea kamoo ho ka qalisoang moqoqo kateng ho sebelisoa e ’ngoe ea lipampitšana tse ngata tse lefapheng la libuka. Totobatsa le leng la mangolo a qotsitsoeng pampitšaneng.

15 mets: “Bontša Hore U Thahasella ba Bang—Ka ho Lokisetsa.”d Kopanyelletsa le pontšo e khutšoanyane e bontšang bahoeletsi ba babeli ba lokisetsang ho tsamaisa buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo. Ba khetha nehelano kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2005 ’me ba tšohla kamoo ba ka e behang ka mantsoe a bona kateng le ho etsa hore e sebetse tšimong ea phutheho. Pontšo eo e fela ha ba le mothating oa ho ikoetlisetsa ho fana ka nehelano eo ka lentsoe la phahameng.

20 mets: “Sebelisa Livideo Tse Rutang.”e Ha u tšohla video ka ’ngoe e boletsoeng sehloohong sena, bontša bamameli sekoahelo sa eona ’me u qotse mantsoe a eona a makhutšoanyane a hlalosang hore na e bua ka eng. E-re bahoeletsi ba phete liphihlelo tseo ba bileng le tsona ha ba ntse ba sebelisa livideo tšebeletsong ea bona.—Bona Buka ea Selemo ea 1997, leq. 54, le Buka ea Selemo ea 1995 ea Senyesemane, maq. 50-1.

Pina ea 68 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

e Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela