Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/06 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 10 April
  • Beke e Qalang ka la 17 April
  • Beke e Qalang ka la 24 April
  • Beke e Qalang ka la 1 May
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
km 4/06 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 10 April

Pina ea 49

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa April 15 le Tsoha! ea April kateng. Pontšong e ’ngoe, e-re mohoeletsi a nehelane le ka buka ea Seo Bibele e se Rutang ho mong’a ntlo ea amohelang limakasine ’me a thahasella molaetsa oa Bibele haholo.

15 mets: “Seo Bibele e se Rutang—Ke Buka ea Rōna e ka Sehloohong e Sebelisoang Lithutong Tsa Bibele.”a Khothalletsa bahoeletsi ho chesehela ho qalisa lithuto tsa Bibele ka buka ena e ncha. Kōpa bamameli hore ba bolele maikutlo a bona ka buka ena e ncha ’me ba phete liphihlelo tse thahasellisang tseo ba bileng le tsona ha ba e sebelisa.

20 mets: “Na U ka Feto-fetola Kemiso ea Hao?”b Bontša kamoo boitsebiso bona bo sebetsang kateng phuthehong. Bua ka litokisetso leha e le life tseo phutheho e li entseng bakeng sa bopaki ba mantsiboea.

Pina ea 13 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 17 April

Pina ea 104

15 mets:  Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Bolela ka ho hlaka hore na phutheho e entse litokisetso life bakeng sa puo ea phatlalatsa e khethehileng. Khothalletsa bohle ho tsoela pele ba sebelisa leqephe la 32 la Molula-Qhooa oa April 1 ha ba mema batho ba bileng teng Sehopotsong, liithuti tsa Bibele le batho ba bang ba thahasellang. Ka bokhutšoanyane pheta liphihlelo tse peli kapa tse tharo tse amanang le ho sebelisa Molula-Qhooa ona bakeng sa ho memela batho puong ea phatlalatsa e khethehileng.

30 mets: “Khanna Lithuto Tse Hatelang Pele U Eme Monyako le ka Thelefono.”c Kopanyelletsa le pontšo e khutšoanyane e bontšang hore na mohoeletsi a ka re’ng ha a kōpa hore thuto e neng e khanneloa monyako e khanneloe ka tlung.

Pina ea 162 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 24 April

Pina ea 66

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Ka May re tla ’ne re tsamaise Molula-Qhooa le Tsoha! U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimong ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa May 1 le Tsoha! ea May kateng. Ka mor’a lipontšo, totobatsa lihlooho tse ling tse ka ’nang tsa khahla batho tšimong ea phutheho.

15 mets: “Kamoo re ka Lulang re Cheseha Kateng.”d Kenyelletsa litlhaloso tse tsoang Molula-Qhooeng oa June 15, 2002, leqepheng la 14, serapeng sa 13.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

Pina ea 191 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 1 May

Pina ea 211

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa April. Tšohla lebokose le leqepheng la 7, le nang le sehlooho se reng “Na U Kōpa Liithuti ho U fa Mabitso a ba Bang ba ka Ratang ho Ithuta?”

15 mets: “Bontša Hore U Thahasella Batho ba Bang—Ka ho ba Sheba Mahlong.”e Kenyelletsa pontšo e khutšoanyane eo ho eona mohoeletsi a shebang motho mahlong a le sebakeng sa sechaba, e be o qalisa moqoqo le ho mo pakela.

20 mets: Thuisa ka Mosebetsi oa Jehova. (Pes. 77:12) Puo le puisano le bamameli e thehiloeng Bukeng ea Selemo ea 2006. Hlahloba lintlha tse khothatsang tse lengolong le tsoang ho Sehlopha se Busang. (maq. 3-5) Tšohla boitsebiso bo tlas’a sehloohoana se reng “Phetolelo ea Bibele.” (maq. 10-11) Bua ka lintlha-khōlō tse ling le liphihlelo tsa selemong se fetileng. (maq. 6-64) Kōpa bamameli hore ba bue ka lintlha tseo ba li ratileng ha ba ntse ba bala Buka ea Selemo ea 2006. Khothalletsa bohle hore ba e sebelise ha ba thusa liithuti tsa Bibele ho ananela mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova.

Pina ea 82 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

e Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela