Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 26 June, 2006. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 1 May ho ea ho la 26 June, 2006. [Tlhokomeliso: Moo ho sa bontšoang mohloli oa boitsebiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]
LITŠOBOTSI TSA PUO
1. Ho feto-fetoha ha molumo oa lentsoe ke eng, ’me ke hobane’ng ha e le habohlokoa? [La 1 May, be-SU leq. 111, mabokose]
2. Re ka fetola lebelo joang ha re fana ka puo? [La 8 May, be-SU leq. 112 lir. 3-6, lebokose]
3. Re ka hlaolela cheseho joang bakeng sa taba eo re buang ka eona, hona ke hobane’ng ha ntlha ee e le ea bohlokoa? [La 22 May, be-SU leq. 115 ser. 1–leq. 116 ser. 2, mabokose]
4. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re be le mofuthu ha re ruta ba bang, hona re ka thusoa ke eng ho o bontša? [La 5 June, be-SU leq. 118 ser. 2–leq. 119 ser. 5]
5. Hlalosa hore na boitšisinyo le ponahalo ea sefahleho ke tsa bohlokoa hakae ha re buisana le batho. (Mat. 12:48, 49) [La 19 June, be-SU leq. 121, mabokose]
PUO EA 1
6. Buka ea Jobo e phahamisa Jehova joang le litekanyetso tsa hae tse lokileng bakeng sa ho phela? [La 1 May, si-SU leq. 100 lir. 39, 41]
7. Ke eng se pakang bonnete ba Lipesaleme? [La 15 May, si-SU leq. 102 lir. 10-11]
8. Ha Liproverbia 13:16 e bua ka motho ea masene, na e bolela motho ea bolotsana? Hlalosa. [La 22 May, w04-SU 7/15 leq. 28 lir. 3-4]
9. Moea o halalelang ke mothusi ka tsela efe, ’me ho tseba see ho lokela ho re khothalletsa ho etsa eng? (Joh. 14:25, 26) [La 12 June, be-SU leq. 19 lir. 2-3]
10. Jesu o tla ka kutloisiso efe e akaretsang, ’me o ne a bua ka “ho tla” hofe tlalehong e ho Matheu 16:28? [La 19 June, w04-SU 3/1 leq. 16 lebokose]
’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE
11. Re ka ithuta eng karabelong ea Jobo ho Jehova lengolong la Jobo 42:1-6?
12. “Ntho ea lefeela” eo lichaba li ’nileng tsa honotha ka eona ke eng? (Pes. 2:1, 2)
13. Ke metheo efe e qhaqhoang? (Pes. 11:3)
14. Motho ea ikhohomosang o ‘putsoa ka mokhoa o fetisisang joang’? (Pes. 31:23)
15. Re ka fumana matšeliso afe Pesalemeng ea 40 a ka re thusang ho sebetsana ka katleho le ho se phethahale ha boetsalibe le litlokotsi tse sa tšoaneng tsa tsamaiso ee ea lintho? (Pes. 40:1, 2, 5, 12)