Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka June: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Etsa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele. July le August: Bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang: Le Lule le Lebetse!, Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, le Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? September: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
◼ Kaha July e na le Meqebelo e mehlano le Lisontaha tse hlano, e ka ba khoeli e ntlehali ea ho ba pula-maliboho ea thusang.
◼ Sebokeng sa Tšebeletso ka September, ho tla tšohloa video ea Young People Ask—How Can I Make Real Friends? Haeba ho hlokahala, itlhahaneleng ’me le odare livideo tsena ka phutheho.
◼ Ho khothalletsoa hore foromo ea Kōpo ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho ba Kamehla (S-205) e romeloe ofising ea lekala bonyane matsatsi a 30 pele ho letsatsi leo motho a kōpang ho qala ka lona. Mongoli oa phutheho o lokela ho hlahloba foromo eo ho tiisa hore e tlatsitsoe kaofela. Haeba batho ba kōpang ho bula maliboho ba sa hopole hantle letsatsi leo ba kolobelitsoeng ka lona, ba lokela ho hakanyetsa letsatsi ’me ba le ngole kae-kae. Mongoli o lokela ho ngola letsatsi lena kareteng ea Tlaleho ea Mohoeletsi ea Phutheho (S-21).
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara liforomo tse lekaneng bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 2007 ha li odara lingoliloeng ka July. Lintho tse latelang ha lia lokela ho odaroa kaha li tla kenngoa setokong sa selemo sa liforomo tsa phutheho: Tlaleho ea Phutheho (S-1), Lienfelopo Tsa Tlaleho ea Tšimo (rce), Foromo ea ho Romella Monehelo (S-20), Tlaleho ea Tlhahlobo ea Liak’haonte Tsa Phutheho (S-25), Leqephe la Liak’haonte (S-26) le Tlaleho ea Liak’haonte Tsa Phutheho ea Khoeli le Khoeli (S-30). Re kōpa hore le sebelise liforomo tsohle ka bohlale ’me le li sebelisetse morero oa tsona feela.
◼ Li-Compact Disc Tse Ncha Tse Fumanehang:
Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele—Senyesemane
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela—Senyesemane
◼ Li-DVD Tse Ncha Tse Fumanehang:
Pursue Goals That Honor God—Puo ea Matsoho ea Amerika