Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 14 August
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tšohla sehlooho se reng “Lenaneo le Lecha la Kopano e Khethehileng ea Letsatsi le le Leng.” Bolela letsatsi le latelang la kopano e khethehileng ea letsatsi le le leng haeba le se le tsejoa. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa August 15 le Tsoha! ea August e ka tsamaisoang kateng. Pontšo e ’ngoe e bontše tsela ea ho araba motho ea batlang ho khaoletsa moqoqo ka ho re “Ha ke thahaselle Lipaki Tsa Jehova.”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, maq. 17-18.
15 mets: “Tsoha! e Khethehileng e Tla Tsamaisoa ka September.”a Ha u tšohla serapa sa 4, lokisetsa hore ho be le pontšo e khutšoanyane ea mocha ea tsamaisetsang tichere Tsoha! ea September.
15 mets: Bana Bao U Kenang Sekolo le Bona—U Lokela ho Tloaelana le Bona ho Fella Hokae? Puo le puisano le bamameli e thehiloeng Tsoheng! ea April 2006 leqepheng la 17-19. Kōpa bamameli ba hōletseng malapeng a Bokreste hore ba bolele seo batsoali ba bona ba ileng ba se etsa ho ba hlomella ho talimana le mathata le ho sebelisa melao-motheo ea Bibele sekolong. Ho ka lokisetsoa tlhaloso e le ’ngoe kapa tse peli esale pele.
Pina ea 164 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 21 August
15 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Tšohla sehlooho se reng “Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho,” ’me u bolele letsatsi le latelang la kopano ea potoloho haeba le se le tsejoa. Bolela tsoelo-pele e entsoeng tšimong e sa abuoang. Tsebisa phutheho ka litokisetso tsa September. Buisana le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba seng ba atlehile ka tsela e itseng.
15 mets: Ho Rua Molemo Thutong ea Molula-Qhooa le Sebokeng sa Phatlalatsa. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, leqepheng la 59 ho ea sehloohoaneng se leqepheng la 64.
15 mets: “Phutuho ea Lefatše Lohle ea ho Phatlalatsa Kopano ea Setereke ea ‘Topollo e Atametse!’”b Etsa bonnete ba hore ho baloa lirapa kaofela.
Pina ea 216 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 28 August
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa August. Re rata ho finyella tlhōrō e ’ngoe e ncha ea bahoeletsi ka August. Balebeli bohle ba thuto ea buka ba lokela ho ikopanya le bohle ba lihlopheng tsa bona e le hore litlaleho tsohle li be li bokeletsoe ka la 6 September. Hape ba lokela ho etsa bonnete ba hore ba fa mongoli litlaleho leha e le life tse saletseng morao tsa selemo sena sa tšebeletso. Ho ka thusa haeba mongoli a ka ngola esale pele lethathamo la litlaleho tsohle tse saletseng morao ’me a le fe molebeli e mong le e mong oa thuto ea buka. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa September 1 kapa Tsoha! ea September e ka tsamaisoang kateng ha ho khutleloa ho motho ea tselaneng ea limakasine.
15 mets: U ka ba Mohloli oa Khothatso. (Bar. 1:11, 12) Puo le puisano le bamameli. Bolela hore na ho na le bo-pula-maliboho ba kamehla ba bakae phuthehong. Bolela litsela tseo re ka ba khothatsang ka tsona, tse joaloka ho ba babatsa, ho bua hamolemo ka tšebeletso ea bopula-maliboho, ho sebetsa le bona tšebeletsong, ho ba memela lijong le ho ba thusa ka litšenyehelo tsa lipalangoang. Kōpa bo-pula-maliboho ba kamehla hore ba bolele hore ba bang ba ’nile ba ba khothatsa joang. Haeba phutheho e se na bo-pula-maliboho ba kamehla, bolela kamoo re ka khothatsang bo-pula-maliboho ba thusang kateng.
20 mets: Na U ka Qalisa Thuto ea Bibele ka September? Puo le Lipontšo. Ka September re tla etsa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele leetong la pele, re sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang. Sena se bolela hore ha re tsamaisa buka ena, re tla leka ka matla ho tšohla lirapa tse seng kae le mong’a ntlo. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tse peli ho sebelisoa linehelano tse loketseng tšimo ea lōna. Pontšong ka ’ngoe, ho bontšoe kamoo ho ka etsoang litokisetso tse tobileng tsa ho khutlela le ho ntšetsa puisano pele.
Pina ea 37 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 4 September
10 mets: Litsebiso tsa phutheho.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
20 mets: Lokisetsa Hona Joale Hore U be Pula-maliboho ea Thusang! Puo le puisano le bamameli. Khothalletsa bahoeletsi ho iketsetsa pakane ea ho ba bo-pula-maliboho ba thusang bonyane khoeli e le ’ngoe selemong se secha sa tšebeletso. (1 Bakor. 9:26) Ba bang ba ka ’na ba khetha khoeli e khethehileng kapa khoeli e nang le letsatsi la phomolo kapa mafelo-beke a eketsehileng. Botsa bamameli: “Nakong e fetileng u ile ua hlōla litšitiso tsa ho ba pula-maliboho ea thusang joang? Bopula-maliboho bo thusang bo tlisa melemo efe? Haeba u lakatsa ho ba pula-maliboho empa u qeaqea, ke hobane’ng ha u lokela ho rapella taba eo? (Lik. 4:29; 2 Bakor. 4:7; Jak. 1:5) Hape, ke hobane’ng ha ho le molemo ho buisana ka taba ee le lelapa la hao hammoho le ba bang ka phuthehong, haholo-holo bao maemo a bona a tšoanang le a hao? (Liprov. 15:22) U rera ho ba pula-maliboho ea thusang neng?”
Pina ea 225 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.