Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Tlhokomeliso: Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e tla ba le kemiso ea Seboka sa Tšebeletso bakeng sa beke ka ’ngoe ea likhoeli tsa kopano. Liphutheho li ka ’na tsa etsa liphetoho tse hlokahalang e le hore li ka ea Kopanong ea Setereke ea “Topollo e Atametse!” Ha ho loketse, le ka sebelisa metsotso e 15 Sebokeng sa ho qetela sa Tšebeletso pele le ea kopanong bakeng sa ho hlahloba keletso le likhopotso tse loketseng sebakeng sa habo lōna. (Bonang kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 2006.) Khoeli e le ’ngoe kapa tse peli ka mor’a kopano ea lōna, behellang ka thōko metsotso e 15 ho ea ho e 20 Sebokeng sa Tšebeletso (mohlomong le sebelise karolo ea litlhoko tsa phutheho) bakeng sa ho hlahloba lintlha-khōlō tsa kopano. Ha ea lokela ho ba tlhahlobo ea lenaneo lohle la kopano. Ho e-na le hoo, le lokela ho hatisa feela lipuo tse amanang ka ho toba le tšebeletso ea tšimo. Kōpang bamameli hore ba hlalose hore na ba sebelisa boitsebiso boo joang tšebeletsong ea bona.
Beke e Qalang ka la 13 November
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa November 15 le Tsoha! ea November li ka tsamaisoang kateng. Pontšong e ’ngoe, bontša tsela ea ho araba motho ea batlang ho khaoletsa moqoqo ka ho re, “Ke se ke Tloaelane Haholo le Mosebetsi oa Lōna.”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leq. 20.
20 mets: Basebeletsi ba Litaba Tse Molemo. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, leqepheng la 77 ho fihlela sehloohoaneng se leqepheng la 83.
15 mets: “E-ba Sebete Empa U be le Khotso le Batho.”a Akarelletsa le litlhaloso tse tsoang bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 252-3, tlas’a sehloohoana se ngotsoeng ka mongolo o tšekaletseng se reng “Moo ho Hlokahalang Hore U Tenyetsehe.”
Pina ea 39 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 20 November
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Babatsa bohle ba ileng ba kopanela phutuhong ea tšimo e sa abuoang. Fana ka tlaleho ea se finyeletsoeng ’me u phete liphihlelo tse khothatsang.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
20 mets: Ho tsamaisa buka ea Motho e Moholo ka December. Puisano le bamameli. Kōpa hore bamameli ba bolele hore na ke eng eo ba e ratang bukeng ea Motho e Moholo ’me ba phete liphihlelo tse thahasellisang tseo ba bileng le tsona ha ba e tsamaisa nakong e fetileng. Hlahloba linehelano tse fanoeng e le mohlala kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2005. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo buka ena e ka tsamaisoang kateng ho sebelisoa e ’ngoe ea linehelano tse fanoeng e le mohlala kapa nehelano e ’ngoe e ka atlehang tšimong ea phutheho.
Pina ea 203 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 27 November
5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa November.
10 mets: Ho Haha re Kopane Bakeng sa ho Rorisa Molimo. Puo ka moholo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa November 1, 2006, leqepheng la 17-21.
15 mets: “Tsela ea ho Lokisetsa Nehelano ea Limakasine.”b Kopanyelletsa le pontšo ea metsotso e meraro ea bahoeletsi ba babeli, mohlomong monna le mosali, ba khethang nehelano e fanoeng e le mohlala leqepheng la 4 bakeng sa limakasine tsa December, ’me ba etsa qeto ea hore na ba tla e sebelisa joang, ba e beha ka mantsoe a bona. Ka mor’a moo, ba sebelisa litlhahiso tse sehloohong se sa tsoa tšohloa, ba lokisetsa le ho bontša kamoo ba neng ba tla buella sehlooho se seng seo ba fumaneng se le nakong tšimong ea habo bona.
15 mets: Ho Bolela Lentsoe Hoa Khatholla. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng Molula-Qhooeng oa January 15, 2002, leqepheng la 8-9. Kōpa bamameli hore ba bolele hore na tšebeletso e ba khatholla ka tsela efe. Karabo e le ’ngoe kapa tse peli li ka ’na tsa lokisetsoa esale pele.
Pina ea 120 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 4 December
10 mets: Litsebiso tsa phutheho.
15 mets: “Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!”c Khothalletsa phutheho hore e sebelise hamolemo litšobotsi tse khethehileng tsa buka ena, tse kang mabokose le litšoantšo. Qetellong ea thuto ka ’ngoe, boitsebiso bo ithutiloeng bo lokela ho hlahlojoa ho sebelisoa Bibele.
20 mets: Sebelisa Bibele ha U Araba. Puisano le bamameli e thehiloeng Molula-Qhooeng oa August 15, 2002, leqepheng la 17-18, tlas’a sehloohoana se reng, “Ho Bontša Lerato Bakeng sa Linnete Tseo re li Rutang.” Kōpa bamameli hore ba arabe potso ka ’ngoe. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea mohoeletsi ea sebelisang buka ea Ho Bea Mabaka ha a fana ka karabo ea Mangolo ho mosebetsi-’moho le eena ea mo botsang potso e reng, “Ke hobane’ng ha le sa keteke Keresemese?”
Pina ea 168 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.