Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Tlhokomeliso: Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ho tla ba le kemiso ea Seboka sa Tšebeletso bakeng sa beke ka ’ngoe likhoeling tsa kopano. Liphutheho li ka etsa liphetoho tse hlokahalang e le hore li ka ea Kopanong ea Setereke ea “Latelang Kreste!” Ha ho hlokahala, sebelisang metsotso e 15 Sebokeng sa Tšebeletso sa ho qetela pele le e-ea kopanong bakeng sa ho hlahloba likeletso le likhopotso tse tobileng tse sebetsang phuthehong ea lōna tse tsoang kenyelletsong ea khoeli ena. Ka mor’a khoeli e le ’ngoe kapa tse peli le tsoa kopanong, le lokisetse hore ho be le metsotso e 15 ho ea ho e 20 Sebokeng sa Tšebeletso (mohlomong karolong ea litlhoko tsa phutheho) ebe ho tšohloa lintlha tse khōlō tsa lenaneo la kopano tseo bahoeletsi ba fumaneng li le molemo bakeng sa tšebeletso ea tšimo. Tlhahlobo ena e lokela ho tšoaroa ke molebeli oa tšebeletso. Kōpa bamameli hore ba hlalose hore na ba sebelisa boitsebiso boo joang tšebeletsong kapa hore na ba rera ho bo sebelisa joang.
Beke e Qalang ka la 10 September
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea phutheho, bontša kamoo ho ka nehelanoang ka Molula-Qhooa oa September 15 le Tsoha! ea September. Pontšong ka ’ngoe, ho lokela hore ho fanoe ka limakasine tseo li le peli le hoja ho buelloa e le ’ngoe.
15 mets: Lebokose la Lipotso. E fanoe ke moholo a buisana le bamameli. Ha nako e lumela, bala u be u tšohle mangolo a bontšitsoeng.
20 mets: “Boikitlaetso ba Lefatše Lohle ba ho Phatlalatsa Kopano ea Setereke ea ‘Latelang Kreste!’”a Ha ho tšohloa serapa sa 3, kōpa bamameli hore ba phete liphihlelo tse ikhethang tseo ba bileng le tsona ha ba ne ba aba limemo tsa kopano ea setereke ea selemo se fetileng kapa u akarelletse litlhaloso tse Bukeng ea Selemo ea 2007 ho tloha leqepheng la 7 ho fihlela sehloohoaneng se leqepheng la 10.
Pina ea 130 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 17 September
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo.
15 mets: Re Sebelitse Joang Selemong se Fetileng? Molebeli oa tšebeletso o tšohla mosebetsi oa selemo se fetileng, a bua haholo ka lintho tse ntle tse finyeletsoeng tšebeletsong. Babatsa bahoeletsi moo ho tšoanetseng. Bolela ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tse lokelang ho eloa hloko selemong se secha sa tšebeletso. Hlalosa hore na bo-pula-maliboho ba sebelitse joang, u ba babatse ka mosebetsi oa bona o motle. Bolela liphello tse molemo tsa boiteko ba ho thusa ba seng ba sa kopanele.
20 mets: Mokhatlo o Kopaneng oa Bara ba Motho. Puisano le bamameli e thehiloeng ho khaolo ea 16 ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova.
Pina ea 74 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 24 September
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Tšohla litokisetso tsa ho ea tšimong e sa abuoang ka October. Khoeli ena ke ea ho qetela ea phutuho ea tšimo e sa abuoang. Khothalletsa bohle hore ba kopanele ka botlalo. E behoe ke molebeli oa tšebeletso.
20 mets: “Latela Mohlala oa Jesu.”b Kōpa bamameli hore ba bolele kamoo mohlala o motle oa ba bang o ba thusitseng kateng.
15 mets: Qalisa Lithuto Tsa Bibele ka Pampitšana ea Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele? ka October. Ka October ho tla tsamaisoa makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! Moo ho bontšoang thahasello, ho ka sebelisoa pampitšana ea Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele? ho qalisa thuto ea Bibele. Ka bokhutšoanyane tšohla pampitšana ena ka mor’a hore bahlokomeli ba fe e mong le e mong pampitšana e le ’ngoe, haeba li le teng. Hlalosa hore ho ka ’na ha buisanoa le mong’a ntlo ka pampitšana ena kaofela kapa karolo feela ea eona leetong la pele kapa leetong la ho boela. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimong ea lōna, etsa pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa October 1 le Tsoha! ea October. Pontšong e ’ngoe mohoeletsi o siea pampitšana ka mor’a hore mong’a ntlo a hane limakasine. Pontšong e ’ngoe hape, ka mor’a hore mong’a ntlo a amohele limakasine, mohoeletsi o mo fa pampitšana, o tšohla le eena se leqepheng la 5, o mo bontša setlankane sa sengoliloeng se leqepheng la 6, ’me o bolela hore o tla tla le sengoliloeng seo ha a khutla.
Pina ea 222 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 1 October
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse Khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa September.
15 mets: Lengolo le Tsoang Lekaleng. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng lengolong le leqepheng la pele la tokollo ena ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.
20 mets: “Ho Ikitlaelletsa ho Eketsa Tšebeletso ea Rōna.”c Akarelletsa litlhaloso tsa bara le baralib’abo rōna ba ikitlaetsang tšebeletsong ea bona, ’me u ba kōpe hore ba hlalose hore na ba tsoela pele joang ho batla litsela tsa ho ikitlaetsa tšebeletsong ea bona. Ho ka lokisetsoa esale pele hore a le mong kapa ba babeli ba fane ka litlhaloso.
Pina ea 102 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.