Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/08 leq. 4
  • Likhopotso Tsa Kopano ea Setereke

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likhopotso Tsa Kopano ea Setereke
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 8/08 leq. 4

Likhopotso Tsa Kopano ea Setereke

◼ Linako Tsa Lenaneo: Lenaneo le tla qala ka 9:00 hoseng ka matsatsi ’ohle a mararo. Kaofela ha rōna re lokela ho lula fatše ha ’mino oa selelekela o qala, e le hore lenaneo le ka qala ka tsela e hlomphehang. Lenaneo le tla fela ka 4:15 thapama ka Labohlano le ka Moqebelo ’me ka Sontaha le fele ka 3:20 thapama.

◼ Libaka Tsa ho Paka Likoloi: Likopanong tsohle tseo ho tsona libaka tsa ho paka likoloi li tla ba taolong ea rōna, likoloi li tla pakoa ntle ho tefo ho latela nako eo li fihlang ka eona. Libeche tsa kopano li tla sebelisoa e le tsona likarete tsa boitsebiso ha batho ba paka.

◼ Marobalo: Bahoeletsi bao ho hlokahalang hore ba tlatse kōpo ea marobalo ba ka fumana liforomo tsa Kōpo ea Kamore. Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e lokela ho hlahloba hore na mohoeletsi oa tšoaneleha, ka ho latela tataiso e foromong eo hammoho le e lengolong la la 15 July, 2008, le eang ho lihlopha tsohle tsa baholo. Tokisetso ena e etselitsoe bahoeletsi ba boemong bo botle ka phuthehong, hammoho le bana ba bona ba itšoereng hantle.

◼ Ho Beha Litulo: U ka beha litulo bakeng sa batho bao u tsamaeang le bona ka koloing feela kapa bao u lulang le bona lapeng.

◼ Lijo Tsa Motšehare: Ka kōpo itlele le lijo tsa motšehare ho e-na le hore u tlohe sebakeng sa kopano ho ea reka lijo nakong ea khefu ea motšehare. U ka ’na ua sebelisa cooler e nyenyane e ka khonang ho fella ka tlas’a setulo. Li-cooler tse khōlō haholo li lokela ho behoa moo bahlokomeli ba reng li behoe teng. Lijana tsa khalase le lino tse tahang ha lia lumelloa sebakeng sa kopano.

◼ Menehelo: Re ka bontša teboho ka ho ntša menehelo ea boithatelo bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle Holong ea ’Muso ea habo rōna kapa kopanong. Haeba u batla ho ntša monehelo ka cheke, re kōpa hore u batle lebitso la ak’haonte Komiting ea Kopano.

◼ Likotsi le Maemo a Tšohanyetso: Haeba motho a ka kula ka tšohanyetso sebakeng sa kopano, re kōpa hore u tsebise mohlokomeli ea haufi le uena ’me eena o tla tsebisa Lefapha la First Aid hang-hang e le hore motho ea tsebang ka tsa thuso ea pele a ka hlahloba hore na boemo bo hlahileng bo bobe hakae ebe oa thusa.

◼ Likoloeana Tsa Bana le Litulo Tsa Jareteng: Likoloeana tsa bana le litulo tsa jareteng ha lia lokela ho kena ka holong. Leha ho le joalo, litulo tseo bana ba lulang ho tsona ka koloing tse ka fellang setulong se haufi le batsoali kapa tsa tlamelloa ho sona lia amoheleha.

◼ Linkhisa-monate: Likopano tse ling li tšoareloa libakeng tse koalehileng moo re itšetlehileng ka moea o fehloang ke mechine. Ka lebaka leo, e ka ba mosa hore re se ke ra sebelisa linkhisa-monate tse bohale, tse ka ’nang tsa hlōla batho ba nang le bothata ba matšoafo kapa bo bong.—1 Bakor. 10:24.

◼ Liforomo Tsa ho Khutlela ho Batho ba Thahasellang: Re lokela ho sebelisa liforomo tsa Ka Kōpo Latela (S-43) bakeng sa ho fana ka boitsebiso ba mang kapa mang ea bonahalang a thahasella ka mor’a hore re mo pakele ka tsela e sa reroang nakong ea kopano. Bahoeletsi ba lokela ho tla le foromo e le ’ngoe kapa tse peli kopanong. U ka isa liforomo tse tlatsitsoeng Lefapheng la Libuka kapa ua li fa mongoli oa phutheho ea heno ha u khutlela hae.—Sheba Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea April 2005, leq. 5.

◼ Lireschorente: Tlotlisa lebitso la Jehova ka ho itšoara hantle ha u le lireschorenteng. Libakeng tse ngata ho tloaelehile hore basebetsi ba lebohuoe ka chelete e etsang liphesente tse 10 ho ea ho tse 15, ho itšetlehile ka tšebeletso ea bona.

◼ Lipina: E ka ba hantle hore liphutheho li itlhakisetse lipina tsa kopano esale pele.

Lipina tsa Labohlano: 190, 79, 42, 57, 157, le 191.

Lipina tsa Moqebelo: 215, 123, 207, 46, 3, le 10.

Lipina tsa Sontaha: 163, 209, 4, 98, 8, le 212.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela