Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/08 maq. 6-7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 8/08 maq. 6-7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka August: Bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Le Lule le Lebetse!, Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!, le U ka ba Motsoalle oa Molimo! September: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? October: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! November: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

◼ Baholo ba hopotsoa hore ba latele litaelo tse leqepheng la 21-3 Molula-Qhooeng oa April 15, 1991, mabapi le batho ba khaotsoeng kapa ba ikarotseng ba ka ’nang ba batla ho khutlisetsoa ka phuthehong.

◼ Ka kōpo hlokomelang hore batho ba ke ke ba bontšoa mehaho ea Bethele ka la 25 August ho ea ho la 2 September, 2008 kaha ho tla be ho baloa setoko.

◼ Liphutheho li lokela ho odara Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 2009 le Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2009, odareng ea tsona e latelang ea lingoliloeng. Li ke ke tsa romeloa feela li sa odaroa. Ke liodara tse khethehileng ’me li lokela ho kōptjoa hafeela ho e-na le bahoeletsi ba tobileng ba li odarileng. Ho fihlela ha li le teng setokong, li tla hlaha karolong ea “Pending” lethathamong la lintho tse rometsoeng. Phutheho e lokela ho tsebisoa pele ho romeloa odara ea lingoliloeng tsena. Bahoeletsi ba lokela ho ngolisa lingoliloeng tseo ba li hlokang lefapheng la lingoliloeng ntle ho tieho ’me mohokahanyi oa lingoliloeng o lokela ho romela odara ea lingoliloeng kapele ofising ea lekala. Molebeli ea okamelang o lokela ho tiisa hore liodara li romeloa kapele. Ho tla hlokahala hore lintho li hlophisoe hantle hobane ho ke ke ha etsoa litokisetso tse khethehileng tsa hore liodara li romeloe ka lepotlapotla kapa li latoe Bethele. Molebeli oa tšebeletso o lokela ho etsa bonnete ba hore phutheho e odara feela palo ea lingoliloeng tse tla hle li sebelisoe.

◼ Ha ho hlokahale hore liphutheho li odare bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla ea 2009 kaha e tla romelloa liphuthehong ho latela palo le lipuo tseo Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e romelloang ka tsona. Leha ho le joalo, haeba liphutheho li batla tse eketsehileng kapa li li batla ka lipuo tse ling, re kōpa hore li romele odara. Le lokela ho bolela ka ho hlaka ho Literature Request Form (S-14) hore “Odara ena ke e eketsang palo e romeletsoeng.”

◼ Ha ho hlokahale hore libeche tsa kopano ea setereke ea 2008 li odaroe hobane li tla romelloa hammoho le lingoliloeng. Ha libeche li fihla, mohokahanyi oa lingoliloeng oa phutheho e hokahanyang o lokela ho etsa bonnete ba hore phutheho ka ’ngoe e Sehlopheng sa Liphutheho Tse Romelloang Libuka Holong ea ’Muso e fumana libeche tseo e li romeletsoeng. Haeba ho hlokahala libeche tse eketsehileng, bontšang ka ho hlaka ho Literature Request Form (S-14) hore “Odara ena ke e eketsang palo e romeletsoeng.” Liodara tse fihlang ka motsotso oa ho qetela li ke ke tsa amoheloa. Libeche li tla ba teng ka Seafrikanse, Sefora, Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Sexhosa le Sezulu. Re kōpa le shebe Lebokose la Lipotso la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 2001 mabapi le hore na ke mang ea ka fuoang beche.

◼ Likoahelo tsa polasetiki tsa libeche (bdg) ke liodara tse khethehileng ’me li ke ke tsa romeloa feela li sa odaroa. Haeba bahoeletsi ba li hloka, li lokela ho odaroa ka phutheho e hokahanyang, kopano e sa ntse e le hōle. Ho tla hlokahala hore lintho li hlophisoe hantle hobane liodara tse fihlang ka motsotso oa ho qetela li ke ke tsa amoheloa.

◼ Ho tla lokisetsoa hore sehlooho sa “Monyetla oa ho Feptjoa ke Jehova le ho Thaba” le sa “Likhopotso Tsa Kopano ea Setereke” se hlahang Tšebeletsong ena ea Rōna ea ’Muso se tšohloe Sebokeng sa Tšebeletso ka October. Leha ho le joalo, Namibia le Botswana moo likopano li tla tšoaroa pele, liphutheho li lokela ho lokisetsa hore lihlooho tsena li tšohloe ka metsotso e 25 libeke tse ka bang tharo pele ho kopano eo liphutheho li abetsoeng ho ea ho eona.

◼ Likopano tsa potoloho tsa puo ea matsoho li tla tšoareloa Holong ea Kopano ea Bellville ka la 27 le la 28 September, 2008, le Holong ea Kopano ea Eikenhof ka la 22 le la 23 August, 2009. Ho lokiselitsoe hore likopano tse khethehileng tsa letsatsi tsa puo ea matsoho li tšoareloe George ka la 11 April, 2009, le Holong ea Kopano ea Eikenhof ka la 26 April, 2009.

◼ Maqetšoana a sa tlatsoang a Limemo (sf) a se a fumaneha bakeng sa Puo ea Matsoho ea Afrika Boroa. Ka kōpo hlokomelang hore foromo ena e lokela ho sebelisoa feela ke liphutheho tsa puo ea matsoho le liphutheho tse nang le lihlopha tsa puo ea matsoho. Haeba bahoeletsi ba kopana le batho ba sa utloeng litsebeng tšimong, ba lokela ho tlatsa foromo ea Ka Kōpo Latela (S-43) ebe ba e isa phuthehong e haufi e hlokomelang litlhoko tsa batho ba puo ea matsoho.

◼ Livolume tsa Molula-Qhooa tsa 2008 li tla etsoa ka lekhetlo la pele ka Seafrikanse, Sesotho, Sexhosa le Sezulu. Liphutheho li lokela ho qala hona joale ho odara livolume tsena ka lipuo tsena feela. Ho fihlela ha livolume tsena li fumaneha ’me li romeloa, li tla hlaha tlas’a “Pending” mathathamong a lintho tse rometsoeng phuthehong. Livolume tsena ke liodara tse khethehileng.

◼ Li-DVD Tse Ncha Tse Fumanehang:

Albamo ea The Watchtower Announcing Jehovah’s Kingdom—2008 (e se nang letho) (dvcw08)—Puo ea Matsoho ea Amerika

◼ Li-DVD Tse Ncha Tsa Lipuo Tse Fapa-fapaneng Tse Fumanehang:

Warning Examples for Our Day and Respect Jehovah’s Authority (dvwra)—Searabia, Sedache, Senyesemane, Semalagasy, Sepotoketsi (sa Brazil), Sepotoketsi (sa Europe), Sepanishe (Ho DVD e le ’ngoe)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela