Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 9 June
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, etsa pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa June 1 le Tsoha! ea June.
20 mets: Tsela ea ho Lokisetsa ho Khanna Thuto ea Bibele. Puo e thehiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea August 2004 leqepheng la 1. Qetellong ea puisano lokisetsa hore ho be le pontšo ea mohoeletsi ea lokisetsang thuto ea Bibele ka lepotlapotla. Ebe ho latela ea mohoeletsi e mong ea lokisetsang a itšetlehile ka se khothalletsoang Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso.
15 mets: “Bolela U sa Khaotse.”a Ha nako e lumela, kōpa bamameli hore ba hlalose mangolo a sa qotsoang.
Beke e Qalang ka la 16 June
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Hopotsa bamameli hore ba tle le Molula-Qhooa oa July 1 le Tsoha! ea July Sebokeng sa Tšebeletso bekeng e tlang le hore ba itokisetse ho tšohla linehelano tse loketseng tseo ba rerang ho li sebelisa.
15 mets: Hatisa Molemo o Sebetsang oa Litaba Tse Molemo. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 159. Kōpa bahoeletsi hore ba bolele lintho tseo batho ba tšimong ea phutheho ba tšoenyehileng ka tsona. Ba botse hore na re ka akarelletsa lintho tsena joang molaetseng oa rōna.
20 mets: “Na Lelapa la Hao le Itokisetsa ho Pholoha?”b Ha nako e lumela, kōpa bamameli hore ba hlalose mangolo a sa qotsoang.
Beke e Qalang ka la 23 June
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Bolela hore ke sengoliloeng sefe se tla tsamaisoa ka July ’me u lokisetse hore ho etsoe pontšo ea nehelano e le ’ngoe.
20 mets: U ka Phela Bophelo bo Ntlafetseng ka ho ba Pula-maliboho oa Kamehla. Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa January 15, 2008 leqepheng la 17-19. Haeba ho na le bo-pula-maliboho ba kamehla, u ka ’na ua buisana le ba babeli, e mong e be ea sa tsoa qala ho ba pula-maliboho ’me e mong e be eo e seng e le khale e le pula-maliboho. E-re ba bolele kamoo tšebeletso ena ea bohlokoa e ntlafalitseng bophelo ba bona.
15 mets: Itokisetse ho Tsamaisa Limakasine Tsa Morao-rao. Puisano le bamameli. Ka mor’a ho hlalosa makasine ea Molula-Qhooa oa July 1 le Tsoha! ea July hakhutšoanyane, botsa bamameli hore na ke lihlooho life tse ka khahlang batho tšimong hona hobane’ng. Kōpa bamameli hore ba bolele lintlha tse tobileng tseo ba rerang ho li buella lihloohong tseo. Ho ka botsoa potso efe ho qalisa moqoqo? Ka mor’a moo ho ka baloa lengolo lefe le hlahang sehloohong seo? U sebelisa litlhahiso tse Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso kapa tse boletsoeng ke bamameli, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo makasine ka ’ngoe e ka tsamaisoang.
Beke e Qalang ka la 30 June
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa June.
20 mets: Kamoo re ka Ntlafatsang Tsebo ea ho Qoqa Kateng. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, ho tloha leqepheng la 62, serapeng sa 4, ho ea qetellong ea leqephe la 64. Etsa hore taba e tšoanele tšimo ea phutheho. Buisana hakhutšoanyane le mohoeletsi ea tsebahalang ka hore o khona ho qalisa moqoqo le batho tšebeletsong ea ntlo le ntlo kapa ha a paka ka tsela e sa reroang.
15 mets: Na U sa Hopola? Puisano le bamameli e thehiloeng Molula-Qhooeng oa April 15, 2008, leqepheng la 29.
Beke e Qalang ka la 7 July
10 mets: Litsebiso tsa phutheho.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
20 mets: “Ha Mong’a Ntlo a Bua Puo e ’Ngoe.”c E fanoe ke molebeli oa tšebeletso. Ha u tšohla serapa sa 2, tsebisa phutheho ka lihlopha kapa liphutheho tsa lipuo tse ling tse sebetsang tšimo e le ’ngoe le phutheho ea lōna. Bolela litokisetso life kapa life tse entsoeng ho thusa lihlopha kapa liphutheho tsa lipuo tse ling tse amehang hore li sebelisane ’moho mosebetsing oa boboleli.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.