Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 25 August, 2008. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 7 July ho ea ho la 25 August, 2008.
LITŠOBOTSI TSA PUO
1. Re ka bontša joang hore re na le kahlolo e molemo ha re bolella ba bang ’nete? (Bafil. 4:5) [be-SU leq. 251 ser. 3]
2. Mohlala oa Pauluse ha a bua le Bagerike Areopago o re thusa joang ha re pakela batho ba sa lumeleng Bibele? (Lik. 17:22, 23) [be-SU leq. 252 lir. 1-2]
3. Le hoja e ka ’na eaba re kholisehile hore motho eo re buang le eena o fositse, re ka bontša joang hore re na le kahlolo e molemo ha re buisana le eena? [be-SU leq. 253 lir. 1-2]
4. Ha re ntse re leka ho bua ka tsela e susumetsang, re lokela ho hopola eng? [be-SU leq. 255 ser. 3, lebokose]
5. Re ka sebelisa temoho joang ha re batla ho finyella pelo ea motho eo re buang le eena? (Liprov. 20:5) [be-SU leq. 258 lir. 1-5]
PUO EA 1
6. Ke’ng seo baralib’abo rōna ba lokelang ho se hopola ha ba lokisetsa boemo ba puo? [be-SU leq. 44 lir. 5-6]
7. Barab’abo rōna ba lokela ho leka ho finyella eng ha ba fana ka lintlha tse khōlō tsa Bibele? (Neh. 8:8) [be-SU leq. 47 lir. 2-3]
8. Mor’abo rōna o lokela ho etsa joang ha a fana ka puo e hlokang pontšo kapa puisano Sebokeng sa Tšebeletso? [be-SU leq. 49 ser. 5]
9. Buka ea Liketso e bontša joang hore bopaki bo lokela ho fanoa ka mokhoa ofe le hore bo lokela ho fanoa ho ea bohōleng bofe? (Lik. 20:20, 21; 28:23) [si-SU leq. 204 ser. 35]
10. Motho ea fanang ka puo ea phatlalatsa a ka etsa’ng ho tiisa hore puo ea hae e thehiloe Bibeleng? (Lik. 17:2, 3) [be-SU leq. 52 ser. 6–leq. 53 ser. 2]
’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE
11. Ke hobane’ng ha molebeli oa teronko oa Filipi a ne a batla ho “ipolaea”? (Lik. 16:25-27) [w90-SU 5/15 leq. 25, lebokose]
12. Aristakase le Gaiase ba ile ba etsa joang ha ba ne ba hlorisoa? (Lik. 19:29; 20:4, 5) [w08-SU 2/15 leq. 10 lir. 16-17]
13. Hore Saule o ne a “raha litsenene” ho ne ho bolela’ng? (Lik. 26:14) [w03-SU 10/1 leq. 32]
14. Ke joang ‘sebe se ka hlohlelletsoang’ ke taelo ea Molimo ho Iseraele? (Bar. 7:8, 11) [w08-SU 6/15 “Lentsoe la Jehova Lea Phela—Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Baroma”]
15. Re ka “bokella mashala a mollo” hloohong ea sera sa rōna joang? (Bar. 12:20) [w08-SU 6/15 “Lentsoe la Jehova Lea Phela—Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Baroma”]