Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/08 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 11 August
  • Beke e Qalang ka la 18 August
  • Beke e Qalang ka la 25 August
  • Beke e Qalang ka la 1 September
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 8/08 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 11 August

Pina ea 63

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. E-re bamameli ba bolele lihlooho tsa limakasine tsa morao-rao tseo ba hlokometseng hore li ipiletsa haholo ho batho tšimong. Ba kōpe hore ba bolele lintlha tse tobileng tseo ba rerileng ho li buella lihloohong tseo. Ho ka botsoa potso efe ho qalisa moqoqo? Ka mor’a moo ho ka baloa lengolo lefe sehloohong seo? Lokisetsa hore ho be le lipontšo tse bontšang kamoo linehelano tse fanoeng e le mohlala li ka sebelisoang kateng.

15 mets: Etsa Thato ea Molimo—Ntle ho Tšitiso. Puo e thehiloeng bukeng ea “Tloo U be Molateli oa Ka,” leqepheng la 93-94, serapeng sa 12-13.

20 mets: “Na U e Sebelisa ka Botlalo?”a Buisana le mohoeletsi ea bileng le phihlelo ea ho sebelisa se seng sa lihlooho tse ncha tsa Molula-Qhooa oa batho ka kakaretso. Ho ka etsoa pontšo ea se etsahetseng. Hape, u sebelisa lintlha tse serapeng sa bobeli, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo thuto e ka khannoang kateng ho sebelisoa sehlooho sa “Re Ithuta’ng ho Jesu . . . ?” Molula-Qhooeng oa August 1.

Pina ea 26

Beke e Qalang ka la 18 August

Pina ea 135

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Tšohla sehlooho sa “Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho.” Bolela letsatsi la kopano e latelang ea potoloho, haeba le se le tsejoa. Hopotsa bamameli hore ba tle le Molula-Qhooa oa September 1 le Tsoha! ea September Sebokeng sa Tšebeletso bekeng e tlang le hore ba itokisetse ho tšohla kamoo li ka buelloang kateng tšimong ea phutheho.

20 mets: Tsela eo re Aparang le ho Itlhopha ka Eona e Tlotlisa Jehova. Puo ka moholo. Kaha Jehova ke Molimo ea halalelang, batho ba hae ba nka ho hloeka ’meleng e le habohlokoa. (Ex. 30:17-21; 40:30-32) Ha re apara le ho itlhopha ka tsela e behang mohlala o motle, haholo-holo ha re le tšimong, re thabisa Jehova ebile rea mo tlotlisa. (1 Pet. 2:12) Ka lehlakoreng le leng, ha re sa etse joalo ‘lentsoe la Molimo le ka nyefoloa.’ (Tite 2:5) Pheta liphihlelo tsa sebakeng seo kapa tse hlahang libukeng tsa kamoo ponahalo e behang mohlala o motle ea mohoeletsi e ileng ea fella ka hore a fane a bopaki.

15 mets: Bacha ba Fanang ka Bopaki bo Matla. Puo e khothatsang batsoali le bana ba bona. Hopotsa bacha hore ba sebelise menyetla ea ho fana ka bopaki. Ha nako e lumela, kōpa bamameli hore ba phete liphihlelo tseo ba bileng le tsona ha ba paka sekolong.

Pina ea 61

Beke e Qalang ka la 25 August

Pina ea 24

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea lichelete le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Tšohla sehlooho se reng “Lenaneo le Lecha la Kopano e Khethehileng ea Letsatsi,” ’me u bolele deiti ea kopano e khethehileng ea letsatsi, haeba e se e tsejoa. Bolela khatelo-pele e entsoeng phutuhong ea tšimo e sa abuoang. Tsebisa phutheho ka litokisetso tsa September ’me haeba nako e lumela, u buisane le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ka katleho eo ba bileng le eona ho fihlela joale.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

15 mets: Itokisetse ho Tsamaisa Molula-Qhooa oa September 1 le Tsoha! ea September. Puisano le bamameli. Bua hakhutšoanyane ka limakasine ’me u botse bamameli hore na ke lihlooho life tse ka ipiletsang ho batho tšimong ea phutheho. Taba e ka kenyelletsoa ka potso le lengolo lefe? Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo nehelano e fanoeng e le mohlala Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso e ka sebelisoang kateng. E-re e mong oa baholo a etse pontšo e khutšoanyane eo a e lokiselitseng a sebelisa sehlooho se tšoanelang tšimo ea phutheho.

Pina ea 196

Beke e Qalang ka la 1 September

Pina ea 112

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Hopotsa bamameli hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa August. Re lakatsa ho finyella tlhōrō e ’ngoe e ncha ea bahoeletsi ka August. Balebeli bohle ba thuto ea buka ba lokela ho ikopanya le bohle ba lihlopheng tsa bona e le hore litlaleho tsohle li be li bokeletsoe ka la 6 September. Hape ba lokela ho etsa bonnete ba hore ba fa mongoli litlaleho tsohle tse saletseng morao tsa selemo sena sa tšebeletso. Ho ka ba molemo haeba mongoli a ka ngola esale pele lethathamo la litlaleho tsohle tse saletseng morao ’me a le fe molebeli e mong le e mong oa thuto ea buka.

20 mets: Ba Lula Mahaeng a Maqheku Empa ha Baa Lebaloa. Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa April 15, 2008, leqepheng la 25-28. Bolela mabitso a Bakreste ba ka phuthehong ba lulang mahaeng a maqheku sebakeng seo. Haeba ba le sieo, sebelisa melao-motheo e sehloohong sena ho khothalletsa phutheho ho tšehetsa ba fokolloang ke bophelo kapa ba sa khoneng ho kopanela ka botlalo mesebetsing ea phutheho.

15 mets: Qalisa Thuto ea Bibele Leetong la Pele ka September. Puisano le bamameli. Ka September re tla tsamaisa buka ea Seo Bibele e se Rutang re be re leke ho tšohla lirapa tse seng kae le beng ba matlo leetong la pele. Hlahloba litlhahiso tse kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 2006, ebe u lokisetsa hore ho be le pontšo e le ’ngoe kapa tse peli tsa kamoo ho ka qalisoang thuto ea Bibele kateng leetong la pele.

Pina ea 74

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela