Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/08 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 13 October
  • Beke e Qalang ka la 20 October
  • Beke e Qalang ka la 27 October
  • Beke e Qalang ka la 3 November
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 10/08 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 13 October

Pina ea 174

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bolela litokisetso tsa phutheho bakeng sa phutuho e khethehileng ea pampitšana e tla qala ka la 20 October, ’me u khothalletse bohle hore ba iphumanele lipampitšana haeba ba e-s’o be le tsona. Ka bokhutšoanyane tšohla linehelano tse fanoeng e le mohlala tsa Molula-Qhooa oa October 1 le Tsoha! ea October, tse leqepheng la 8. Kaha e se e le libeke tse ’maloa bahoeletsi ba bangata ba tsamaisa limakasine tsena, kōpa hore ba phete liphihlelo tseo ba bileng le tsona ha ba li tsamaisa.

35 mets: “Kemiso e Ncha ea Liboka Tsa Phutheho.”a Ha nako e lumela, bala mangolo a sa qotsoang ’me u kōpe bamameli hore ba a hlalose.

Pina ea 216

Beke e Qalang ka la 20 October

Pina ea 113

5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso.

20 mets: Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo sa 2009. Molebeli oa sekolo o buisana le bamameli ka kemiso e ncha ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo e hlahang “Litaelong” tse kenyelletsong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Totobatsa liphetoho tse entsoeng. Khothalletsa bohle hore ba be mafolofolo ha ba phetha likabelo tsa bona, ha ba lokisetsa ho fana ka litlhaloso nakong ea lintlha-khōlō tsa Bibele le ha ba sebelisa likeletso tsa molebeli oa sekolo beke le beke tse thehiloeng bukeng ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.

20 mets: Itokisetse ho Tsamaisa Molula-Qhooa oa November 1 le Tsoha! ea November. Ka mor’a ho hlalosa limakasine tsena hakhutšoanyane, botsa bamameli hore na ke lihlooho life tse ka khahlang batho ba bangata tšimong ea phutheho. E-re ba bolele lebaka. Kōpa bamameli hore ba bolele potso e loketseng eo ba rerileng ho e sebelisa bakeng sa ho qala moqoqo, le lengolo le hlahang sehloohong seo leo ba tla le bala pele ba tsamaisa limakasine. Sebui se phetha ka ho suthela pontšo ea kamoo makasine ka ’ngoe e ka tsamaisoang kateng ho sebelisoa linehelano tsa mohlala tse leqepheng la 8 kapa nehelano leha e le efe e tla ipiletsa ho batho ba leng tšimong ea phutheho.

Pina ea 148

Beke e Qalang ka la 27 October

Pina ea 30

5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa October.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

25 mets: “Monyetla oa ho Feptjoa ke Jehova le ho Thaba” kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea August 2008.b E fanoe ke mongoli oa phutheho. Tsebisa phutheho hore na e abetsoe kopano efe ea setereke. Hlahloba “Likhopotso Tsa Kopano ea Setereke.”

Pina ea 142

Beke e Qalang ka la 3 November

Pina ea 100

5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo.

15 mets: Ntlafatsa ‘Tsebo ea Hao ea ho Ruta.’ Molebeli oa tšebeletso kapa moholo e mong ea tšoanelehang o totobatsa le ho tšohla hakhutšoanyane lintlha tse hlano tse hlokahalang bakeng sa ho ruta ka katleho, tse boletsoeng Molula-Qhooeng oa January 15, 2008, leqepheng la 9-12, serapeng sa 5-18. Buisana le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba lumelang hore lintlha tsena li ba thusitse ho ntlafatsa tsebo ea bona ea ho ruta.

25 mets: “Thuto ea Botho le ea Lelapa ke ea Bohlokoa!”c Ha nako e lumela, bala mangolo a sa qotsoang ’me u kōpe bamameli hore ba a hlalose.

Pina ea 91

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela