Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/08 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 10 November
  • Beke e Qalang ka la 17 November
  • Beke e Qalang ka la 24 November
  • Beke e Qalang ka la 1 December
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 11/08 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

TLHOKOMELISO: Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ho tla ba le kemiso ea Seboka sa Tšebeletso bakeng sa beke ka ’ngoe ea likhoeli tsa kopano. Liphutheho li ka etsa liphetoho tse hlokahalang e le hore li ka ea Kopanong ea Setereke ea “Re Tataisoa ke Moea oa Molimo.” Ha ho hlokahala, sebelisang metsotso e 15 Sebokeng sa Tšebeletso sa ho qetela pele le e-ea kopanong bakeng sa ho hlahloba likeletso le likhopotso tse sebetsang phuthehong ea lōna tse tsoang kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea August. Ka mor’a khoeli e le ’ngoe kapa tse peli hoba le khutle kopanong, le lokisetse hore ho be le metsotso e 15 ho ea ho e 20 Sebokeng sa Tšebeletso (mohlomong karolong ea litlhoko tsa phutheho) bakeng sa ho tšohla lintlha tsa kopano tseo bahoeletsi ba fumaneng li le molemo tšebeletsong ea tšimo. Tlhahlobo ena e lokela ho tšoaroa ke molebeli oa tšebeletso. Botsa bamameli hore na ba sebelisa boitsebiso boo joang tšebeletsong kapa ba rera ho bo sebelisa joang.

Beke e Qalang ka la 10 November

Pina ea 205

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Kopanyelletsa le litlhaloso tsa molebeli oa tšebeletso mabapi le hore na phutheho e se e khathile tema e kae tšimong ha ho tsamaisoa pampitšana ea Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? Kaha bahoeletsi ba bangata ba se ba tsamaisitse Molula-Qhooa oa November 1 le Tsoha! ea November, ba kōpe hore ba hlalose hore na ba li tsamaisitse joang ka tsela e bileng le litholoana tse molemo.

15 mets: Ithute ho Bontša Lerato le ho Fana. Puo ka moholo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa November 15, 2008, leqepheng la 6-7.

20 mets: “Re na le Matlotlo a Bohlokoa ao re Lokelang ho a Arolela ba Bang.”a Ha u tšohla serapa sa 2, e-re bamameli ba bolele linnete tsa Bibele tse tobileng tse ba huletseng mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova kapa tseo ba li utloisisitseng haholoanyane ho tloha ha ba kolobetsoa.

Pina ea 71

Beke e Qalang ka la 17 November

Pina ea 80

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso.

15 mets: Lebokose la Lipotso.b

20 mets: “U ka ba Tichere!”c Buisana le mohoeletsi kapa pula-maliboho ea neng a nahana hore a ke ke a khona ho khanna thuto ea Bibele. O ile a itšetleha joang ka thuso ea Jehova? Mokhatlo o hlophisitsoeng o mo thusitse ka litsela life tse tobileng hore a tšoanelehe? O fumane melemo efe ka ho etsa mosebetsi oa ho khanna lithuto tsa Bibele?

Pina ea 143

Beke e Qalang ka la 24 November

Pina ea 217

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea lichelete le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Bolela libuka tse tsamaisoang ka December, ’me u lokisetse hore ho etsoe pontšo e le ’ngoe kapa tse peli.

20 mets: Litlhoko tsa phutheho.

15 mets: Itokisetse ho Tsamaisa Molula-Qhooa oa December 1 le Tsoha! ea December. Hlalosa limakasine tsena hakhutšoanyane, ebe u botsa bamameli hore na ke lihlooho life tse ka khahlang batho haholo tšimong ea phutheho. Ho ka sebelisoa lipotso le mangolo afe ho buella lihlooho tseo? Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo nehelano e fanoeng e le mohlala Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso e ka sebelisoang kateng. Kōpa e mong oa baholo hore a etse pontšo a sebelisa nehelano e khutšoanyane eo a e lokiselitseng, e thehiloeng sehloohong se loketseng tšimo ea phutheho.

Pina ea 208

Beke e Qalang ka la 1 December

Pina ea 84

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa November.

15 mets: Liphihlelo tsa phutheho. Tsebisa phutheho hore na ho se ho sebelitsoe tšimo e kae ha ho tsamaisoa pampitšana ea Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? Kōpa bamameli hore ba phete liphihlelo tseo ba bileng le tsona ha ba tsamaisa pampitšana ena kapa ba e sebelisa ho qalisa lithuto tsa Bibele. Hape ba phete liphihlelo tse khothatsang tseo ba bileng le tsona ha ba tsamaisa buka ea Seo Bibele e se Rutang ka November. Ho ka etsoa pontšo ka phihlelo e le ’ngoe kapa tse peli tse ikhethang.

20 mets: “Hlomella ba Bacha Hore ba Mamelle Khanyetso.”d Ha u tšohla serapa sa 2, hlalosa hakhutšoanyane kamoo lintlha tse bukeng ea Ho Bea Mabaka, tlas’a sehlooho se reng “Lipaki Tsa Jehova,” li ka thusang liithuti tsa Bibele ho araba lipotso tsa beng ka tsona le metsoalle e tšoenyehileng.

Pina ea 105

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela