Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 12 January
BEKE E QALANG KA LA 12 JANUARY
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Genese 6-10
No. 1: Genese 9:1-17
No. 2: Ho Arabela ba sa Lumeleng ho Molimo (rs-SU leq. 334 ¶4–leq. 336 ¶1)
No. 3: Lengolo le Tsoang ho Molimo ea Lerato (lr-SU khao. 2)
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Litsebiso tsa phutheho.
10 mets: Molemo oa ho ba le Boikutlo bo Botle Tšebeletsong ea Rōna. Puisano le bamameli. Jesu o re behetse mohlala o motle hobane o ne a talima batho bao a ba bolellang litaba tse molemo e le linku tseo ho hlokahalang hore li thusoe. (Mat. 9:36-38) Le hoja qalong Ananiase a ne a tsilatsila ho etela Saule, o ile a thusoa ke eng hore a fetole tsela eo a ikutloang ka eona? (Lik. 9:13-15) Tsela eo a ileng a bua le Saule ka eona e bontša joang hore o ne a e-na le boikutlo bo botle? (Lik. 9:17) Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le boikutlo bo botle ha re bua le batho tšimong ea rōna? Ho ba le boikutlo bo botle ho tla etsa hore re atlehe joang tšebeletsong ea rōna? Buisana hakhutšoanyane le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli bao boikutlo ba bona bo botle bo ileng ba hlahisa liphello tse ntle ha ba le tšebeletsong.
10 mets: Tsela ea ho Sebelisa Buka ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo. Puo ka molebeli oa tšebeletso kapa moholo e mong e thehiloeng bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 7-8.
10 mets: “Ba Tla Utloa Joang?”a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.