Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 19 January
BEKE E QALANG KA LA 19 JANUARY
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Genese 11-16
No. 1: Genese 14:1-16
No. 2: Ea Entseng Lintho Tsohle (lr-SU khao. 3)
No. 3: Jehova o re Bōpa Joang? (Esa. 64:8)
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso.
10 mets: Tšaba Molimo oa ’Nete ’me U Boloke Litaelo Tsa Hae. Puo eo moholo a e fanang ka mafolofolo, e thehiloeng bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 272 ho ea ho 273, serapeng sa 1.
10 mets: Buka e Tsamaisoang ka February. Ka bokhutšoanyane tšohla lintlha tse tsoang bukeng e tsamaisoang, ’me u lokisetse hore ho etsoe pontšo e le ’ngoe kapa tse peli.
10 mets: “Le Ipoloke Leratong la Molimo.”a Totobatsa litšobotsi tse khethehileng tsa buka ena. Khothalletsa bohle hore ba be teng kamehla ’me ba ikitlaelletse ho araba.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.