Kemiso ea Thuto ea Beke ea September 28
BEKE E QALANG KA LA 28 SEPTEMBER
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Numere 33-36
No. 1: Numere 33:1-23
No. 2: Re ka Tsoha Bafung! (lr-SU khao. 35)
No. 3: ’Muso oa Molimo o Phahametse Mebuso Eohle ea Batho ka Litsela Life?
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Litsebiso.
10 mets: Sebelisa Lipapiso ha U Ruta. Puo e thehiloeng lintlheng tseo bahoeletsi ba ka khonang ho li sebelisa tse hlahang bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso leqepheng la 240-243.
20 mets: “Batlang ba Tšoanelehang.” Puisano ea lipotso le likarabo. Buisana le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba behang mohlala o motle oa ho sebetsa mefuta e sa tšoaneng ea tšimo.