Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 28 June
BEKE E QALANG KA LA 28 JUNE
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cf khao. 6 ¶19-25, lebokose le ho leq. 65
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: 1 Marena 3-6
Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Litsebiso.
15 mets: Itokisetse ho Tsamaisa Limakasine Tsa July. Puisano le bamameli. Nka motsotso kapa e ’meli u tšohla lintlha tsa limakasine tseo. Ebe u khetha lihlooho tse peli kapa tse tharo ’me u kōpa bamameli ho bolela hore na ba tla botsa lipotso life ’me ba bale mangolo afe ha ba buisana le batho. Suthela pontšo ea kamoo makasine ka ’ngoe e ka tsamaisoang kateng. Phethela ka ho suthela pontšo e ’ngoe ea kamoo re ka qalang thuto ea Bibele leetong la ho boela.—Sheba km 8/07 leq. 3.
15 mets: O Koetlisitsoe ho Tloha Boseeng. Puisano le bamameli. Timothea o ne a tsejoa e le moevangeli ea chesehang le ea nang le tsebo. (Bafil. 2:20-22) E ’ngoe ea lintho tse ileng tsa mo thusa ke tsela eo ’mè oa hae le nkhono oa hae ba ileng ba mo thusa ka eona ho tloha boseeng hore a rate mesebetsi e amanang le borapeli. (2 Tim. 1:5; 3:15) Likeletso tse latelang tse thehiloeng Mangolong li tla thusa batsoali hore ba koetlise bana ba bona hore e be baboleli ba evangeli ba atlehang. (1) Qala ho tsamaea le ngoana oa hao tšebeletsong kapele kamoo ho ka khonehang; mo koetlise hore a be le seabo ho latela lilemo le bokhoni ba hae. (Liprov. 22:6) (2) Beha mohlala o motle oa ho nka tšebeletso ea hao e le ea bohlokoa. (Bafil. 1:9, 10) (3) Nakong ea Borapeli ba Lelapa le ka linako tse ling, mo rute ho rata mosebetsi oa ho bolela le ho o nka e le oa bohlokoa. (Deut. 6:6, 7) (4) Bontša hore tšebeletso ke ntho e ratehang ka tsela eo u e nkang ka eona le kamoo u buang ka eona kateng. (Bafil. 3:8; 4:8; 1 Tim. 1:12) (5) E-eang tšebeletsong kamehla le le lelapa, ’me ho ea tšebeletsong e be mokhoa oa lōna. (Lik. 5:41, 42) (6) Tloaelana le baboleli ba chesehang. (Liprov. 13:20) Kōpa bamameli hore ba bolele lintho tse tobileng tseo batsoali ba bona ba ileng ba li etsa ho ba thusa hore ba phethe tšebeletso ka tsela e thabisang le e molemo.