Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 3 September
BEKE E QALANG KA LA 3 SEPTEMBER
Pina ea 6 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
bt khao. 26 ¶1-8, lebokose le ho leq. 204 (30 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Ezekiele 39-41 (10 mets.)
No. 1: Ezekiele 40:17-31 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Mahlo a Rōna a ka re Thetsa Joang?—Gen. 3:2-6 (5 mets.)
No. 3: Na ho se Nke Lehlakore ho Bolela Hore Bakreste ha ba Thahaselle Boiketlo ba Baahelani ba Bona?—rs leq. 172 ¶3 (5 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
10 mets: Mokhoa oa ho Beha Mabaka ha U Bua le Beng ba Matlo—Karolo ea 2. Puisano e thehiloeng bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 253, serapeng sa 3, ho ea qetellong ea leqephe la 254. Suthela pontšo e khutšoanyane e bontšang ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tse hlahang boitsebisong bona.
10 mets: Litlhoko tsa phutheho.
10 mets: Lintlha Tse ka re Thusang ho Tsamaisa Limakasine ka September. Puisano. Nka metsotsoana e 30 ho ea ho e 60 u hlalosa lintlha tsa limakasine tsena tse tla khahla batho tšimong ea lōna. Ka mor’a moo, kōpa bamameli hore ba bolele lipotso tse thahasellisang tseo ba ka li botsang ha ba buella letoto la lihlooho tse qalang tsa Molula-Qhooa, ba be ba bolele hore na ba ka bala lengolo lefe. Etsa se tšoanang ka letoto la lihlooho tse qalang tsa Tsoha! ’me ha nako e lumela, u etse se tšoanang ka sehlooho se seng se hlahang ho e ’ngoe ea limakasine tseo. Suthela pontšo ea kamoo makasine ka ’ngoe e ka tsamaisoang kateng.
Pina ea 34 le Thapelo