Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 4 February
BEKE E QALANG KA LA 4 FEBRUARY
Pina ea 70 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
jr khao. 5 ¶1-6 le lebokose le leqepheng la 55 (30 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Matheu 22-25 (10 mets.)
No. 1: Matheu 23:25-39 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Ke Hobane’ng ha Bakreste ba Lokela ho Thahasella ka Matla Seo Bibele e se Bolelang Pele ho Nako?—rs leq. 89 ¶4-8 (5 mets.)
No. 3: Ke Mehlala Efe ea Bibele e Bontšang Bohlale bo Mantsoeng a Liproverbia 3:5? (5 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
10 mets: Lintlha Tse ka re Thusang ho Tsamaisa Limakasine ka February. Puisano. Nka metsotsoana e 30 ho isa ho e 60 u hlalosa hore na ke hobane’ng ha batho ba tla thahasella limakasine tsena tšimong ea lōna. Ka mor’a moo, buella sehlooho se ka ntle sa Molula-Qhooa, ʼme u kōpe bamameli hore ba fane ka litlhahiso mabapi le potso e thahasellisang eo ba ka e botsang mong’a ntlo, ebe u kōpa litlhahiso tsa hore na ho ka baloa lengolo lefe. Etsa se tšoanang ka Tsoha! ʼme, ha nako e lumela, u etse se tšoanang ka sehlooho se seng se hlahang ho e ʼngoe ea limakasine tseo. Suthela pontšo ea kamoo makasine ka ʼngoe e ka tsamaisoang kateng.
20 mets: “Mohlomong U Tla Lokela ho ba Batla Pele U ea Tšimong.” Puo ea lipotso le likarabo e fanoang ke molebeli oa tšebeletso. Totobatsa kamoo boitsebiso bona bo ka sebelisoang kateng phuthehong ea habo lōna. Haeba phutheho ea habo lōna e hlokometse sehlopha sa puo esele kapa e lokela ho batla batho ba buang puo e sebelisoang phuthehong, ha le tšohla serapa sa 5, suthela pontšo ea seo mohoeletsi a ka se buang mosebetsing ona oa ho batla batho.
Pina ea 95 le Thapelo