Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 8 April
BEKE E QALANG KA LA 8 APRIL
Pina ea 123 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
jr khao. 7 ¶14-20 (30 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Luka 10-12 (10 mets.)
No. 1: Luka 12:1-21 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Litšobotsi Tse sa Tšoaneng Tsa Merabe li ka Hlalosoa Joang?—rs leq. 304 ¶3–leq. 305 ¶2 (5 mets.)
No. 3: Lebaka Leo ka Lona re Nkang Jehova e le Ntate oa Rōna—Mat. 6:9 (5 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
10 mets: U ka ba Mohloli oa Khothatso. (Bar. 1:11, 12) Puisano ka molebeli oa tšebeletso. Bolela hore na ho na le bo-pula-maliboho ba kamehla ba bakae phuthehong. Bolela litsela tseo re ka ba khothatsang ka tsona, tse joaloka ho ba babatsa, ho sebetsa le bona tšimong, ho ba memela lijong le ho ba thusa ka litšenyehelo tsa lipalangoang. Kōpa bo-pula-maliboho hore ba bolele hore na ba bang ba ’nile ba ba khothatsa joang. Haeba phutheho e se na bo-pula-maliboho ba kamehla, bolela kamoo re ka khothatsang bo-pula-maliboho ba thusang kateng.
10 mets: Ho Araba Lipotso Tse Mabapi le Mehla ea Qetello. Puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 300, serapeng sa 5, ho ea leqepheng la 302, serapeng sa 3. Suthela pontšo e khutšoanyane ea tlhahiso e le ’ngoe.
10 mets: “Nkang Baprofeta e le Mohlala—Jonase.” Lipotso le likarabo.
Pina ea 13 le Thapelo