Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 15 April
BEKE E QALANG KA LA 15 APRIL
Pina ea 6 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
jr khao. 8 ¶1-7 (30 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Luka 13-17 (10 mets.)
No. 1: Luka 16:16-31 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Na Kaha ha Rea Phethahala, Seo se Bolela Hore ha re na Thuso ho Molimo?—Pes. 103:8, 9, 14; Bagal. 6:9 (5 mets.)
No. 3: Na Batho Bohle ke Bana ba Molimo?—rs leq. 306 ser. ¶1-5 (5 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
10 mets: Lebokose la Lipotso. Puisano.
10 mets: Litsela Tsa ho Atolosa Tšebeletso ea Hao—Karolo ea 2. Puo e thehiloeng bukeng ea Ho Hlophisetsoa, leqepheng la 112, serapeng sa 3 ho ea leqepheng la 114, serapeng sa 1. Buisana le pula-maliboho a le mong kapa ba babeli mabapi le hore na ba ile ba etsa liphetoho joang e le hore ba khone ho bula-maliboho.
10 mets: Na Ua Paka Mosebetsing? Puisano e thehiloeng lipotsong tse latelang. (1) Ke hobane’ng ha ho le molemo hore basebetsi-ʼmoho le uena ba tsebe hore u Paki ea Jehova? (2) U ka etsa joang hore ba tsebe? (3) Ke maemo afe mosebetsing a fanang ka menyetla ea hore u pake? (4) Ke hobane’ng ha ho le molemo hore u be le Bibele le lingoliloeng tse itseng mosebetsing ha ho khoneha? (5) Ke hobane’ng ha ho le molemo hore u se ke ua paka ka nako e telele nakong eo u lokelang hore ebe ua sebetsa? (6) Ke liphihlelo life tse ntle tseo u bileng le tsona ha u paka mosebetsing?
Pina ea 45 le Thapelo