Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 24 June
BEKE E QALANG KA LA 24 JUNE
Pina ea 123 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
jr khao. 11 ¶1-8 (30 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Liketso 8-10 (10 mets.)
Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo (20 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
10 mets: “Buella Sehlooho se le Seng, Empa U Siee Limakasine Tse Peli.” Puo. Ka mor’a puo, suthela pontšo e bontšang kamoo mohoeletsi a ka sebelisang mohlala o leqepheng la 8 ha a qala thuto Moqebelong oa pele oa July.
10 mets: Mosebetsi oa Rōna Hase oa Lefeela. (Baheb. 6:10) Puisano e thehiloeng Bukeng ea Selemo ea 2013, leqepheng la 113-115. Kōpa bamameli hore ba bolele lintho tseo ba ithutileng tsona.
10 mets: Lingoliloeng Tse Tla Tsamaisoa ka July le August. Puisano. Ka bokhutšoanyane tšohla lintlha tsa libukana tse tla tsamaisoa. Suthela pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang tse peli tsa libukana tseo. Pontšong e ’ngoe ho ka sebelisoa bukana ea Litaba Tse Molemo ka mohlala o leqepheng la 8, kapa o mong oa mehlala e hlahang Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea March 2013.
Pina ea 129 le Thapelo