Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 27 January
BEKE E QALANG KA LA 27 JANUARY
Pina ea 106 le Thapelo
Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cl khao. 2 ¶1-11 (30 mets.)
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Genese 17-20 (10 mets.)
No. 1: Genese 17:18–18:8 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Jesu ha a ea Leholimong ka ’Mele oa Nama—rs leq. 427 ¶3–leq. 428 ¶2 (5 mets.)
No. 3: Abba—Lentsoe “Abba” le Sebelisitsoe Joang ka Mangolong, Hona Batho ba ’Nile ba le Sebelisa Hampe Joang?—it-1-E maq. 13-14, Kapa U Iketsetse Lipatlisiso (5 mets.)
Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Qala Thuto ea Bibele Moqebelong oa Pele. Puo. Bolela litokisetso tsa tšimo tse entsoeng bakeng sa Moqebelo oa pele oa February ’me u khothalletse bohle hore ba be teng. Suthela pontšo e khutšoanyane e bontšang kamoo mohoeletsi a ka sebelisang mohlala o leqepheng la 4.
15 mets: Lipakane Tsa Hao Tsa Moea ke Life? Puisano e thehiloeng bukeng ea Ho Hlophisetsoa, leqepheng la 117, serapeng sa 1 ho ea qetellong ea khaolo. Buisana le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba finyeletseng pakane ea bona ea tšebeletso ea nako e tletseng. Ba bang ba ile ba ba khothatsa joang? Ba ile ba hlōla litšitiso life? Ba thabetse litlhohonolofatso life?
10 mets: “Tselana ea Limakasine—Ke ea Bohlokoa Bakeng sa ho Qala Lithuto Tsa Bibele.” Lipotso le likarabo. Kōpa bamameli hore ba bolele hore na ba khonne ho qala thuto ea Bibele joang le motho eo ba neng ba mo tsamaisetsa limakasine kamehla.
Pina ea 103 le Thapelo