Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 3 February
BEKE E QALANG KA LA 3 FEBRUARY
Pina ea 22 le Thapelo
Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cl khao. 2 ¶12-20 (30 mets.)
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Genese 21-24 (10 mets.)
No. 1: Genese 23:1-20 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Ke Hobane’ng ha Jesu a Ile a Hlaha ka ’Mele oa Nama?—rs leq. 428 ¶3–leq. 429 ¶2 (5 mets.)
No. 3: Abele—Bontša Tumelo e Khahlisang Molimo—it-1-E leq. 15, Abele No. 1, Kapa U Iketsetse Lipatlisiso (5 mets.)
Seboka sa Tšebeletso:
10 mets: Tsamaisa Limakasine ka February. Puisano. Qala ka pontšo e bontšang kamoo limakasine li ka tsamaisoang kateng ho sebelisoa mehlala e leqepheng lena. Ebe u hlalosa mehlala eo ka ho bala mohlala ka mong, polelo e le ’ngoe kapa tse peli ka nako, ’me u kōpe bamameli hore ba hlalose morero oa eona. Hopotsa bahoeletsi hore ba lokela ho sebelisa mantsoe a bona, ba ka khetha ho fetola mehlala eo kapa ba iketsetse nehelano e ’ngoe. Phetha ka ho khothalletsa bohle hore ba tsebe limakasine tsena hantle ’me ba kopanele ka mahlahahlaha ha li tsamaisoa.
10 mets: Litlhoko tsa phutheho.
10 mets: Le Tla ba Tseba ka Litholoana Tsa Bona. (Mat. 7:16) Puisano e thehiloeng Bukeng ea Selemo ea 2013, leqepheng la 47, serapeng sa 1-2; le leqepheng la 52, serapeng sa 1-6. Kōpa bamameli hore ba bolele lintho tseo ba ithutileng tsona.
Pina ea 25 le Thapelo