Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 12 May
BEKE E QALANG KA LA 12 MAY
Pina ea 49 le Thapelo
cl khao. 7 ¶1-8 (30 mets.)
’Malo oa Bibele: Exoda 27-29 (10 mets.)
No. 1: Exoda 29:19-30 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Jesu ha aa ka a Arola Molao oa Moshe Likarolo Tse Peli e Leng ea “Mekete” le ea “Boitšoaro”—rs leq. 382 ¶4–leq. 383 ¶1 (5 mets.)
No. 3: Abrahama—Ho Mamela, ho Hloka Boithati le Sebete ke Litšobotsi Tse Khahlisang Jehova—it-1-E leq. 29 ¶4-7, Kapa U Iketsetse Lipatlisiso (5 mets.)
15 mets: Lichaba Tsohle li Tla Phallela ho Eona. (Esa. 2:2) Buisana le bahoeletsi ba babeli, e mong e be ea bileng ’neteng ka lilemo tse ngata ’me e mong e be ea sa tsoa kolobetsoa. Ke’ng se ileng sa etsa hore ba khahloe ke ’nete? Ke mathata afe ao ba ileng ba tobana le ’ona? Ba ile ba khahloa ke’ng ha ba qala ho ea libokeng? Ke eng seo ba sa se lebaleng ka se ileng sa etsahala ha ba qala ho ea tšimong? Ba bang ka phuthehong ba ile ba ba thusa joang hore ba matlafatse kamano ea bona le Molimo?
15 mets: “Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Lokisetsa Kenyelletso.” Puisano. Suthela lipontšo tse peli. Ea pele e be ea mohoeletsi ea etsang kenyelletso e sa lokisetsoang hantle ’me ea bobeli e be e lokiselitsoeng hantle. Ha nako e lumela, kopanyelletsa le lintlha tse loketseng tse hlahang bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso leqepheng la 215-219.
Pina ea 117 le Thapelo