Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 9 June
BEKE E QALANG KA LA 9 JUNE
Pina ea 24 le Thapelo
cl khao. 8 ¶9-16 (30 mets.)
’Malo oa Bibele: Levitike 1-5 (10 mets.)
No. 1: Levitike 4:16-31 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Ke Bo-mang Bao Bibele e Reng ke “Bahalaleli”?—rs leq. 34 ¶1–3 (5 mets.)
No. 3: Absalome—Botle, Boikhomoso le Boqhekelli li Lebisa Liphellong Tse Bohloko—it-1-E maq. 32-33 ¶1, Kapa U Iketsetse Lipatlisiso (5 mets.)
15 mets: Na U Kile Ua Leka ho li Sebelisa? Puisano. Fana ka puo e khutšoanyane e tšohlang lihlooho tse latelang tse sa tsoa hlaha Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso: “Litsela Tse Ncha Tsa ho Paka Phatlalatsa” (km 7/13), “Ho Thusa ba E-s’o Lokele ho Ithuta Buka ea Seo Bibele e se Rutang” (km 12/13) le “Tselana ea Limakasine—Ke ea Bohlokoa Bakeng sa ho Qala Lithuto Tsa Bibele” (km 1/14). Kōpa bamameli hore ba bolele hore ba ruile molemo joang ka ho sebelisa seo ba ithutileng sona lihloohong tsena.
15 mets: “August e Tla ba Khoeli e Ikhethang!” Lipotso le likarabo ka molebeli oa tšebeletso. Haeba le se le e-na le pampitšana ea Re ka Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsa Bohlokoa Bophelong Hokae? lokisetsa hore e abeloe phutheho ebe le tšohla lintlha tse hlahang ho eona. Bontša hore na le entse litokisetso life hore le akaretse tšimo.
Pina ea 107 le Thapelo