Kemiso ea Thuto ea Beke ea la October 13
BEKE E QALANG KA LA 13 OCTOBER
Pina ea 8 le Thapelo
Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cl khao. 14 lir. 10-15 (30 mets.)
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Deuteronoma 4-6 (10 mets.)
No. 1: Deuteronoma 4:29-43 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Liphetoho Tseo Motho a Lokelang ho li Etsa Hore a Thabise Molimo—rs leq. 115 ¶1–leq. 116 ¶1 (5 mets.)
No. 3: Seo Bibele e se Buang ka Bosodoma—rs leq. 114 ¶3-5 (5 mets.)
Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Ho Bolela ka ho Potlaka Kapa ka ho Phehella ho Bolela’ng? Puo e fanoang ka cheseho e hlalosang 2 Timothea 4:2. Sebelisa lintlha tse hlahang Molula-Qhooeng oa March 15, 2012, leqepheng la 16-17, serapeng sa 7-9.
10 mets: Ke Hobane’ng ha Mosebetsi oa Rōna oa Boboleli o Potlakile? Puo ka moholo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa March 15, 2012, leqepheng la 15-16, serapeng sa 3-6, le leqepheng la 18, serapeng sa 14-18. Buella kamoo ho sebelisa tataiso e hlahang lihloohong tsa Tšebeletso ea ’Muso tse nang le sehlooho se reng “Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling” li ka re thusang kateng ho bolela ka potlako.
15 mets: “Sebelisa Menyetla e Hlahang ea Hore U Phatlalatse Molaetsa oa ’Muso!” Lipotso le likarabo. Ha u tšohla serapa sa 3, kōpa bamameli hore ba phete liphihlelo tseo ba bileng le tsona ha ba paka neng le neng ha monyetla o hlaha. Liela likhala ka ho kenyelletsa sehlooho sa khoeli. Khothalletsa bamameli ho bala lihlooho tse peli tsa “Moqoqo le Moahelani” tse tla tšohloa Sebokeng sa Tšebeletso sa beke e tlang.
Pina ea 97 le Thapelo