Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 18 May
BEKE E QALANG KA LA 18 MAY
Pina ea 50 le Thapelo
Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cl khao. 24 ¶18-21, lebokose le ho leq. 249 (30 mets.)
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: 2 Samuele 9-12 (8 mets.)
No. 1: 2 Samuele 10:13–11:4 (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Benaia (No. 1)—Sehlooho: Tšepahala ’me U be Sebete—it-1-E maq. 284-285, kapa u iketsetse lipatlisiso (5 mets.)
No. 3: Re ka ba le Tšepo Efe ka Bafu?—igw leq. 19 ¶1-3 (5 mets.)
Seboka sa Tšebeletso:
Sehlooho sa Khoeli: Thusang batho ba mefuta eohle hore ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.—1 Tim. 2:3, 4.
10 mets: Kamoo Pauluse a Ileng a Thusa Bagerike Hore ba be le Tsebo e Nepahetseng ea ’Nete Kateng. Puisano. Lokisetsa hore ho baloe Liketso 17:22-31. Tšohlang hore na tlaleho ena e ka re thusa joang tšebeletsong ea tšimo.
20 mets: Jehova o Tla U Thusa Hore U be Sebete. Puisano. Bapala video ea sehlooho se reng Jehova o Tla U Thusa Hore U be Sebete. (Kena ho jw.org/st, ’me u shebe tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > BANA.) Kōpa bamameli hore ba hlalose hore na ba ithutile eng videong ena. Kōpa bana ba sekolo hore ba hlalose hore na video ena e ba thusitse joang hore ba be sebete ho pakela bana bao ba kenang sekolo le bona le matichere. Suthela pontšo e bontšang se etsahetseng ha ngoana e mong a ne a paka sekolong.
Pina ea 60 le Thapelo