Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 27 July
BEKE E QALANG KA LA 27 JULY
Pina ea 18 le Thapelo
Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cl khao. 28 ¶1-9 (30 mets.)
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: 1 Marena 15-17 (8 mets.)
No. 1: 1 Marena 15:16-24 (3 mets kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Bibele e ka Thusa Basali Joang?—igw leq. 26 ¶3-4 (5 mets.)
No. 3: Davida—Sehlooho Bacha, Itokisetseng ho Sebeletsa Jehova ka Sebete Hona Joale—it-1-E maq. 585-591 kapa u iketsetse lipatlisiso (5 mets.)
Seboka sa Tšebeletso:
Sehlooho sa Khoeli: ‘E-eang ’me le etse barutuoa.’—Mat. 28:19,20.
10 mets: Na U Ntse U Ntlafatsa Tsebo ea Hao Boboleling? Puisano. Tšohla serapa sa pele se hlahang Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea February 2014, se hlalosang sepheo sa ho ba le lihlooho tse buang ka “Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling.” Ka bokhutšoanyane tšohla lihlooho tse ling tse fetileng. Kōpa bamameli hore ba bolele melemo eo ba e fumaneng lihloohong tsena. Khothalletsa bahoeletsi ho ela hloko tsela eo ba ka ntlafatsang tsebo ea bona ka eona khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ka ho sebelisa litlhahiso tse hlahang sehloohoaneng se reng “Leka Sena Khoeling Ena.”
10 mets: Sebelisa Bukana ea “Selelekela sa Lentsoe la Molimo” ho Thusa Seithuti sa Hao sa Bibele. Puisano. Tšohlang hore na re ka sebelisa likarolo tse latelang joang ho thusa seithuti ho sebelisa Bibele hamolemo: (1) “Kamoo U ka Fumanang Litemana Tsa Bibele.” (2) Potso ea 19: “Libuka tse sa tšoaneng tsa Bibele li na le molaetsa ofe?” (3) Potso ea 20: “U ka rua molemo joang ha u bala Bibele?” Kenyelletsa pontšo e khutšoanyane eo mohoeletsi a bontšang seithuti sa hae e ’ngoe ea likarolo tsena qetellong ea thuto ea bona.
10 mets: “Mekotla ea Lintho Tseo re Rutang ka Tsona.” Lipotso le likarabo.
Pina ea 125 le Thapelo