Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwbr20 May maq. 1-12
  • Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
  • Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona—2020
  • Lihloohoana
  • LA 4-LA10 MAY
  • LA 11-LA 17 MAY
  • LA 18-LA 24 MAY
  • LA 25-LA 31 MAY
Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona—2020
mwbr20 May maq. 1-12

Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona

LA 4-LA10 MAY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 36-37

“Baholoane ba Josefa Baa mo Monela”

(Genese 37:​3, 4) Iseraele o ne a rata Josefa ho feta bara ba bang bohle ba hae, hobane e le mora oa botsofali ba hae; ’me o ne a mo etselitse seaparo se selelele, se metsero se kang hempe. 4 Ha barab’abo ba bona hore ntat’a bona o mo rata ho feta barab’abo bohle, ba qala ho mo hloea, ’me ba ne ba sa khone ho bua ka khotso le eena.

w14 8/1 11-13

“Ka Kopo Mamelang Toro Ena”

Bibele e re: “Ha barab’abo ba bona hore ntat’a bona o mo rata ho feta barab’abo bohle, ba qala ho mo hloea, ’me ba ne ba sa khone ho bua ka khotso le eena.” (Genese 37:4) Hoa utloahala hore na ke hobane’ng ha ba ne ba le mona, empa barab’abo Josefa ba ile ba hloka bohlale ka hore ebe ba ile ba inehela maikutlong ao a mabe. (Liproverbia 14:​30; 27:4) Na u kile ua iphumana u jeoa ke mona ha motho e mong a eloa hloko kapa a fuoa tlotla eo u e batlang? Hopola barab’abo Josefa. Mona oa bona o ile oa ba susumelletsa ho etsa lintho tseo ba neng ba tla ikoahlaela tsona. Mohlala oa bona o hopotsa Bakreste hore ke bohlale ho ‘thaba le batho ba thabileng.’​—Baroma 12:15.

Ka sebele Josefa o ile a lemoha hore barab’abo ba mo hloile. Kahoo na o ne a pata seaparo sa hae se mahalihali ha a e-na le barab’abo? E ka ’na eaba o ile a ba le maikutlo a joalo. Leha ho le joalo, hopola hore Jakobo o ne a batla hore seaparo sena e be pontšo ea hore o mo nka e le ea khethehileng ’me oa mo rata. Josefa o ne a batla ho phela ka tsela e tla etsa hore ntate oa hae a mo tšepe, kahoo o ne a lula a se apere. Mohlala oa hae ke oa bohlokoa ho rona. Le hoja ho se mohla Ntate oa rona ea leholimong a bang leeme, ka linako tse ling o bontša bahlanka ba hae ba itseng mohau. Ho feta moo, o batla hore ba se ke ba tšoana le lefatše lena le bolileng. Feela joaloka seaparo sa Josefa se khethehileng, boitšoaro ba Bakreste ba ’nete bo ba khetholla bathong bao ba leng har’a bona. Ka linako tse ling boitšoaro bo joalo bo baka mona le lehloeo. (1 Petrose 4:4) Na joale Mokreste o lokela ho pata hore ke mohlanka oa Molimo? Che, o lokela ho etsisa Josefa ea sa kang a pata seaparo sa hae.​—Luka 11:​33.

(Genese 37:​5-9) Hamorao Josefa a ba le toro ’me a e bolella barab’abo, eaba ba fumana lebaka le eketsehileng la ho mo hloea. 6 Eaba o re ho bona: “Ka kopo, mamelang toro ena eo ke e lorileng. 7 Bonang! re ne re tlama mangata har’a tšimo ha ngata ea ka e tsoha ebile e ema e otlolohile ’me bonang! mangata a lona a pota-pota ngata ea ka ’me a e inamela.” 8 Eaba barab’abo ba qala ho re ho eena: “Na ka sebele u tla ba morena oa rona? kapa, Na ka sebele u tla re laola?” Kahoo ba fumana lebaka le lecha la ho mo hloea ka lebaka la litoro tsa hae le ka lebaka la mantsoe a hae. 9 Ka mor’a moo a ba le toro e ’ngoe hape, ’me a e phetela barab’abo a re: “Bonang! ke bile le toro e ’ngoe, ’me bonang! letsatsi le khoeli le linaleli tse leshome le motso o mong li ne li inama ka pel’a ka.”

(Genese 37:​11) Eaba barab’abo baa mo honohela, empa ntat’ae a boloka polelo eo.

w14 8/1 13 ¶2-4

“Ka Kopo Mamelang Toro Ena”

Litoro tseo li ne li tsoa ho Jehova Molimo. E ne e le tsa boprofeta ’me Molimo o ne a batla hore Josefa a fetise molaetsa oa tsona. Ka mantsoe a mang, Josefa o ne a lokela ho etsa seo baprofeta bohle ba neng ba tla mo latela ba ileng ba se etsa ha ba bolella sechaba sa Molimo se khelohileng melaetsa le likahlolo tsa Hae.

Ka bohlale Josefa o ile a re ho barab’abo: “Ka kopo, mamelang toro ena eo ke e lorileng.” Barab’abo ba ile ba utloisisa toro ea hae empa ha baa ka ba e rata. Ba ile ba re: “Na ka sebele u tla ba morena oa rona? kapa, Na ka sebele u tla re laola?” Ha tlaleho ena e tsoela pele e re: “Kahoo ba fumana lebaka le lecha la ho mo hloea ka lebaka la litoro tsa hae le ka lebaka la mantsoe a hae.” Ha Josefa a phetela ntat’ae le barab’abo toro ea bobeli, ba ile ba etsa se tšoanang. Tlaleho e re: “Ntat’ae a qala ho mo khalemela ka matla a re ho eena: ‘Toro ena eo u e lorileng e bolela’ng? Na ’na le ’m’ao le barab’eno ka sebele re tla tla ’me re iname ka pel’a hao?’ ” Leha ho le joalo, Jakobo o ile a nahana ka taba eo ’me a ipotsa hore na ebe Jehova o bua le bona a sebelisa moshanyana eo.​—Genese 37:​6, 8, 10, 11.

Josefa hase eena feela mohlanka oa Jehova ea ileng a koptjoa hore a fetise molaetsa oa boprofeta o sa tloaelehang le o etsang hore a hlorisoe. Jesu ke eena mophatlalatsi e moholo ka ho fetisisa oa melaetsa e joalo, ’me o ile a re ho balateli ba hae: “Haeba ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa.” (Johanne 15:​20) Bakreste ba lilemo tsohle ba ka ithuta lintho tse ngata tseleng eo Josefa a neng a le sebete a bile a e-na le tumelo ka eona.

(Genese 37:​23, 24) Kahoo eitse hang ha Josefa a fihla ho barab’abo, ba hlobolisa Josefa seaparo sa hae se selelele, sona seaparo se selelele se metsero seo a neng a se apere; 24 ka mor’a moo ba mo nka ’me ba mo lahlela ka sekoting sa metsi. Ka nako eo sekoti se ne se se na letho; ho ne ho se metsi ka ho sona.

(Genese 37:​28) Joale banna, bahoebi ba Bamidiane, ba feta. Kahoo ba hula Josefa ba mo nyolla ka sekoting sa metsi ba ntan’o rekisa Josefa ho Baishmaele ka likotoana tsa silevera tse mashome a mabeli. Qetellong ba tlisa Josefa Egepeta.

Batlisisa Matlotlo a Patiloeng

(Genese 36:1) Ena ke histori ea Esau, ke ho re, Edomo.

it-1-E 678

Edomo

(Edomo) [Bofubelu], Baedomo.

Edomo ke lebitso le leng la Esau e leng lefahla la Jakobo. (Gen 36:1) O ile a bitsoa joalo hobane a rekisitse tokelo ea hae ea ho ba letsibolo hore feela a fumane sechu se sefubelu. (Gen 25:​30-34) Esau ha a hlaha o ne a le mofubelu (Gen 25:​25) ’me naha eo eena le litloholo tsa hae ba neng ba lula ho eona e ne e boetse e le khubelu.

(Genese 37:​29-32) Hamorao Rubene a khutlela sekoting sa metsi ’me bonang! Josefa o ne a le sieo ka sekoting sa metsi. Ka lebaka leo a hahola liaparo tsa hae. 30 Ha a khutlela ho barab’abo ba bang a hooa: “Ngoana o ile! ’Me ’na​—ruri ke tla ea hokae?” 31 Leha ho le joalo, ba nka seaparo sa Josefa se selelele ’me ba hlaba phooko eaba ba ina seaparo se selelele maling khafetsa. 32 Ka mor’a moo ba romela seaparo se selelele se metsero ’me ba etsa hore se isoe ho ntat’a bona eaba ba re: “Re fumane sena. Ka kopo, hlahloba hore na ke seaparo se selelele sa mora oa hao kapa che.”

it-1-E 561-562

Ho Hlokomela

Ha molisana a ne a lumela hore o tla hlokomela liphoofolo kapa ho li lisa, ka molao o ne a nka boikarabelo bohle bakeng sa tsona. O ne a bontša hore o tla li lefella haeba batho ba ka li utsoa le hore o tla li fepa. Leha ho le joalo, molao ona o ne o sa sebetse haeba boemo bo ne bo se taolong ea molisana joaloka haeba mohlape o ne o ka hlaseloa ke liphoofolo tse hlaha. Empa pele ho moo, o ne a lokela ho fana ka bopaki ba hore phoofolo e rusulotsoe ke phoofolo e hlaha. Haeba mong’a phoofolo a ne a khotsofetse ke bopaki boo, o ne a tla nka molisana a se molato.

Molao ona o ne o sebetsa le haeba motho a tšepetsoe ho hlokomela thepa. O ne o boela o sebetsa le ka lapeng. Mohlala, mora oa letsibolo o ne a e-na le boikarabelo ba molao ba ho hlokomela bana babo. Ke ka hona re ka utloisisang hore na ke hobane’ng ha Rubene a ne a khathatsehile ha bana babo ba ne ba batla ho bolaea Josefa joalokaha ho tlalehiloe ho Genese 37:​18-30. “Eaba o re: ‘A re se keng ra bolaea moea oa hae.’ . . . ‘Le se ke la tšolla mali . . . le se ke la mo isa letsoho ka mabifi.’ Morero oa hae e ne e le ho mo lopolla matsohong a bona e le hore a ka mo khutlisetsa ho ntat’ae.” Ha Rubene a hlokomela hore Josefa ha a eo, o ile a tšoha hoo a ileng “a hahola liaparo tsa hae” eaba o re: “Ngoana o ile! ’Me ’na​—ruri ke tla ea hokae?” O ne a tseba hore o tla botsoa ka ho nyamela ha Josefa. Baholoane ba Josefa ba ile ba loha leano la hore o bolailoe ke sebata sa naha e le hore ba intše litabeng. Ba ile ba inela seaparo se tabohileng sa Josefa ka maling a poli. Ka mor’a moo, ba fana ka bopaki ho ntate oa bona eo e neng e bile e le moahloli oa lelapa. Jakobo o ile a tšoarela Rubene ka lebaka la seaparo se mali sa Josefa ’me a etsa qeto ea hore o shoele.​—Gen 37:​31-33.

’Malo oa Bibele

(Genese 36:​1-19) Ena ke histori ea Esau, ke ho re, Edomo. 2 Esau a nka basali ba hae ho barali ba Kanana: Ada morali oa Elone Mohethe le Oholibama morali oa Ana, setloholo sa Zibeone Moheve, 3 le Basmathe, morali oa Ishmaele, khaitseli ea Nebajothe. 4 Ada a tsoalla Esau Elifaze, ’me Basmathe a tsoala Reuele, 5 Oholibama a tsoala Jeushe le Jalame le Kora.Bana ke bara ba Esau bao a ba tsoaletsoeng naheng ea Kanana. 6 Ka mor’a moo Esau a nka basali ba hae le bara ba hae le barali ba hae le meea eohle ea ntlo ea hae le mohlape oa hae le liphoofolo tse ling tsohle tsa hae le leruo lohle la hae, leo a le bokeletseng naheng ea Kanana, a ea naheng e hole le Jakobo mor’abo, 7 hobane thepa ea bona e ne e le ngata haholo hore ba ka lula hammoho ’me naha ea bojaki ba bona e ne e sa khone ho ba phelisa ka lebaka la mehlape ea bona. 8 Kahoo Esau a lula sebakeng se lithaba sa Seire. Esau ke Edomo. 9 Ena ke histori ea Esau ntat’a Edomo sebakeng se lithaba sa Seire. 10 Ana ke mabitso a bara ba Esau: Elifaze mora oa Ada, mosali oa Esau; Reuele mora oa Basmathe, mosali oa Esau. 11 Bara ba Elifaze e bile Temane, Omare, Zefo le Gatame le Kenaze. 12 Timna ea e-ba serethe sa Elifaze, mora oa Esau. Ka mor’a nako a tsoalla Elifaze Amaleke. Bana ke bara ba Ada, mosali oa Esau. 13 Bana ke bara ba Reuele: Nahathe le Zera, Shama le Miza. Bana e bile bara ba Basmathe, mosali oa Esau. 14 Bana e bile bara ba Oholibama morali oa Ana, setloholo sa Zibeone, mosali oa Esau, ka hore ebe o ile a tsoalla Esau Jeushe le Jalame le Kora. 15 Bana ke baeta-pele ba bara ba Esau: Bara ba Elifaze, letsibolo la Esau: Moeta-pele Temane, moeta-pele Omare, moeta-pele Zefo, moeta-pele Kenaze, 16 moeta-pele Kora, moeta-pele Gatame, moeta-pele Amaleke. Bana ke baeta-pele ba Elifaze naheng ea Edomo. Bana ke bara ba Ada. 17 Bana ke bara ba Reuele, mora oa Esau: Moeta-pele Nahathe, moeta-pele Zera, moeta-pele Shama, moeta-pele Miza. Bana ke baeta-pele ba Reuele naheng ea Edomo. Bana ke bara ba Basmathe, mosali oa Esau. 18 Qetellong bana ke bara ba Oholibama, mosali oa Esau: Moeta-pele Jeushe, moeta-pele Jalame, moeta-pele Kora. Bana ke baeta-pele ba Oholibama morali oa Ana, mosali oa Esau. 19 Bana ke bara ba Esau, ’me bana ke baeta-pele ba bona. Ke eena Edomo.

LA 11-LA 17 MAY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 38-39

“Jehova Haa ka a Lahla Josefa”

(Genese 39:1) Ha e le Josefa, a theoleloa Egepeta, ’me Potifaro, molaoli oa lekhotla oa Faro, mookameli oa balebeli, Moegepeta, a mo reka matsohong a Baishmaele ba neng ba mo tlisitse moo.

w14 11/1 12 ¶4-5

“Nka Etsa Bobe Bona bo Boholo Joang?”

“Ha e le Josefa, a theoleloa Egepeta, ’me Potifaro, molaoli oa lekhotla oa Faro, mookameli oa balebeli, Moegepeta, a mo reka matsohong a Baishmaele ba neng ba mo tlisitse moo.” (Genese 39:1) Mantsoe ao a seng makae a Bibele a re thusa ho bona kamoo Josefa a neng a ikutloa a tlotlolohile kateng ha a boela a rekisoa. E ne e le lekhoba! U ka inahanela Josefa a setse mong’a hae oa Moegepeta morao ba tsamaea literateng tse phetheselang ba lebile moo a seng a tla lula teng.

Qetellong o ile a fihla moo a neng a il’o lula teng, empa ho ne ho fapane hole le habo. O ne a holetse lelapeng le lulang le falla e le hore le hlokomele mehlape ea linku. Empa mona moo a neng a se a lula teng, Baegepeta ba ruileng ba kang Potifaro ba ne ba lula matlong a matle a mebala-bala. Baepolli ba lintho tsa khale ba tlaleha hore Baegepeta ba boholo-holo ba ne ba rata liratsoana tsa lipalesa tse nang le lifate le matamo a ho lema lipalesa tse melang metsing. Matlo a mang a ne a le ka har’a liratsoana tsa lipalesa, a e-na le liforanta tseo motho a ka lulang ho tsona e le hore a hahloe ke moea, a e-na le lifensetere tse kholo le likamore tse ngata ho akarelletsa le likamore tse kholo tsa ho jela le matlo a basebetsi ba lapeng.

(Genese 39:​12-14) Eaba o mo tšoara ka seaparo, o re: “Robala le ’na!” Empa a siea seaparo sa hae letsohong la hae a baleha a tsoela ka ntle. 13 Eare hang ha a bona hore o siile seaparo sa hae letsohong la hae e le hore a balehele ka ntle, 14 a qala ho hoeletsa banna ba ntlo ea hae a re ho bona: “Bonang! O re tliselitse monna oa Moheberu, bakeng sa ho re fetola litšeho. O tlile ho ’na ho tla robala le ’na, empa ka qala ho hoeletsa ka lentsoe le phahameng.

(Genese 39:​20) Kahoo mong’a Josefa a mo nka a mo isa ntlong ea chankana, sebakeng seo ho sona batšoaruoa ba morena ba bolokoang litlamong, ’me a hlola moo ntlong ea chankana.

w14 11/1 14-15

“Nka Etsa Bobe Bona bo Boholo Joang?”

Ha re tsebe hakaalo ka hore na batšoaruoa ba Egepeta ba ne ba tšoaroa joang mehleng eo. Baepolli ba lintho tsa khale ba fumane mesaletsa ea mehaho e meholo ea chankana e nang le lisele le teronko e ka tlas’a lefatše. Hamorao Josefa o ile a re o ne a le “sekoting sa chankana,” e leng se bolelang sebaka se lefifi, seo ho sona ho se nang tšepo. (Genese 40:​15) Lengolo la Pesaleme le re bolella hore Josefa o ile a hlorisoa le ho feta: “Ba mo hlokofatsa ka ho mo tlama maoto ka litšepe, ba ’mofa ka mahlaahlela.” (Pesaleme ea 105:​17, 18, BPN) Ka linako tse ling Baegepeta ba ne ba fasa batšoaruoa litsoeng; ba bang ba fasoa molaleng. E tlameha e be Josefa o ile a utloa bohloko ha a tšoaroa ka tsela eo le hoja a sa etsa letho!

Ho hobe le ho feta ke hore ha aa ka a tšoaroa joalo ka nakoana. Tlaleho e re Josefa “a hlola moo ntlong ea chankana.” O ile a lula moo lilemo tse ngata! Josefa o ne a sa tsebe hore na o tla lokolloa neng. O ile a etsa’ng hore a se ke a nyahama ha a bona lilemo li ntse li feta?

Bibele e re tiisa ’moko ka ho re: “Jehova a ’na a ba le Josefa ’me a ’na a mo bontša mosa o lerato.” (Genese 39:​21) Jehova a ke ke a sitisoa ke letho hore a bontše bahlanka ba hae mosa o lerato. (Baroma 8:​38, 39) E tlameha e be Josefa o ne a tšollela matšoenyeho a hae ho Jehova ka thapelo ’me a fumana khotso le botsitso tse fanoang feela ke “Molimo oa matšeliso ’ohle.” (2 Bakorinthe 1:​3, 4; Bafilipi 4:​6, 7) Ke’ng hape seo Jehova a ileng a se etsetsa Josefa? Bibele e re o ile a etsa hore a “fumane kamohelo mahlong a molaoli ea ka sehloohong oa ntlo ea chankana.”

(Genese 39:​21-23) Leha ho le joalo, Jehova a ’na a ba le Josefa ’me a ’na a mo bontša mosa o lerato ’me a lumella hore a fumane kamohelo mahlong a molaoli ea ka sehloohong oa ntlo ea chankana. 22 Kahoo molaoli ea ka sehloohong oa ntlo ea chankana a beha batšoaruoa bohle ba ntlong ea chankana letsohong la Josefa; sohle seo ba se etsang moo ke eena ea neng a re se etsoe. 23 Molaoli ea ka sehloohong oa ntlo ea chankana o ne a sa hlokomele letho ho hang le letsohong la hae, hobane Jehova o ne a e-na le Josefa ’me a atlehisa seo a se etsang.

w14 11/1 15 ¶2

“Nka Etsa Bobe Bona bo Boholo Joang?”

Bibele e re tiisa ’moko ka ho re: “Jehova a ’na a ba le Josefa ’me a ’na a mo bontša mosa o lerato.” (Genese 39:​21) Jehova a ke ke a sitisoa ke letho hore a bontše bahlanka ba hae mosa o lerato. (Baroma 8:​38, 39) E tlameha e be Josefa o ne a tšollela matšoenyeho a hae ho Jehova ka thapelo ’me a fumana khotso le botsitso tse fanoang feela ke “Molimo oa matšeliso ’ohle.” (2 Bakorinthe 1:​3, 4; Bafilipi 4:​6, 7) Ke’ng hape seo Jehova a ileng a se etsetsa Josefa? Bibele e re o ile a etsa hore a “fumane kamohelo mahlong a molaoli ea ka sehloohong oa ntlo ea chankana.”

Batlisisa Matlotlo a Patiloeng

(Genese 38:​9, 10) Empa Onane o ne a tseba hore bana e ke ke ea e-ba ba hae; eitse ha a kopanela liphate le mosali oa mor’abo a ntšetsa peo ea hae fatše e le hore a se ke a fa mor’abo bana. 10 Joale seo a se entseng se ne se le sebe mahlong a Jehova; kahoo le eena a mo bolaea.

it-2-E 555

Onane

(Onane) [ho tsoa lentsoeng le bolelang “matla a ho ikatisa” kapa “matla a maholo”].

Ke mora oa bobeli oa Juda eo a bileng le eena ka Shua morali oa Mokanana. (Gen 38:​2-4; 1Likr 2:3) Kamor’a hore Ere, abuti oa Onane a bolaoe ke Jehova, Jakobo o ile a re Onane a nyale mosali oa Ere, Tamare. Haeba a ne a ka tsoala mora, mora eo e ne e sa tl’o ba mojalefa lelapeng la Onane empa e ne e tla ba mojalefa oa Ere. Haeba Onane a ne a sa tsoalle Ere mora, Onane e ne e tla ba eena mojalefa oa lelapa la Ere. Onane o ile a “ntšetsa peo ea hae fatše” ha a kopanela liphate le Tamare e le hore a se ke a mo etsetsa bana. Onane o ne a sa ipholle litho tsa botona kaha Bibele e re “ha a kopanela liphate le mosali oa mor’abo a ntšetsa peo ea hae fatše.” Ka boomo, Onane o ile a qhalla peo ea hae ea botona fatše ho e-na le hore a e fe Tamare. Jehova o ile a bolaea Onane hobane a sa ka a mamela ntate oa hae ebile a le meharo ’me a sa hlomphe tokisetso ea Jehova ea lenyalo. Hape Onane haa ka a ba le bana.​—Gen 38:​6-10; 46:​12; Nu 26:19.

(Genese 38:​15-18) Ha Juda a re heli! a mo bona, hang-hang a nka hore ke seotsoa, hobane a ne a ikoahetse sefahleho. 16 Kahoo a fapohela ho eena pel’a tsela ’me a re: “Ka kopo, ntumelle hore ke kopanele liphate le uena.” Etsoe o ne a sa tsebe hore ke ngoetsi ea hae. Leha ho le joalo, a re: “U tla mpha eng hore u kopanele liphate le ’na?” 17 Eaba o re: “Ke tla romela potsanyane ho tsoa mohlapeng.” Empa a re: “Na u tla mpha tebeletso ho fihlela u e romela?” 18 Eaba o tsoela pele: “Ke tla u fa tebeletso ea eng?” eaba o re: “Lesale la hao la tiiso le thapo ea hao le molamu o letsohong la hao.” Joale a mo fa tsona eaba o kopanela liphate le eena, kahoo a mo imisa.

w04 1/15 30 ¶4-5

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Juda o ile a fosa ka hore a se ke a fa mora oa hae Shela Tamare joalokaha a ne a tšepisitse. Hape, o ile a kopanela liphate le mosali eo a neng a nahana hore ke seotsoa sa tempele. Sena se ne se le khahlanong le morero oa Molimo oa hore motho a kopanele liphate le motho eo a nyalaneng le eena feela. (Genese 2:​24) Leha ho le joalo, ’nete ke hore Juda ha aa ka a kopanela liphate le seotsoa. Ho fapana le moo, e ne e se ka morero hore ebe o ile a nka sebaka sa mora oa hae Shela ka hore a kenele Tamare ’me kahoo e be ntat’a bana ba ileng ba hlaha ka molao.

Ha e le Tamare eena, ho kopanela liphate ha hae le Juda e ne e se boitšoaro bo bobe. Bara ba hae ba mafahla ba ne ba sa nkoe e le bana ba bohlola. Ha Boaze oa Bethlehema a ne a kenela Ruthe, mosali oa Momoabe, baholo ba Bethlehema ba ile ba bua hantle ka Pereze, mora oa Tamare, ba re ho Boaze: “E se eka ntlo ea hao e ka ba joaloka ntlo ea Pereze, eo Tamare a ileng a mo tsoalla Juda, ka bana bao Jehova a tla u fa bona ka mosali enoa e mocha.” (Ruthe 4:​12) Pereze o boetse o thathamisitsoe har’a baholo-holo ba Jesu Kreste.​—Matheu 1:​1-3; Luka 3:​23-33.

’Malo oa Bibele

(Genese 38:​1-19) Khabareng eitse ha Juda a tloha ho barab’abo a hloma tente ea hae haufi le monna e mong, Moadulame, lebitso la hae e le Hira. 2 Moo Juda a bona morali oa Mokanana e mong, eo lebitso la hae e neng e le Shua. Kahoo a mo nka ’me a kopanela liphate le eena. 3 Eaba oa ima. Hamorao a tsoala mora ’me a mo reha lebitso la Ere. 4 A boela a ima. Ka mor’a nako a tsoala mora ’me a mo reha lebitso la Onane. 5 Ka nako e ’ngoe hape a boela a tsoala mora ’me joale a mo reha lebitso la Shela. Joale o ne a le Akzibe ka nako eo mosali oa hae a mo tsoalang. 6 Ka mor’a nako Juda a nkela Ere letsibolo la hae mosali, lebitso la hae e ne e le Tamare. 7 Empa Ere, letsibolo la Juda, o ne a le mobe mahlong a Jehova; kahoo Jehova a mo bolaea. 8 Ka lebaka leo Juda a re ho Onane: “Kopanela liphate le mosali oa mor’eno ’me u mo kenele u hlahisetse mor’eno bana.” 9 Empa Onane o ne a tseba hore bana e ke ke ea e-ba ba hae; eitse ha a kopanela liphate le mosali oa mor’abo a ntšetsa peo ea hae fatše e le hore a se ke a fa mor’abo bana. 10 Joale seo a se entseng se ne se le sebe mahlong a Jehova; kahoo le eena a mo bolaea. 11 Kahoo Juda a re ho ngoetsi ea hae Tamare: “Lula u le mohlolohali ntlong ea ntat’ao ho fihlela Shela mora oa ka a holile.” Etsoe o ne a ipoleletse ho re: “Le eena a ka ’na a shoa joaloka barab’abo.” Tumellanong le hoo Tamare a tsamaea ’me a lula ntlong ea ntat’ae. 12 Kahoo matsatsi a ngatafala ’me morali oa Shua, mosali oa Juda, a shoa; eaba Juda o boloka nako ea ho siama. Ka mor’a moo a nyolohela ho bakuti ba linku tsa hae, eena le Hira motsoalle oa hae oa Moadulame, ba ea Timna. 13 Joale ha bolelloa Tamare: “Bona! ntat’ao matsale o nyolohela Timna ho ea kuta linku tsa hae.” 14 A hlobola liaparo tsa bohlolohali ba hae a ikoahela ka tjale eaba o ikhurumetsa ka lesira o lula monyako oa Enaime, e tseleng e eang Timna. Etsoe o ne a bone hore Shela o holile ’me leha ho le joalo ha aa mo fuoa hore e be mosali oa hae. 15 Ha Juda a re heli! a mo bona, hang-hang a nka hore ke seotsoa, hobane a ne a ikoahetse sefahleho. 16 Kahoo a fapohela ho eena pel’a tsela ’me a re: “Ka kopo, ntumelle hore ke kopanele liphate le uena.” Etsoe o ne a sa tsebe hore ke ngoetsi ea hae. Leha ho le joalo, a re: “U tla mpha eng hore u kopanele liphate le ’na?” 17 Eaba o re: “Ke tla romela potsanyane ho tsoa mohlapeng.” Empa a re: “Na u tla mpha tebeletso ho fihlela u e romela?” 18 Eaba o tsoela pele: “Ke tla u fa tebeletso ea eng?” eaba o re: “Lesale la hao la tiiso le thapo ea hao le molamu o letsohong la hao.” Joale a mo fa tsona eaba o kopanela liphate le eena, kahoo a mo imisa. 19 Ka mor’a moo a ema ’me a tsamaea eaba o hlobola tjale ea hae o apara liaparo tsa bohlolohali ba hae.

LA 18-LA 24 MAY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 40-41

“Jehova o Ile a Lopolla Josefa”

(Genese 41:​9-13) Joale mookameli oa baqhatsetsi a bua le Faro, a re: “Ke bolela libe tsa ka kajeno. 10 Faro o ile a halefela bahlanka ba hae. Kahoo a nkenya teronkong ea ntlo ea mookameli oa balebeli, ’na le mookameli oa baapehi. 11 Ka mor’a moo ka bobeli re ile ra lora toro ka bosiu bo le bong, ’na le eena. Ra lora e mong le e mong toro ea hae e nang le tlhaloso ea eona. 12 Ho ne ho e-na le mohlankana hammoho le rona moo, oa Moheberu, mohlanka oa mookameli oa balebeli. Ha re mo phetela tsona, a re hlalosetsa litoro tsa rona. A hlalosetsa e mong le e mong ho ea ka toro ea hae. 13 Ha etsahala feela joalokaha a re hlaloselitse. ’Na a nkhutlisetsa boemong ba ka, empa eena a mo fanyeha.”

w15 2/1 14 ¶3-4

“Na Litlhaloso Ha se Tsa Molimo?”

Le hoja e ka ’na eaba moqhatsetsi o ile a lebala Josefa, Jehova ha aa ka a mo lebala. Molimo o ile a etsa hore Faro a lore litoro tse peli tse sa lebaleheng. Torong ea pele, Faro o ile a bona likhomo tse nonneng tse supileng li nyoloha Nokeng ea Nile, ’me li lateloa ke tse otileng tse supileng. Tse otileng li ile tsa ja tse nonneng. Hamorao Faro o ile a lora liqoapi tse supileng tsa lijo-thollo lehlakeng le le leng, li nonne ’me li le ntle. Empa ka mor’a tsona ho ile ha hola liqoapi tse supileng tsa lijo-thollo, tse tšesaane le tse bajuoeng ka lebaka la moea, ’me tsa metsa liqoapi tse supileng tse nonneng. Faro o ile a tsoha a khathatsehile haholo ke litoro tseo, ’me a bitsa banna bohle ba hae ba bohlale le baprista ba sebelisanang le meea hore ba tl’o mo hlalosetsa tsona. Ba ile ba hloleha. (Genese 41:​1-8) Ha re tsebe hore na ba ile ba hloleha ka tsela efe. Leha ho le joalo, seo re se tsebang ke hore Faro o ile a soetseha, empa o ne a hlile a batla ho tseba hore na toro ea hae e bolela’ng.

Qetellong moqhatsetsi o ile a hopola Josefa! Letsoalo le ile la mo tšetšetha, ’me a bolella Faro ka mohlankana e mong eo lilemong tse peli tse fetileng a ileng a hlalosa toro ea hae le ea moapehi. Ka ho panya ha leihlo, Faro o ile a laela hore Josefa a bitsoe.​—Genese 41:​9-13.

(Genese 41:​16) Eaba Josefa o araba Faro, o re: “Ha ho hlokahale hore ho talingoe ho ’na! Molimo o tla tsebisa Faro boiketlo.”

(Genese 41:​29-32) “Bona! ho tla lilemo tse supileng tsa nala e kholo naheng eohle ea Egepeta. 30 Empa ka sebele lilemo tse supileng tsa tlala li tla hlaha ka mor’a tsona, ’me nala eohle ea naha ea Egepeta e tla lebaloa ’me tlala e tla timetsa naha. 31 Nala e kileng ea e-ba teng naheng e ke ke ea tsejoa ka lebaka la tlala ka mor’a moo, hobane ka sebele e tla ba kholo haholo. 32 Hore ebe toro e phetiloe habeli ho Faro ho bolela hore ntho ena e tiisitsoe ka thata ke Molimo oa ’nete, ’me Molimo oa ’nete o potlakela ho e phetha.

w15 2/1 14-15

“Na Litlhaloso Ha se Tsa Molimo?”

Jehova o rata batho ba ikokobelitseng le ba tšepahalang, ka hona, ha ho makatse hore o ile a thusa Josefa ho hlalosa toro ea morena. Josefa o ile a hlalosetsa Faro hore tlhaloso ea litoro tsa hae e ’ngoe. Hore ebe toro e phetiloe habeli ho Faro ho bolela hore Jehova o ‘e tiisitse ka thata,’ le hore e tla phethahala ho bata kapa ho chesa. Likhomo tse nonneng le liqoapi tse nonneng li ne li tšoantšetsa lilemo tse supileng tsa khora Egepeta, ha likhomo tse otileng le liqoapi tse otileng li ne li tšoantšetsa lilemo tse supileng tsa tlala tse neng li tla tla ka mor’a tse supileng tsa khora. Ha nako ea tlala e fihla ho ne ho ke ke ha bonahala hore ho kile ha e-ba le khora.​—Genese 41:​25-32.

(Genese 41:​38-40) Kahoo Faro a re ho bahlanka ba hae: “Na ho ka fumanoa monna e mong ea joaloka enoa eo moea oa Molimo o leng ho eena?” 39 Ka mor’a moo Faro a re ho Josefa: “Kaha Molimo o entse hore u tsebe sena sohle, ha ho ea masene le ea bohlale joaloka uena. 40 U tla okamela ntlo ea ka, ’me batho bohle ba ka ba tla u mamela ka ho feletseng. Ke tla ba moholo ho uena tabeng ea terone feela.”

w15 2/1 15 ¶2

“Na Litlhaloso Ha se Tsa Molimo?”

Faro o ile a phetha tšepiso ea hae. Josefa o ile a apesoa line ea boleng bo botle. Faro a mo roesa sefaha sa khauta, a mo kenya lesale la tiiso letsohong, a mo palamisa koloing ea borena ’me a mo lokolla hore a tsamaee ka eona ho pholletsa le naha e le hore a phethe mosebetsi oa hae. (Genese 41:​42-44) Ka ho panya ha leihlo Josefa o ile a lokolloa teronkong ’me ea e-ba motlatsi oa Faro. Seo se ile sa bontša hore Josefa o na le tumelo ho Jehova. Jehova o ne a bone hore mohlanka oa hae o ile a tšoaroa ka ho hloka toka ka lilemo tse ngata. O ile a sebetsana le taba eo ka nako e loketseng le ka tsela e nepahetseng. Jehova o ne a sa nahana feela ka ho rarolla mathata a Josefa empa o ne a batla le ho boloka sechaba sa ka moso sa Iseraele. Re tla bona hore na o ile a etsa seo joang sehloohong se latelang sa “Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona.”

Batlisisa Matlotlo a Patiloeng

(Genese 41:​14) Faro a romeletsa ’me a bitsa Josefa, hore ba mo tlise kapele ho tsoa sekoting sa chankana. Kahoo a beola ’me a apara liaparo tse ling tsa hae tsa ka holimo eaba o kena ho Faro.

w15 11/1 9 ¶1-3

Re U Lome Tsebe?

Ke hobane’ng ha Josefa a ile a beola pele a ea ho Faro?

Lengolo la Genese le bontša hore Faro o ile a laela hore a tlisetsoe Josefa e leng motšoaruoa oa Moheberu, e le hore a tl’o mo hlalosetsa litoro tsa hae tse mo tšoenyang. Ka nako eo ho ne ho se ho fetile lilemo tse ’maloa Josefa a le teronkong. Ho sa tsotellehe hore na Faro o ne a mo batla ka potlako hakae, Josefa o ile a beola pele. (Genese 39:​20-23; 41:​1, 14) Hore ebe mongoli o bua ka taba ena e bonahalang e se ea bohlokoa hakaalo, ho bontša hore o ne a tseba meetlo ea Baegepeta.

Linaheng tse ngata tsa boholo-holo, ho akarelletsa le tsa Baheberu, ho ne ho tloaelehile hore banna ba holise litelu. Empa Cyclopedia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature ea McClintock le Strong e re, “Baegepeta ba boholo-holo e ne e le bona feela lichabeng tsa Bochabela ba neng ba le khahlanong le ho holisa litelu.”

Na ba ne ba beola litelu feela? Makasine ea Biblical Archaeology Review e re meetlo e meng ea Baegepeta e ne e hloka hore pele monna a hlaha ka pel’a Faro, a shebahale ka tsela eo a neng a lokela ho shebahala ka eona ha a kena tempeleng. Ke kahoo Josefa a neng a lokela ho tlosa moriri oohle o hloohong ea hae le ’meleng.

(Genese 41:​33) “Kahoo joale Faro a ke a batle monna ea masene le ea bohlale ’me a mo behe hore a okamele naha ea Egepeta.”

w09 11/15 28 ¶14

Ho ba Basebeletsi ba Molimo ba Bontšang Mekhoa e Metle

14 Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, batsoali ba tšabang Molimo ba ne ba etsa bonnete ba hore bana ba bona ba ithuta mekhoa e metle lapeng. Hlokomela kamoo Abrahama le mora oa hae Isaka ba ileng ba buisana ka tlhompho kateng ho Genese 22:7. Josefa le eena o ile a bontša hore batsoali ba hae ba ne ba mo koetlisitse hantle. Ha a ne a le teronkong, o ne a bontša mekhoa e metle le ho batšoaruoa-’moho le eena. (Gen. 40:​8, 14) Tsela eo a ileng a bua le Faro ka eona e bontša hore o ne a ithutile tsela e nepahetseng ea ho bua le motho ea phahameng.​—Gen. 41:​16, 33, 34.

’Malo oa Bibele

(Genese 40:​1-23) Joale eitse ka mor’a lintho tsena moqhatsetsi oa morena oa Egepeta le moapehi ba siteloa khosi ea bona morena oa Egepeta. 2 Faro a halefela balaoli ba hae ba babeli, mookameli oa baqhatsetsi le mookameli oa baapehi. 3 Kahoo a ba kenya teronkong ea ntlo ea mookameli oa balebeli, ntlong ea chankana, sebakeng seo Josefa e leng motšoaruoa ho sona. 4 Joale mookameli oa balebeli a abela Josefa hore a be le bona e le hore a ba sebeletse; ’me ba hlola teronkong ka matsatsi a ’maloa. 5 Eaba ka bobeli ba lora toro, e mong le e mong toro ea hae ka bosiu bo le bong, e mong le e mong toro ea hae e nang le tlhaloso ea eona, moqhatsetsi le moapehi oa morena oa Egepeta bao e leng batšoaruoa ntlong ea chankana. 6 Ha Josefa a kena ka ho bona hoseng ’me a ba bona, ba ne ba shebahala ba nyahame. 7 Eaba o qala ho botsa balaoli ba Faro bao a nang le bona teronkong ea ntlo ea mong’a hae, o re: “Lifahleho tsa lona li soabisitsoe ke eng kajeno?” 8 Eaba ba re ho eena: “Re lorile toro, ’me ha re na ea e hlalosang.” Kahoo Josefa a re ho bona: “Na litlhaloso hase tsa Molimo? Ka kopo, mpheteleng eona.” 9 Mookameli oa baqhatsetsi a phetela Josefa toro ea hae a re ho eena: “Torong ea ka, bonang! ho ne ho e-na le sefate sa morara ka pel’a ka. 10 Sefateng sa morara ho ne ho e-na le makala a mararo, ’me kamoo ho bonahalang kateng se ne se hlomela letlobo. Lithunthung tsa sona tsa hlaha. Masihla a sona a butsoisa morara oa ’ona. 11 Senoelo sa Faro se ne se le letsohong la ka, eaba ke nka morara ke o tlhotlela ka har’a senoelo sa Faro. Ka mor’a moo ka fana ka senoelo letsohong la Faro.” 12 Joale Josefa a re ho eena: “Tlhaloso ea eona ke ena: Makala a mararo ke matsatsi a mararo. 13 Matsatsi a mararo ho tloha hona joale Faro o tla phahamisa hlooho ea hao ’me ka sebele o tla u khutlisetsa boemong ba hao; ka sebele u tla fana ka senoelo letsohong la Faro, ho ea ka tloaelo ea pele ha u ne u sebetsa joaloka moqhatsetsi oa hae. 14 Leha ho le joalo, u ’ne u nkhopole hang ha lintho li u tsamaela hantle, ’me ka kopo, u nketse ka mosa o lerato u be u mpolele ho Faro, ’me u ’ntše ka tlung ena. 15 Etsoe ha e le hantle ke koetetsoe naheng ea Baheberu; le mona ha kea etsa letho ho hang leo ka lona ba lokelang ho nkenya ka sekoting sa chankana.” 16 Ha mookameli oa baapehi a bona hore o hlalositse ntho e molemo, le eena, a re ho Josefa: “Le ’na ke ne ke lora, ’me bonang! ho ne ho e-na le libaskete tse tharo tsa bohobe bo bosoeu hloohong ea ka, 17 basketeng e ka holimo-limo ho ne ho e-na le mefuta eohle ea lijo tsa Faro, tse entsoeng ke moapehi, ’me ho ne ho e-na le linonyana tse li jang ka har’a baskete e holim’a hlooho ea ka.” 18 Joale Josefa a araba a re: “Tlhaloso ea eona ke ena: Libaskete tse tharo ke matsatsi a mararo. 19 Matsatsi a mararo ho tloha hona joale Faro o tla u khaola hlooho ’me ka sebele a u fanyehe thupeng; ka sebele linonyana li tla ja nama ea hao.” 20 Joale letsatsi la boraro e ne e le letsatsi la tsoalo ea Faro, ’me a etsetsa bahlanka bohle ba hae mokete ’me a phahamisa hlooho ea mookameli oa baqhatsetsi le hlooho ea mookameli oa baapehi har’a bahlanka ba hae. 21 Tumellanong le hoo a khutlisetsa mookameli oa baqhatsetsi mosebetsing oa hae oa boqhatsetsi, ’me a tsoela pele ho fana ka senoelo letsohong la Faro. 22 Empa a fanyeha mookameli oa baapehi, feela joalokaha Josefa a ba file tlhaloso. 23 Leha ho le joalo, mookameli oa baqhatsetsi ha aa ka a hopola Josefa ’me a mo lebala.

LA 25-LA 31 MAY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 42-43

“Josefa o ne a Khona ho Itšoara”

(Genese 42:​5-7) Kahoo bara ba Iseraele ba tla le ba bang ba neng ba tlil’o reka, hobane tlala e le teng naheng ea Kanana. 6 Josefa e ne e le eena monna ea busang naha. Ke eena ea neng a rekisetsa batho bohle ba lefatše. Ka lebaka leo barab’abo Josefa ba tla ’me ba mo inamela lifahleho li shebile fatše. 7 Ha Josefa a bona barab’abo, hang-hang a ba tseba, empa a ikhakanyetsa bona. Kahoo a bua le bona ka thata a re ho bona: “Le tsoa hokae?” eaba ba re: “Re tsoa naheng ea Kanana ho tla reka lijo.”

w15 5/1 13 ¶5

“Na ke Sebakeng sa Molimo?”

Na Josefa eena o ile a ba tseba? E, ho joalo! Ho phaella moo, ha a bona ba mo inamela o ile a hopola lintho tse ileng tsa etsahala ha e sa le moshanyana. Bibele e re “kapele-pele Josefa a hopola litoro” tseo Jehova a mo bontšitseng tsona ha e sa le moshanyana, tse ileng tsa bontša esale pele nako eo ka eona bo-abuti’ae ba neng ba tla mo inamela, feela joalokaha ba ne ba etsa! (Genese 37:​2, 5-9; 42:​7, 9) Ebe Josefa o ne a tla etsa’ng? Na o ne a tla ba amohela ka mofuthu? Kapa na o ne a tla iphetetsa?

w15 5/1 14 ¶1

“Na ke Sebakeng sa Molimo?”

U ka ’na ua se ke ua iphumana u le boemong bo kang ba Josefa. Leha ho le joalo, ho se utloane le ho tsekollana ho tloaelehile malapeng a mangata kajeno. Ha re tobana le maemo a joalo, re ka ’na ra betoa ke pelo ’me ra etsa lintho re sa nahana hantle. E ka ba bohlale ho etsisa Josefa ’me re leke ho fumana hore na Molimo o batla hore re etse lintho joang. (Liproverbia 14:​12) Hopola hore le hoja ho bopa khotso le ba lelapa ho le bohlokoa, ho ba le kamano e ntle le Jehova hammoho le Mora oa hae ke habohlokoa le ho feta.​—Matheu 10:37.

(Genese 42:​14-17) Leha ho le joalo, Josefa a re ho bona: “Ke seo ke le boleletseng sona, ka re, ‘Le lihloela!’ 15 Le tla lekoa ka sena. Ka Faro ea phelang, le ke ke la tloha mona haese ha mor’abo lona e monyenyane a ka tla mona. 16 Romelang e mong oa lona hore a tle le mor’abo lona ha le ntse le tlamiloe, hore mantsoe a lona a lekoe hore ke ’nete tabeng ea lona. Haeba ho se joalo, ka Faro ea phelang, le lihloela.” 17 Eaba o ba kenya hammoho litlamong ka matsatsi a mararo.

w15 5/1 14 ¶2

“Na ke Sebakeng sa Molimo?”

Josefa o ile a leka baholoane ba hae ka litsela tse ngata tse sa tšoaneng e le hore a bone hore na ba fela ba fetohile. O ile a qala ka ho ba buisa hampe a sebelisa toloko a ba qosa ka hore ke lihloela. Ha ba itšireletsa ba ile ba mo bolella ka lelapa labo bona, ba ba ba mo bolella ka moen’a bona ea setseng hae. Josefa o ne a thabetse hore ebe moen’ae o ne a ntse a phela empa a sa batle ho bontša. Joale o ne a tseba hore na o tla re’ng ho bona. O ile a re: “Le tla lekoa ka sena,” ’me a ba laela hore ba tlise moen’a bona eo ba buang ka eena. Ka mor’a nako o ile a ba lumella hore ba e’o lata moen’a bona empa a re a le mong oa bona a sale.​—Genese 42:​9-20.

(Genese 42:​21, 22) Ba qala ho buisana ba re: “Ntle ho pelaelo re molato mabapi le mor’abo rona, hobane re bone mahlomola a moea oa hae ha a kopa hore re mo qenehele, empa ha rea ka ra mamela. Ke ka lebaka leo mahlomola a re oetseng holimo.” 22 Joale Rubene a ba araba, a re: “Na ha kea ka ka re ho lona, ‘Le se ke la siteloa ngoana,’ empa ha lea ka la mamela? Joale mali a hae, bonang! ka sebele aa batloa.”

it-2-E 108 ¶4

Josefa

E ka ’na eaba bo-abuti’a Josefa ba ile ba qalella ho nahana hore mohlomong Molimo oa ba otla ka lebaka la hore ba ile ba rekisa moen’a bona lilemong tsa ho feta. Ba ile ba bua ka phoso eo ba ileng ba e etsa ka pel’a Josefa le hoja ba ne ba sa elelloe hore ke eena. Eitse ha Josefa a utloa hore baholoane ba hae ba ikoahlaela ntho eo ba e entseng, o ile a ameha maikutlo eaba o ba siea moo a il’o lla. Ha a khutla, o ile a tšoara Simeone ho fihlela baholoane ba hae ba khutla le ngoan’a bo bona a monyenyane.​—Gen 42:​21-24.

Batlisisa Matlotlo a Patiloeng

(Genese 42:​22) Joale Rubene a ba araba, a re: “Na ha kea ka ka re ho lona, ‘Le se ke la siteloa ngoana,’ empa ha lea ka la mamela? Joale mali a hae, bonang! ka sebele aa batloa.”

(Genese 42:​37) Empa Rubene a re ho ntat’ae: “U bolaee bara ba ka ba babeli haeba ke sa mo khutlisetse ho uena. Mo behe tlhokomelong ea ka, ’me ke tla mo khutlisetsa ho uena.”

it-2-E 795

Rubene

Rea elelloa hore Rubene e ne e le motho ea molemo hobane o ile a kopa baena ba hae ba robong hore ba lahlele Josefa ka sekoting ho e-na le hore ba mo bolaee. Morero oa Rubene e ne e le hore a tle a khutle ka lenyele a tl’o pholosa Josefa ebe o mo khutlisetsa ho ntate oa hae. (Gen 37:​18-30) Kamor’a lilemo tse 20 ba ile ba qosoa ka hore ke lihloela ha ba le Egepeta ’me ba ne ba lumela hore ba oetsoe ke bomali-mabe boo hobane ba ile ba tšoara Josefa hampe. Empa Rubene o ile a ba hopotsa hore eena haa ka a kenella ’mommoring oo oa ho bolaea Josefa. (Gen 42:​9-14, 21, 22) Hape ha Jakobo a ne a hana hore Benjamine a tsamaee le baholoane ba hae ha ba khutlela Egepeta, Rubene ka bo-eena o ile a fa Jakobo bara ba hae ba babeli a re: ‘U bolaee bara ba ka ba babeli haeba ke sa khutlisetse Benjamine ho uena.’​—Gen 42:37.

(Genese 43:​32) Eaba ba mo tšolela a le mong le bona ba le bang le Baegepeta ba jang le eena ba le bang; etsoe Baegepeta ba ne ba sa khone ho ja le Baheberu, hobane e le ntho e manyala ho Baegepeta.

w04 1/15 29 ¶1

Lintlha-kholo Tsa Buka ea Genese​—II

43:32​—Ke hobane’ng ha e ne e le ntho e manyala ho Baegepeta hore ba je lijo le Baheberu? Mohlomong sena se ne se bakoa haholo ke khethollo ea bolumeli kapa boikakaso ba morabe. Hape, Baegepeta ba ne ba khesa balisa. (Genese 46:​34) Hobane’ng? Mohlomong Baegepeta ba ne ba nka balisa e le batho ba boemo bo tlaase haholo. Kapa ho ka etsahala hore ebe kaha ho ne ho se na sebaka se lekaneng sa masimo, Baegepeta ba ne ba khesa batho ba neng ba batla makhulo.

’Malo oa Bibele

(Genese 42:​1-20) Qetellong Jakobo a bona hore ho na le lijo-thollo Egepeta. Joale Jakobo a re ho bara ba hae: “Ke hobane’ng ha le ntse le talimana?” 2 Eaba oa eketsa: “Bonang! ke utloile hore ho na le lijo-thollo Egepeta. Theohelang teng ’me le re rekele moo, e le hore re tsoele pele re phela ’me re se ke ra shoa.” 3 Tumellanong le hoo barab’abo Josefa ba leshome ba theohela Egepeta ho ea reka lijo-thollo. 4 Empa Jakobo ha aa ka a romela Benjamine, mor’abo Josefa, hammoho le barab’abo ba bang, hobane a itse: “Mohlomong a ka hlaheloa ke kotsi e bolaeang.” 5 Kahoo bara ba Iseraele ba tla le ba bang ba neng ba tlil’o reka, hobane tlala e le teng naheng ea Kanana. 6 Josefa e ne e le eena monna ea busang naha. Ke eena ea neng a rekisetsa batho bohle ba lefatše. Ka lebaka leo barab’abo Josefa ba tla ’me ba mo inamela lifahleho li shebile fatše. 7 Ha Josefa a bona barab’abo, hang-hang a ba tseba, empa a ikhakanyetsa bona. Kahoo a bua le bona ka thata a re ho bona: “Le tsoa hokae?” eaba ba re: “Re tsoa naheng ea Kanana ho tla reka lijo.” 8 Kahoo Josefa a tseba barab’abo, empa ba ne ba sa mo tsebe. 9 Kapele-pele Josefa a hopola litoro tseo a ileng a li lora ka bona, ’me a tsoela pele ho re ho bona: “Le lihloela! Le tlil’o bona boemo bo pepesehileng ba naha!” 10 Joale ba re ho eena: “Che, moren’a ka, empa bahlanka ba hao ba tlil’o reka lijo. 11 Kaofela re bara ba motho a le mong. Re banna ba lokileng. Bahlanka ba hao ha se lihloela.” 12 Empa a re ho bona: “Ha ho joalo! Hobane le tlil’o bona boemo bo pepesehileng ba naha!” 13 Eaba ba re: “Bahlanka ba hao ke bara ba motho ba leshome le metso e ’meli. Re bara ba motho a le mong naheng ea Kanana; bona! e monyenyane o na le Ntate kajeno, athe e mong ha a sa le eo.” 14 Leha ho le joalo, Josefa a re ho bona: “Ke seo ke le boleletseng sona, ka re, ‘Le lihloela!’ 15 Le tla lekoa ka sena. Ka Faro ea phelang, le ke ke la tloha mona haese ha mor’abo lona e monyenyane a ka tla mona. 16 Romelang e mong oa lona hore a tle le mor’abo lona ha le ntse le tlamiloe, hore mantsoe a lona a lekoe hore ke ’nete tabeng ea lona. Haeba ho se joalo, ka Faro ea phelang, le lihloela.” 17 Eaba o ba kenya hammoho litlamong ka matsatsi a mararo. 18 Ka mor’a moo Josefa a re ho bona letsatsing la boraro: “Etsang sena ’me le tsoele pele le phela. Ke tšaba Molimo oa ’nete. 19 Haeba le lokile, ho ke ho sale a le mong oa barab’abo lona a tlamiloe ka tlung ea lona ea botlamuoa, empa lona ba bang le tsamaee, le nke lijo-thollo bakeng sa tlala e matlong a lona. 20 Joale le ntlisetse mor’abo lona e monyenyane, hore mantsoe a lona a fumanoe a tšepahala; ’me le ke ke la shoa.” Eaba ba etsa joalo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela