Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso
© 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
LA 5-11 MAY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LIPROVERBIA 12
Ho Sebetsa ka Thata Hoa Putsa
Tšobotsi eo Molimo a e Nkang e le ea Bohlokoa ho Feta Taemane
E ka ’na eaba bahlanka ba bang ba Jehova ha ba khole chelete e lekaneng ho koahela litlhoko tsa bona. Empa ho e-na le ho batla litsela tsa ho qhekella, ba sebetsa ka thata le ka mafolofolo. Ka tsela eo, ba bontša hore ba nka ho etsisa litšobotsi tsa Jehova tse kang botšepehi, e le habohlokoa ho feta maruo.—Liprov. 12:24; Baef. 4:28.
U ka Etsa’ng Hore U Thabele ho Sebetsa ka Thata?
Potso ena ea ho qetela ke ea bohlokoa kaha rea khotsofala ha re bona kamoo batho ba ruang molemo kateng mosebetsing oa rona. Jesu o ile a re: “Ho fana ho tlisa thabo e kholo ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Bareki le bahiri hase bona feela ba ruang molemo litšebeletsong tsa rona. Malapa a rona le batho ba hlokang le bona ba rua molemo.
Ba malapa a rona. Ha hlooho ea lelapa e sebetsa ka thata ho hlokomela ba lelapa, e ba thusa linthong tse peli. Ea pele, e tiisa hore ba na le lintho tseo ba li hlokang e leng lijo, liaparo le bolulo. Kahoo, e phetha boikarabelo boo e bo filoeng ke Molimo ba hore e “lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae.” (1 Timothea 5:8) Ea bobeli, hlooho ea lelapa e sebetsang ka thata e behela ba lelapa mohlala o motle tabeng ea ho sebetsa ka thata. Shane eo ho buuoeng ka eena sehloohong se fetileng o re: “Ntate ke mohlala o motle oa motho ea sebetsang ka thata. Ke motho ea tšepahalang ’me haesale a sebetsa ka thata e le ’metli oa mapolanka. Mohlaleng oa hae ke ithutile bohlokoa ba ho sebetsa ka matsoho hore ke etse lintho tseo batho ba li sebelisang.”
Batho ba hlokang. Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste hore ba “sebetse ka thata . . . e le hore [ba] ka ba le ho hong hoo [ba] ho abelang ea hlokang.” (Baefese 4:28) Ka sebele, haeba re sebetsa ka thata hore re hlokomele ba malapa a rona, re ka boela ra thusa batho ba hlokang. (Liproverbia 3:27) Kahoo, ho sebetsa ka thata ho ka re thusa hore re fumane thabo e tlisoang ke ho fana.
Matlotlo a Patiloeng
Na ke Khona ho Amohela Lintho Kamoo li Leng Kateng
● Hlahloba mathata a hao. Ithute phapang pakeng tsa mathata a maholo le a manyane. Bibele e re: “Ke leoatla le tsebahatsang matšoenyeho a lona ka letsatsi lona leo, empa ea masene o koahela ho se hlomphehe.” (Liproverbia 12:16) Ha se mathata ʼohle a tlamehang ho u ama haholo.
Joanne o re: “Sekolong baithuti ʼmoho le ʼna ba ne ba tletleba ka lintho tseo eseng tsa bohlokoa joalokaha eka ke tsa bohlokoa. Ebe metsoalle ea bona mecheng ea puisano e re ba etsa hantle ka ho tletleba, ebe ba koata le ho feta. Sena se etsa hore ho be boima ho sebetsana le mathata a bona.”
LA 12-18 MAY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LIPROVERBIA 13
U se ke oa Khelosoa ke “Lebone la ba Khopo”
it-2-E 196 ¶2-3
Lebone
Tšebeliso e ’Ngoe ea Mokhabo-puo. Seo motho a se sebelisang ho khantša tsela ea hae se tšoantšoa le lebone. Lengolo la Liproverbia le sebelisa mokhabo-puo ona ha le bontša phapang pakeng tsa batho ba lokileng le ba khopo ha le re: “Leseli la ba lokileng le khanya haholo empa lebone la ba khopo le tla tingoa.” (Pr 13:9) Leseli la ba lokileng le tsoela pele ho khanya haholo. Ho sa tsotellehe hore na lebone la ba khopo le khanya haholo ha kae, le hore na ho bonahala ba atleha ha kae, Molimo o tla etsa bonnete ba hore litsela tsa bona li fella lefifing moo ba tla oela. Ho tla ba joalo le ka motho ea rohakang ntate oa hae le ’m’e oa hae.—Pr 20:20.
Ha ‘lebone la motho le tingoa’ seo se bolela hore ha a sa na bokamoso. Temana e ’ngoe ea Liproverbia e re: “Mang kapa mang ea khopo ha a na bokamoso le lebone la batho ba khopo le tla tingoa.”—Pr 24:20.
Sebeletsa Molimo ea Fanang ka Tokoloho
3 Haeba Satane o ile a khona ho susumetsa batho bao ba babeli ba phethahetseng hammoho le libopuoa tsa moea tse ngata hore ba se ke ba ikokobelletsa bobusi ba Molimo, le rona a ka re qhekella. Maqiti a hae a ntse a tšoana. O leka ho re qhekella ka hore re nahane hore melao ea Molimo e boima ebile e re amoha thabo. (1 Johanne 5:3) Batho ba bangata lefatšeng ba nahana ka tsela eo ’me haeba re qeta nako e ngata re e-na le bona, re ka ’na ra qetella re nahana joaloka bona. Morali e mong oabo rona ea lilemo li 24, ea ileng a kopanela boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate, o ile a re: “Ho tloaelana le batho ba babe ho ile ha ntšusumetsa haholo, haholo-holo kaha ke ne ke tšaba ho ba le maikutlo a fapaneng le a lithaka tsa ka.” Mohlomong le uena u ile ua susumetsoa ke lithaka ka tsela e tšoanang.
“E Mong le e Mong ea Masene o Tla Sebetsa ka Tsebo”
Motho ea masene kapa ea lokileng ea sebetsang ka tsebo ea ’nete o tla hlohonolofatsoa. Solomone o re tiisetsa hore: “Ea lokileng o ja ho fihlela moea oa hae o khotsofetse, empa limpa tsa ba khopo li tla lapa.” (Liproverbia 13:25) Likarolong tsohle tsa bophelo, Jehova oa tseba hore na ke ntho efe e molemong oa rona—litabeng tsa malapa a rona, likamanong tsa rona le ba bang, tšebeletsong ea rona, kapa ha re fuoa taeo. ’Me haeba ka bohlale re sebelisa keletso e fumanoang Lentsoeng la hae, ha ho tikatiko hore re tla phela bophelo bo molemo ka ho fetisisa.
Matlotlo a Patiloeng
it-2-E 276 ¶2
Lerato
Lerato le ka bontšoa ka tsela e fosahetseng. Ka mabaka ana, ho hlakile hore motho a ka ba le lerato la ’nete ha feela a batla le ho latela tataiso ea moea oa Molimo le ho sebelisa tsebo e tsoang Lentsoeng la Hae. Ka mohlala, motsoali a ka rata ngoana oa hae empa a ka lumella lerato leo le fokotsehe kapa a fa ngoana ntho e ’ngoe le ’ngoe eo a e batlang a nahana hore oa mo rata. Joalokaha motsoali a lokela ho khalemela ngoana, a ka ’na a mo tlohela feela a sa mo khalemele le maemong ao a hlokang thupa ebe ha a e sebelise. (Pr 22:15) Lerato le joalo le bontša boithati. Bibele e re motho ea joalo ha a bontše lerato empa o bontša lehloeo hobane ha a etse lintho tse tla sireletsa bophelo ba ngoana oa hae.—Pr 13:24; 23:13, 14.
LA 19-25 MAY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LIPROVERBIA 14
Nahanisisa ka Hloko ka Seo u ka se Etsang ha Koluoa e Hlaha
Baballa Mpho ea Bophelo
10 Ka linako tse ling ha ho khonehe ho qoba kotsi. Re ka ’na ra ba boemong bo joalo ha ho hlaha likoluoa tsa tlhaho, mafu a seoa le merusu. Leha ho le joalo, ha lintho tse joalo li etsahala re ka leka hore re lule re bolokehile ka hore re mamele litaelo tse re thusang hore na re tlohe sebakeng seo joang le litaelo tse ling tse tsoang ’musong. (Bar. 13:1, 5-7) Ka linako tse ling, re ka khona ho itokisetsa likoluoa tse ling ka hore re mamele litaelo tse tsoang ’musong tse re thusang hore re itokisetse tsona. Ka mohlala, ho ka ba molemo hore re lule re e-na le metsi, lijo tse sa senyeheng le lintho tsa thuso ea pele.
11 Re lokela ho etsa’ng haeba lefu le tšoaetsanoang le ata sebakeng seo re lulang ho sona? Re lokela ho mamela melao e tsoang ’musong e kang ea hore re hlape matsoho, re se ke ra atamelana le batho ba bang, re roale limonkoana re be re qobe ho kopana le batho ba bang. Ha re etsa lintho tsena re tla be re bontša hore re ananela haholo mpho ea bophelo eo Molimo a re fileng eona.
12 Nakong eo ho nang le maemo a tšohanyetso, re ka ’na ra utloa litaba tseo eseng ’nete ho metsoalle, baahisani le mecha ea liphatlalatso. E ka ba hantle hore re mamele litaba tse tsoang ’musong le ho lingaka ho e-na le hore re mamele “lentsoe le leng le le leng.” (Bala Liproverbia 14:15.) Sehlopha se Busang le liofisi tsa makala li etsa bonnete ba hore li fumana lintlha tse nepahetseng pele li fana ka tataiso e amanang le ho ea libokeng le tšimong. (Baheb. 13:17) Ha re mamela tataiso eo rea itšireletsa ebile re sireletsa le batho ba bang. Hape re tla etsa hore batho ba khahloe ke tsela eo Lipaki Tsa Jehova li etsang lintho ka eona.—1 Pet. 2:12.
E-ba Sebete Joaloka Tsadoke
11 Ke joang re ka bang sebete joaloka Tsadoke ha bana ba bo rona ba le kotsing ’me ba hloka thuso ea rona? (1) Latela tataiso. Maemong a joalo, ho bohlokoa hore re mamele tataiso e le hore re ka lula re momahane. Re lokela ho mamela tataiso e tsoang ofising ea lekala. (Baheb. 13:17) Baholo ba lokela hore khafetsa ba ikhopotse litaelo tsa hore na ba lokela ho itokisa joang bakeng sa likoluoa le hore na ba etse’ng ha likoluoa li hlaha. (1 Bakor. 14:33, 40) (2) E-ba sebete empa u be hlokolosi. (Liprov. 22:3) Nahana pele u nka qeto. U lokela ho etsa bonnete ba hore u bolokehile. (3) Itšetlehe ka Jehova. Hopola hore Jehova o batla hore uena le bana beno le bolokehe. Kahoo, a ka u thusa hore u ba thuse ka tsela e bolokehileng.
Matlotlo a Patiloeng
it-2-E 1094
Bokhoni ba ho Nahana
Leha ho le joalo, motho ea khonang ho sebelisa bokhoni ba hae ba ho nahana hantle a ka boela a hlouoa. E ka ’na eaba Liproverbia 14:17 e bua se tšoanang ha e re: “Motho ea nahanang lintho hantle o hlouoe.” Hangata batho ba sa rateng ho nahana, ha ba rate batho ba ratang ho sebelisa kelello. Ka kakaretso batho ba sebelisang likelello tsa bona ho etsa thato ea Molimo ha ba ratoe. Jesu Kreste o ile a re ho balateli ba hae: “Ha le ba lefatše hobane ke le khethile, ke kahoo lefatše le le hloileng.” (Joh 15:19) Haele hantle, lentsoe le sebelisitsoeng ka puo ea Seheberu le fetoletsoeng e le ‘ho nahana’ ho Liproverbia 14:17 le ka akarelletsa ho nahana lintho tse mpe. Kahoo, lentsoe lena le ka boela la bolela hore motho ea rerang bokhopo o hlouoe ’me liphetolelo tse ling li re: “Motho ea rerang bokhopo o hlouoe.”—JP, Ro.
LA 26 MAY–LA 1 JUNE
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LIPROVERBIA 15
Thusa ba Bang ho ba le Pelo e Thabileng
Re Tla Tsamaea Botšepehing ba Rona!
16 Jobo o ne a rata ho amohela baeti. (Jobo 31:31, 32) Le hoja ho ka etsahala hore ebe ha re barui, re ka ‘latela mokhoa oa ho amohela baeti.’ (Bar. 12:13) Re ka ja lijonyana tse bobebe le batho ba bang, re ntse re hopola hore “ho ja meroho ho molemo moo ho nang le lerato ho feta ho ja poho e fepetsoeng sejelong e tsamaeang le lehloeo.” (Liprov. 15:17) Ho ja le molumeli-’moho ea tšepahalang moo ho renang lerato ho tla etsa hore le lijonyana tse bobebe li be monate ’me ruri ho tla re tsoela molemo moeeng.
‘A re Khothatsaneng Kaha Letsatsi le Ntse le Atamela’
16 A re se keng ra nahana hore re ke ke ra khona ho khothatsana hobane feela re le lihlong kapa re sa tsebe hore na re ka re’ng. Ha ho hlokahale hore re etse letho le mohlolo empa re ka khothatsana le ka ho lumelisana ka mosa. Ho ka etsahala hore u bone motho a hlomohile ha u mo lumelisa. Nakong eo, e ka ba hantle ho mo kopa hore a u bolelle hore na ke eng e mo tšoenyang. U ka khothatsa motho eo ka hore u mo mamele ka hloko ha a u bolella mathata a hae.—Jak. 1:19.
17 Mor’abo rona Thabang ea lilemo li 20 o ile a nyahama haholo ha batho ba bang bao a amanang le bona ba tlohela ho sebeletsa Jehova. E mong oa batho bao e ne e le ntate oa hae eo e neng e le moholo. Mopotolohi e mong o ile a mo thusa haholo. O ile a ipha nako ea ho hahloa ke moea le eena e le hore Thabang a tle a mo bolelle mabinabine a pelo ea hae. Thabang a hlokomela hore haeba a ka lula a tšepahala o tla be a thusa beng ka eena ho khutlela ho Molimo. O ile a tšelisoa ke Mangolo ana: Pesaleme ea 46, Sofonia 3:17 le Mareka 10:29, 30.
18 Re ka kholiseha hore hoa khoneha ho khothatsa Bakreste-’moho le rona. Re bone bopaki ba taba ena mohlaleng oa mor’abo rona Thabang le morali’abo rona Maretha. Morena Solomone o itse: “Lentsoe le buuoang ka nako ea lona e nepahetseng le molemo hakaakang! Ho khanya ha mahlo ho thabisa pelo; tlaleho e ntle e nontša masapo.” (Liprov. 15:23, 30) Ntho e ’ngoe e ka thusang motho ea nyahameng ke lihlooho tse hlahang Molula-Qhooeng le ho jw.org. Moapostola Pauluse le eena o ile a bontša hore ho bina lipina tsa ’Muso ho ka re khothatsa. O itse: “Le ’ne le rutane le ho eletsana ka lipesaleme, lithoriso ho Molimo, lipina tsa moea ka mosa, le binela Jehova ka lipelong tsa lona.”—Bakol. 3:16; Lik. 16:25.
Matlotlo a Patiloeng
Na Mokreste a ka Amohela Phekolo ea Lingaka?
2. Na nka batla maikutlo a lingaka tse ling? ‘Baeletsi ba bangata’ ba ka ’na ba u thusa, haholo haeba boemo ba hao bo se bo le bobe.—Liproverbia 15:22.
LA 2-8 JUNE
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LIPROVERBIA 16
Lipotso Tse Tharo Tse ka re Thusang ho Etsa Liqeto Tse Molemo
Etsa Liqeto Tse Bohlale Nakong ea Bocha
11 Ha re sebeletsa Jehova re fumana thabo e kholo. (Liprov. 16:20) Kamoo ho bonahalang kateng, mongoli oa Jeremia e leng Baruke o ile a lebala seo. Ho na le nako eo a neng a se a sa thabele ho sebeletsa Jehova. Jehova o ile a re ho eena: “U ntse u ipatlela lintho tse kholo. U se ke ua ’na ua li batla. Etsoe bona! ke tlisa tlokotsi holim’a nama eohle, . . . ’me ke tla u neha moea oa hao e le thepa e hapuoeng libakeng tsohle tseo u ka eang ho tsona.” (Jer. 45:3, 5) U nahana’ng ka taba ee? Ke’ng e neng e tla thabisa Baruke—ho batla lintho tse kholo kapa ho pholoha e le mohlanka ea tšepahalang oa Molimo ha Jerusalema e timetsoa?—Jak. 1:12.
12 Mor’abo rona e mong ea ileng a fumana thabo e tlisoang ke ho sebeletsa ba bang ke Ramiro. O re: “Ke tsoa lelapeng le futsanehileng le lulang motsaneng o Lithabeng tsa Andes. Kahoo ha abuti oa ka a ithaopela ho ntefella univesithi, oo e ne e le monyetla o moholo. Empa ke ne ke sa tsoa kolobetsoa ke le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me pula-maliboho e mong o ne a nkopile hore ke mo thuse ka mosebetsi oa boboleli motsaneng o mong. Ke ile ka ea moo, ka ithuta ho kuta moriri ’me ka bula khoebo ea ho kuta e le hore ke iphelise. Batho ba bangata ba ne ba arabela hantle ha re ithaopela ho ba ruta Mangolo. Hamorao ke ile ka kopanela le phutheho e sa tsoa thehoa e sebelisang puo ea moo. Ke se ke qetile lilemo tse leshome joale ke le ’moleli oa nako e tletseng. Ha ho mosebetsi o mong o ntlisetsang thabo e kang eo ke e fumanang ha ke thusa batho ho ithuta litaba tse molemo ka puo ea bona.”
Na U Fetohile?
KAOFELA ha rona re angoa haholo ke tsela eo re holisitsoeng ka eona kapa ke tikoloho eo re phelang ho eona. Re apara ka tsela e itseng; re rata lijo tse itseng; re bile re itšoara ka tsela e itseng. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hore re susumetsoa ke batho bao re phelang har’a bona le maemo ao re thulanang le ’ona bophelong.
2 Leha ho le joalo, ho na le lintho tseo e leng tsa bohlokoa ho feta mofuta oa lijo kapa liaparo tseo re li khethang. Ka mohlala, tsela eo re holisitsoeng ka eona e etsa hore re nke lintho tse ling li nepahetse li bile li amoheleha ha tse ling li fosahetse ’me li sa amohelehe. Bongata ba lintho tseo, ke tseo batho ba lokelang ho iketsetsa qeto ho tsona ’me lia fapana ho ea ka batho. Lintho tseo re li khethang li ka ba tsa bontša hore na letsoalo la rona le susumetsoa ke eng. Bibele e bolela hore hangata “batho ba lichaba ba se nang molao ba etsa ka tlhaho lintho tsa molao.” (Bar. 2:14) Empa na seo se bolela hore ha ho se na molao oa Molimo o hlakileng mabapi le taba e itseng, re ka be se re latela litloaelo le melao eo re holisitsoeng ka eona kapa e tloaelehileng sebakeng sa habo rona?
3 Bonyane ho na le mabaka a mabeli ao Bakreste ba sa lokelang ho etsa joalo ka ’ona. La pele, Bibele e re: “Ho na le tsela e lokileng ka pel’a motho, empa qetello ea eona hamorao ke litsela tsa lefu.” (Liprov. 16:25) Kaha ha rea phethahala, ha re na bokhoni ba ho hlokomela hore na ke sefe se ka re tsoelang molemo e le kannete e le hore re tataise mehato ea rona hantle. (Liprov. 28:26; Jer. 10:23) La bobeli, Bibele e bontša hore mekhoa le melao e tataisang lefatše lena e laoloa ke Satane, e leng “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.” (2 Bakor. 4:4; 1 Joh. 5:19) Ka lebaka leo, ha re batla hore Jehova a re hlohonolofatse a be a re amohele, re lokela ho mamela keletso e ho Baroma 12:2.—E bale.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 629
Khalemelo
Litla-morao Tsa ho Mamela le Tsa ho se Mamele. Batho ba khopo, lithoto kapa ba sa itšoareng hantle ba bontša hore ba hloile khalemelo e tsoang ho Jehova ka hore ba se ke ba e mamela. (Ps 50:16, 17; Pr 1:7) Litla-morao tse bakoang ke bothoto bona li etsa hore motho a fuoe khalemelo e eketsehileng, hangata e le kotlo e matla. Joalokaha maele a lengolong la Liproverbia a bontša: “Lithoto li rutoa ke bothoto ba tsona.” (Pr 16:22) Batho bana ba ka boela ba ipakela mathata, mahlabisa lihlong, maloetse ba ba ba shoa kapele. Histori ea Baiseraele e bontša kamoo ho se mamele ho ka bang kotsi ka teng. Ha baa ka ba mamela ha baprofeta ba ba khalemela le ho ba fa taeo. Ha baa ka ba mamela leha Jehova a ba khalemela ka hore a khaotse ho ba sireletsa le ho ba hlohonolofatsa. Qetellong, ba ile ba hloloa le ho isoa botlamuoeng joalokaha ba ile ba bolelloa esale pele.—Jer 2:30; 5:3; 7:28; 17:23; 32:33; Ho 7:12-16; 10:10; Sof 3:2.
LA 9-15 JUNE
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LIPROVERBIA 17
Thabelang Khotso Lenyalong la Lona
Na U ka Khaotsa ho Tšoara Molekane oa Hao ka Pelo?
Itlhahlobe ka botšepehi. Bibele ea lumela hore batho ba bang ba ‘ineheletse bohale’ ’me ba ‘rata ho halefa.’ (Liproverbia 29:22) Na u motho ea joalo? Ipotse: ‘Na ke motho ea halefang habonolo? Na ke khopiseha kapele? Na ke rata ho tsosa likhang ka lintho tse sa reng letho?’ Bibele e re: “Ea ntseng a bua ka taba o arola ba tloaelaneng.” (Liproverbia 17:9; Moeklesia 7:9) Sena se ka etsahala le lenyalong. Kahoo, haeba u tloaetse ho tšoara batho ba bang ka pelo, ipotse, ‘Na nka mamella molekane oa ka haholoanyane?’—Molao-motheo oa Bibele: 1 Petrose 4:8.
Ho Lokisa Mathata
1. Behang nako ea ho buisana ka bothata. “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, . . . nako ea ho khutsa le nako ea ho bua.” (Moeklesia 3:1, 7) Joalokaha ho bontšitsoe phehisanong eo ho builoeng ka eona pejana, mathata a mang a ka etsa hore motho a phahamise maikutlo. Haeba seo se etsahala, ithibe ebe u kopa hore le tlohele taba eo ka nakoana—le ‘khutse’—pele bohale ba lona bo tloka. Le ka etsa hore kamano ea lona e se ke ea senyeha haeba le mamela keletso ea Bibele e reng: “Ho qala phapang ke ho phunya metsi; ka baka leo, khang ha e e-so ho hotele, u e tlohele.”—Liproverbia 17:14, Bibele ea Sesotho.
Leha ho le joalo, ho boetse ho na le “nako ea ho bua.” Mathata a tšoana le lehola le tlokomang ha le sa hlaoloe. Ka hona le se ke la hlokomoloha bothata, ka tšepo ea hore bo tla fela. Bontša hore u hlompha molekane oa hao ka hore u khethe nako e haufi eo le tla buisana ka eona haeba u re le behe taba molatsa. Ho etsa joalo ho ka le thusa ka bobeli hore le sebelise keletso ea Bibele e reng: “Letsatsi le se ke la le likella le halefile.” (Baefese 4:26) Ha e le hantle, ho hlokahala hore u phethahatse tšepiso ea hao.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 790 ¶2
Leihlo
Motho a ka sebelisa mahlo ho bontša kamoo a ikutloang ka teng. Mahlo a ka bontša hore motho o utloela e mong bohloko kapa che (De 19:13); motho a ka ‘panya’ kapa ho ‘koba’ leihlo e le ha a soma kapa a rera ho etsa bolotsana. (Ps 35:19; Pr 6:13; 16:30) Motho ea sa batleng ho mamela kapa a sa batle ho etsa ntho e itseng bakeng sa motho e mong ho ka thoe o koetse kapa o ipatile mahlo. (Mt 13:15; Pr 28:27, bi12) Ho thoe motho ea hlokang kelello o sheba “ho ea fihla moo lefatše le fellang,” a ntse a thalatsa mahlo mona le mane a sa shebe nthong e le ’ngoe. Menahano ea hae ea lelera ho e-na le hore e tsepame ho seo e leng sa bohlokoa. (Pr 17:24) Mahlo a motho a ka boetse a bontša ha motho a thabile, a le matla kapa a phetse hantle. (1Sa 14:27-29; De 34:7; Job 17:7; Ps 6:7; 88:9) Morena Josafate o ile a re ho Jehova: “Mahlo a rona a talimile ho uena.”—2Kr 20:12, bi12.
LA 16-22 JUNE
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LIPROVERBIA 18
Bua Mantsoe a Khothatsang ho ba Kulang
Bohlale ba ’Nete bo Ntse bo Hoeletsa Haholo
17 Nahana pele u bua. Haeba re sa hlokomele, re ka utloisa batho bohloko haholo ka lintho tseo re li buang. Bibele e re: “Lipuo tse sa nahanoang li hlaba joaloka sabole empa lipuo tsa ba bohlale lia folisa.” (Liprov. 12:18) Re tla etsa hore ho be le khotso haeba re sa bue ka liphoso tsa batho ba bang. (Liprov. 20:19) Haeba re batla hore lintho tseo re li buang li tšelise batho ba bang ho e-na le ho ba utloisa bohloko, re lokela ho bala Lentsoe la Molimo kamehla re be re nahanisise ka lintho tseo re li balang. (Luka 6:45) Ha re nahanisisa ka seo re se balang, mantsoe a rona a ka ba joaloka “seliba sa bohlale” ’me a tla khothatsa batho ba bang.—Liprov. 18:4.
Lebokose la mrt sehlooho sa 19
U ka Sebetsana le ho Kula ka Tšohanyetso Joang?
Mo mamele ka hloko. Tsela e ’ngoe e molemo ea ho thusa motsoalle oa hao ke ka ho mo mamela ha a batla ho bua. U se ke oa nahana hore u lokela ho arabela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e buang. Hangata ho mamela feela ho lekane. Leka ho mamela litlhahiso tsa hae hape u se ke oa mo ahlola. U se ke oa nahana hore u tseba kamoo motsoalle oa hao a ikutloang ka teng, haholo-holo haeba a bonahala eka ha a kule.—Liproverbia 11:2.
Bua lintho tse khothatsang. U ka ’na oa thatafalloa ke hore na u reng empa ho bua mantsoe a seng makae ho bontša hore u utloisisa tsela eo motsoalle oa hao a ikutloang ka eona, seo se ka mo khothatsa ho feta ho se bue letho. Haeba u sa tsebe hore na u ka reng leka ho bua mantsoe a kang: “Ha ke tsebe na ke reng empa ke batla hore o tsebe hore kea o tsotella.” Qoba ho bua lintho tse kang: “Ho ka ’na ha mpefala le ho feta” kapa “Bonyane ha o a tšoaroa ke . . . ”
U ka bontša motsoalle oa hao hore oa mo rata ka hore u ithute ka boloetse bo mo tšoereng. O tla ananela boiteko boo u bo etsang ho utloisisa boemo ba hae ’me lintho tseo u li buang li tla utloahala haholoanyane. (Liproverbia 18:13) Leha ho le joalo, eba hlokolosi hore u se ke oa fana ka keletso ho sa hlokahale.
Mo thuse ka lintho tseo a li hlokang. Ho e-na le ho nahana hore oa tseba hore na u ka mo thusa joang, mo botse. Leha ho le joalo, hopola hore motsoalle oa hao a ka ’na a se lumele hore o hloka thuso hobane a sa batle ho u imetsa. Fana ka litlhahiso tsa lintho tseo u ka ratang ho mo etsetsa tsona, joaloka ho mo hloekisetsa, ho ea lishopong kapa ho mo thusa ka mesebetsi e meng.—Bagalata 6:2.
U se ke oa tela. Ha motsoalle oa hao a ntse a sebetsana le ho kula, a ka ’na a se ke a batla ho bua le uena kapa ho etsa lintho tseo le neng le lumellane ho li etsa ’moho. Mo mamelle ’me u mo utloele. Tsoela pele ho ithaopela ho mo thusa.—Liproverbia 18:24.
U ka Thusa Batho ba Nang le Khatello ea Maikutlo Joang?
“Le tšelise ba nyahameng.”—1 BATHESALONIKA 5:14.
Motsoalle oa hao a ka ikutloa a tšoenyehile kapa a ikutloa a se na thuso. A ka khothatsoa le ho matlafatsoa ke ho tseba hore oa mo tsotella le haeba u sa tsebe hore na u lokela ho re’ng ho eena.
“Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle.”—LIPROVERBIA 17:17.
Thusa motsoalle oa hao. Ho e-na le ho nahana hore u se u tseba hore na u ka mo thusa joang, mo botse hore na u ka mo thusa ka eng. Haeba motsoalle oa hao a thatafalloa ke ho hlalosa hore na u ka mo thusa ka eng, u ka ’na oa mo botsa hore na a ka se thabele hore le ke le hahloe ke moea. U ka thusa motsoalle oa hao ka litsela tse ling. U ka tsamaea le eena ho ea mabenkeleng, oa mo hloekisetsa ntlo kapa oa mo etsetsa ho hong.—Bagalata 6:2.
“Le mamelle.”—1 BATHESALONIKA 5:14.
Ka linako tse ling ho ka ba thata hore motsoalle oa hao a bue. Nakong eo a batlang ho bua, mo kholise hore u tla mo mamela. Motsoalle oa hao a ka etsa kapa a bua lintho tse ka u utloisang bohloko ka lebaka la bokuli ba hae. A ka etsa qeto ea ho tlohela ho etsa lintho tseo le neng le lumellane ka hore le tla li etsa kapa a ikutloa a batla ho ba mong. E-ba le mamello ha u ntse u mo thusa.—Liproverbia 18:24.
Matlotlo a Patiloeng
it-2-E 271-272
Lotho, I
Mehleng ea khale ho ne ho tloaelehile hore ho lahloe lotho ha ho etsoa qeto ka potso e amang taba e itseng. Ho ne ho nkoa majoe a manyenyane a chitja, lithupa tse nyenyane, majoe a mang a manyenyane kapa lintho tse ling tse nyenyane ebe li tšeloa ka har’a seaparo se mennoeng kapa nkho, ka mor’a moo li a tsukutloa. Motho eo lotho ea hae e tsoang kamoo ke eena ea neng a khethoa. Feela joalokaha ho ne ho etsoa kano, hoa rapeloa pele ebe ho lahloa lotho. Thapelo e ne e etsoa ka tsela e tobileng kapa e sa tobang ha ho ne ho lahloa lotho ’me ho ne ho lebelletsoe hore Jehova a kenelle. Lentsoe lotho (Seheb., goh·ralʹ) le ne le sebelisoa ha ho ne ho lahloa lotho kapa ho nahannoe ka ho “arolela” kapa ho fanoa ka “kabelo.”—Jos 15:1; Ps 16:5; 125:3; Isa 57:6; Jer 13:25.
Morero oa ho e sebelisa. Liproverbia 16:33 e re: “Lotho ea lahloa empa qeto e ’ngoe le e ’ngoe e etsoang ka lotho e tsoa ho Jehova.” Ha Baiseraele ba ne ba lahla lotho ba ne ba e sebelisetsa ho khaola khang: “Ho lahla lotho ho khaola khang ebile ho felisa qabang lipakeng tsa lira tse matla.” (Pr 18:18) Morero oa lotho e ne e se oa lipapali, ho bapala kapa ho becha. Kahoo ho ne ho se na motho ea hlolang kapa ea hloloang. E ne sa sebelisetsoe ho etsetsa tempele chelete, ho ruisa baprista kapa ho thusa batho ba bang. Empa masole a Baroma ona a ile a e sebelisetsa ho ithuisa joalokaha ho ile ha boleloa esale pele lengolong la Pesaleme ea 22:18, ba ile ba lahla lotho bakeng sa liaparo tsa Jesu.—Mt 27:35.
LA 23-29 JUNE
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LIPROVERBIA 19
E-ba Motsoalle oa Sebele ho Bana Beno
Re ka Etsa’ng e le Hore re Lule re Ratana Haholo?
16 Nahana ka lintho tse ntle tseo bana beno ba li etsang, eseng tse mpe. A re etse mohlala. A re re u na le bana beno moketeng ’me ho monate. Ha mokete o fela, le nka foto le le sehlopha. Ka mor’a moo, le nka lifoto tse ling tse peli e le hore le be le tse ling haeba ea pele e sa tsoa hantle. U qetella u se u e-na le lifoto tse tharo empa ha u sheba e ’ngoe oa bona hore mor’abo rona e mong o sosobantse sefahleho. U tl’o etsa’ng ka foto eo? U tl’o e hlakola hobane u ntse u e-na le lifoto tse ling tse peli moo batho bohle ba bososetseng hammoho le mor’abo rona eo.
17 Re ka tšoantša lifoto tseo re li bolokang le lintho tseo re li hopolang. Hangata re hopola linako tse monate tseo re ileng ra ba le tsona le bana ba bo rona. Empa a re re ka nako e ’ngoe Mokreste-’moho le uena o ile a bua kapa a etsa ntho e ileng ea u utloisa bohloko. Re lokela ho etsa’ng haeba re hopola nako eo? Re lokela ho e hlakola ka hloohong, feela joalokaha re ne re tla hlakola foto e seng hantle. (Liprov. 19:11; Baef. 4:32) Re ka khona ho lebala phoso eo e nyenyane eo ngoan’abo rona a e entseng hobane re hopola linako tse ngata tse monate tseo re ileng ra ba le tsona le eena. Ke tsona lintho tseo re lokelang ho li hopola le ho li ananela.
Tsoela Pele U Rata Jehova le Batho ba Bang
10 Le rona re lokela ho batla litsela tsa ho thusa bara le barali ba bo rona. (Baheb. 13:16) Nahana ka mohlala oa Morali oa bo rona Anna eo re buileng ka eena sehloohong se fetileng. Ka mor’a lipula tse matla, eena le mohatsa oa hae ba ile ba etela lelapeng le leng la Lipaki moo ba ileng ba fumana hore marulelo a ntlo a senyehile. Kahoo, liaparo tsa lelapa leo li ne li le litšila kaofela. Morali oa bo rona Anna o re: “Re ile ra nka liaparo tsa bona, ra li hlatsoa ra ba ra li khutlisa li aennoe ebile li mennoe. E ne e se mosebetsi o mokaalo ho rona empa ho etsa joalo ho ile ha etsa hore re be metsoalle ea hlooho ea khomo ho fihlela kajeno.” Ho rata bara le barali ba bo rona ho ile ha susumeletsa Morali oa bo rona Anna le mohatsa oa hae hore ba ba thuse.—1 Joh. 3:17, 18.
11 Ha re bontša batho ba bang hore rea ba rata ebile re le mosa, ba ka bona hore re leka ho etsisa Jehova ’me ba ka ananela mosa oo re ba bontšang oona ho feta kamoo re ka nahanang kateng. Morali oa bo rona Khanh eo re buileng ka eena pejana ha a lebale batho ba ileng ba mo thusa. O re: “Ke ananela haholo barali beso ba ileng ba tsamaea le ’na tšimong. Ba ne ba ntata moo ke lulang, ba ’memela lijong ba bile ba etsa bonnete ba hore ke fihla hae ke sireletsehile. Hona joale kea hlokomela hore e ne e le mosebetsi o boima ho bona. Empa ba ne ba o etsa ba thabile.” Ke ’nete hore ha se motho e mong le e mong ea tla re leboha ka lintho tse molemo tseo re mo etselitseng tsona. Morali oa bo rona Khanh ha a bua ka batho ba mo thusitseng o re: “Ekare nka ba patala ka lebaka la lintho tse ntle tseo ba ileng ba nketsetsa tsona empa joale ha ke tsebe moo kaofela ha bona ba lulang teng. Leha ho le joalo, Jehova o tseba moo ba leng teng ’me ke rapela hore a mpatalle bona.” Morali oa bo rona Khanh o nepile. Jehova o bona lintho tse ntle tseo re li etsetsang batho ba bang le hoja li ka bonahala li le nyenyane. Jehova oa bona ha re itella ho etsetsa batho ba bang lintho tse molemo ’me o tla re putsa.—Bala Liproverbia 19:17.
Tsoelang Pele le Bontšana Mosa o Lerato
6 Re ka ’na ra nka motho ea sebelelitseng k’hamphani e itseng ka lilemo tse ngata e le mohiruoa ea tšepahalang. Le hoja a sebelelitse k’hamphani eo ka lilemo tse ngata, e ka ’na eaba ha a e-so ka a kopana le beng ba eona ebile ha se kamehla a lumellanang le melao ea k’hamphani. Ha a rate k’hamphani eo empa o sebetsa moo hobane a hloka chelete. Ho ntse ho le joalo, o tla tlameha ho tsoela pele a sebetsa moo ho fihlela a beha meja fatše kapa a fumana mosebetsi o mong o betere sebakeng se seng.
7 Re bone serapeng sa botšelela hore phapang e teng pakeng tsa botšepehi le mosa o lerato ke lebaka leo motho a bontšang makhabane ana ka lona. Mehleng ea Bibele, ke hobane’ng ha bahlanka ba Molimo ba ne ba bontša mosa o lerato? Batho ba neng ba bontša mosa o lerato ba ne ba etsa joalo hobane ba batla, eseng hobane ba tlamehile. A re bueng ka mohlala oa Davida. O ile a susumeletseha hore a bontše motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo Jonathane mosa o lerato le hoja ntate oa Jonathane a ne a batla ho mo bolaea. Lilemo ka mor’a hore Jonathane a hlokahale, Davida o ile a tsoela pele a bontša mora oa Jonathane e leng Mefiboshethe mosa o lerato.—1 Sam. 20:9, 14, 15; 2 Sam. 4:4; 8:15; 9:1, 6, 7.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 515
Keletso, Moeletsi
Jehova ke eena feela ea bohlale ka ho fetisisa ’me ha ho na motho ea ka mo eletsang. (Esa 40:13; Bar 11:34) Mora oa hae o fana ka keletso le tataiso joaloka “Moeletsi ea Hlollang” hobane o latela le ho amohela keletso ea Ntate oa hae ebile o na le moea oa Molimo. (Esa 9:6; 11:2; Joh 5:19, 30) Sena se bontša bohlokoa ba hore haeba u batla ho fana ka keletso e molemo u lokela hore u nahane ka Jehova. Keletso leha e le efe e khahlanong le Ea Phahameng ka ho Fetisisa ha e-na thuso. Ha e le hantle ho tšoana leha ho sa fanoa ka keletso.—Pr 19:21; 21:30.
LA 30 JUNE–LA 6 JULY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LIPROVERBIA 20
Lintho Tse ka Thusang Batho ba Ratanang Hore ba Atlehe Leferehong
Batho ba Ratanang ba ka Etsa Qeto e Nepahetseng Joang?
3 Le hoja nako eo batho ba ratanang ka eona e le e monate, nako eo ke ea bohlokoa haholo hobane ba ka qetella ba nyalane. Ka letsatsi la lenyalo, monna le mosali ba ikana ho Jehova hore ba tla ratana le ho hlomphana hafeela ba ntse ba phela. Re lokela ho nahana ka hloko pele re etsa kano leha e le efe. (Bala Liproverbia 20:25.) Ka ho tšoanang, re lokela ho nahana ka hloko ha re nahana ka ho etsa kano ea lenyalo. Ha batho ba ntse ba ratana, ba tsebana haholoanyane ’me ba ka etsa qeto e nepahetseng. Ka linako tse ling ba ka etsa qeto ea ho nyalana empa ka linako tse ling ba ka etsa qeto ea hore ba arohane. Haeba ba arohana, sena ha se bolele hore ho na le ntho e phoso eo ba e entseng. Ho e-na le hoo, nako eo ba e qetileng ba tsebana e ba thusitse hore ba etse qeto e nepahetseng ea hore na ba tla nyalana kapa che.
4 Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore batho ba batlang ho ratana ba tsebe hore na morero oa ho ratana ke ofe? Ha motho ea e-s’o nyale a tseba morero oa ho ratana, a ke ke a khetha ho ratana le motho eo a sa ikemisetsang ho mo nyala. Leha ho le joalo, batho ba sa nyalang ha se bona feela ba lokelang ho utloisisa hore na morero oa ho ratana ke ofe. Kaofela ha rona re lokela ho tseba hore na morero oa ho ratana ke ofe. Ka mohlala, batho ba bang ba nahana hore ha batho ba ratana joang kapa joang ba lokela ho nyalana. Taba ee e etsa hore Bakreste ba sa nyalang ba ikutloe joang? Morali oa bo rona Melissa ea lulang United States ea sa nyaloang o re: “Lipaki tse ling li lebeletse hore ha mora le morali oa bo rona ba ratana ba nyalane. Ka lebaka leo, batho ba bang ba ratanang ha ba batle ho arohana le hoja lintho li sa tsamaee hantle. Batho ba bang ba sa nyaloang bona ba qoba ho ratana ka ho feletseng. Taba ena e ka etsa hore ba tšoenyehe haholo.”
U ka Fumana Molekane Joang?
8 U ka etsa’ng e le hore u shebe motho e mong ka bohlale? Ha le le libokeng kapa le le ’mokeng u ka ’na oa hlokomela hore na motho eo o na le kamano e ntle le Jehova, o na le botho bo joang le hore na boitšoaro ba hae bo joang. Metsoalle ea hae ke bo-mang, hona o qoqa ka eng? (Luka 6:45) Na o batla ho finyella lintho tseo le uena u batlang ho li finyella bophelong? U ka buisana le baholo ba phutheho ea habo kapa Bakreste ba bang ba holileng tsebong ba mo tsebang hantle. (Liprov. 20:18) U ka ’na oa botsa ka botumo le makhabane a motho eo. (Ruthe 2:11) Ha u ntse u shebile motho eo, etsa bonnete ba hore u qoba ho etsa hore a ikutloe a sa phutholoha. Hlompha maikutlo a hae ’me u se ke oa batla ho lula u le moo a leng teng le ho batla ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka eena.
Batho ba Ratanang ba ka Etsa Qeto e Nepahetseng Joang?
7 U ka etsa’ng e le hore u tsebe motho eo u ratanang le eena hantle? Ntho e ka le thusang ke hore le buisane ka bolokolohi, le botsane lipotso ’me le mamelane ka hloko. (Liprov. 20:5; Jak. 1:19) Le ka thusoa le ke ho etsa lintho tse tla le thusa hore ho be bonolo hore le qoqe, joaloka ho ja hammoho, ho otlolla maoto hammoho le ho etsa mosebetsi oa boboleli hammoho. Le ka boela la tsebana haholoanyane ha le qeta nako le e-na le metsoalle le ba lelapa. Hape le ka rera ho etsa lintho tse tla le thusa ho bona hore na le itšoara joang ha le e-na le batho ba sa tšoaneng le ha le le maemong a sa tšoaneng. Utloa hore na Mor’abo rona Aschwin ea lulang Netherlands o ile a leka ho etsa’ng. Ha a bua ka nako eo a neng a ratana le Morali oa bo rona Alicia ka eona, o re: “Re ne re etsa lintho tse tla re thusa hore re tsebane haholoanyane. Hangata re ne re etsa lintho tse bonolo tse kang ho pheha lijo hammoho kapa ho etsa mesebetsi e meng hammoho. Ha re etsa lintho tsena, re ne re khona ho bona hore na ke makhabane afe ao re nang le ’ona le hore na ke lintho life tseo re fokolang ho tsona.”
8 Tsela e ’ngoe eo le ka tsebanang haholoanyane ka eona ke ka ho ithuta lihlooho tse thehiloeng Bibeleng hammoho. Haeba le nyalana, le tla lokela ho etsa borapeli ba lelapa e le hore Molimo e be karolo ea bohlokoa lenyalong la lona. (Moek. 4:12) Kahoo, mohlomong le ka etsa nako ea ho ithuta hammoho hona joale ha le ntse le ratana. Ke ’nete hore batho ba ratanang ha e-s’o be lelapa ’me mor’abo rona ha e-s’o be hlooho ea morali oa bo rona. Leha ho le joalo, ha le lula le ithuta hammoho u tla tseba hore na motho eo u ratanang le eena o rata Jehova hakae. Banyalani ba lulang United States e leng Mor’abo rona Max le Morali oa bo rona Laysa, ba ile ba hlokomela molemo o mong oa ho etsa sena. Mor’abo rona Max o re: “Ha re qala ho ratana, re ile ra qala ho bala lingoloa tse buang ka ho ratana, lenyalo le bophelo ba lelapa. Lingoloa tseo li ile tsa re thusa hore re khone ho buisana ka lintho tse ngata tsa bohlokoa tseo ho ka beng ho bile thata hore re buisane ka tsona.”
Matlotlo a Patiloeng
it-2-E 196 ¶7
Lebone
Ho ea ka Liproverbia 20:27, “lintho tseo motho a li buang li tšoana le lebone la Jehova, le ntseng le mo hlahloba ka hare-hare.” “Lintho tseo motho a li buang” e bang li ntle kapa li mpe, li bontša kapa li re fa leseli la hore na ke motho ea joang.