LA 16-22 FEBRUARY
ESAIA 36-37
Pina ea 150 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. “U se ke oa Tšosoa ke Mantsoe ao u [a] Utloileng”
(10 mets.)
Rabshake o ile a ea Jerusalema ho ea tšosa batho ba Jehova (Esa 36:1, 2; it-E “Ezekiase” No. 1 ¶14)
O ile a leka ho etsa hore ba ikutloe ba se na thuso (Esa 36:8; ip-1 387 ¶10)
O ile a ba soma hobane ba ne ba tšepile Jehova le morena oa bona (Esa 36:7, 18-20; ip-1 388 ¶13-14)
Bahlanka ba Jehova ha baa lokela ho tšaba batho ba ba somang.—Esa 37:6, 7
SEO LE KA SE ETSANG BORAPELING BA LELAPA: Shebellang VIDEO ea “Ke Tšepile Uena, Jehova” ebe le buisana ka lintho tseo le ithutileng tsona.
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 37:29—Ke ka tsela efe Jehova a ileng a kenya tomo molomong oa Morena Sankeribe? (it-E “Tomo” ¶4)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 37:14-23 (th khaolo ea 2)
4. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Buisana le mong’a ntlo ka molaetsa o hlahang tlas’a lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 4)
5. Ha u Qala Moqoqo
(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 5)
6. Hlalosa Seo u se Lumelang
(5 mets.) Pontšo. ijwbq sehlooho sa 110 ¶1-4: Kolobetso e Bolela’ng? (th khaolo ea 17)
Pina ea 118
7. “U Tšepileng?”
(15 mets.) Puisano.
Na ho na le motho ea kileng a u soma ka lebaka la hore u lumela ho Molimo, u tšepa seo Bibele e se buang kapa hore u Paki ea Jehova? Haeba ho joalo, mohlomong u ile oa tšoha haholo ebile u sa tsebe hore na u re’ng. Lintho tseo batho ba bang ba li buang li ka etsa hore u be le lipelaelo. Joale u ka etsa’ng e le hore u se ke oa ba le lipelaelo?
Bala Esaia 36:4 ebe u botsa bamameli potso ena:
Ke hobane’ng ha e le ha bohlokoa hore re kholisehe ka lintho tseo re li lumelang?
Shebellang VIDEO ea Bocha ba ka—Na ho Nepahetse ho Lumela Hore Molimo o Teng? ebe u botsa bamameli lipotso tsena:
Elibaldo le Crystal ba ile ba etsa’ng e le hore ba kholisehe le ho feta ka lintho tseo ba li lumelang?
Ke’ng e u kholisang hore kannete Molimo o teng?
Ke litemana life tsa Bibele tse u kholisang hore . . .
Jehova oa u rata?
Jehova o tla lula a u thusa?
u har’a batho ba Molimo?
8. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 62-63