Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb26 January maq. 14-16
  • La 23 February–la 1 March

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 23 February–la 1 March
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2026
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2026
mwb26 January maq. 14-16

LA 23 FEBRUARY–LA 1 MARCH

ESAIA 38-40

Pina ea 4 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

Molisa o hakile nku ka lerato.

Molisa oa mehleng ea Iseraele o hakile nku

1. “O Tla Hlokomela Mohlape oa Hae Joaloka Molisa”

(10 mets.)

Jehova o ile a sireletsa Lentsoe la hae Bibele a ba a re fa lona ho re thusa hore re atamele haufi le eena (Esa 40:8; w23.02 2-3 ¶3-4)

O mosa ebile oa re tsotella (Esa 40:11; cl 69 ¶7)

O re tseba re le batho ka bomong ’me o re thusa hore re mamelle mathata (Esa 40:​26-29; w18.01 8 ¶4-6)

Baholo ba babeli ba etetse morali oa bo rona le bana ba hae ba babeli.

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Tsela eo Esaia 40:11 e hlalosang molisa ka eona, e etsa hore u ikutloe joang ka Jehova?

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 40:3—Mantsoe a temana ee a ile a phethahala joang ka lekhetlo la pele ha Jesu a ne a le lefatšeng? (ip-1 400 ¶7)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 40:​21-31 (th khaolo ea 11)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(2 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Batla monyetla oa ho bolella motho eo u ntseng u bua le eena ka seo u ithutileng sona libokeng. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 3)

5. Ha u Qala Moqoqo

(2 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Batla monyetla oa ho bolella motho eo u ntseng u bua le eena ka mosebetsi oo u o etsang oa ho ruta batho Bibele. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 4)

6. Khutlela ho Batho

(2 mets.) KA NTLO LE NTLO. (lmd thuto ea 7 ntlha ea 5)

7. Ha u Etsa Barutuoa

(5 mets.) lff kakaretso ea khaolo ea 18, re ithutile’ng le seo u ka se etsang. Sebelisa sehlooho se hlahang tlas’a karolo ea “Batla” ho thusa motho eo u ithutang Bibele le eena ho bona hore Lipaki Tsa Jehova lia ratana. (lmd thuto ea 11 ntlha ea 3)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 160

8. Tlaleho ea Tšebeletso ea Selemo le Selemo

(15 mets.) Puisano.

Ka mor’a ho bala tlaleho ea selemo le selemo e tsoang ofising ea lekala, e re bamameli ba bue ka lintlha tse khothatsang tseo ba li utloileng Tlalehong ea Selemo sa Tšebeletso ea Lipaki Tsa Jehova Lefatšeng Lohle ea 2025. Buisana le bahoeletsi bao u ba khethileng ba nang le lipale tse monate tsa lintho tse etsahetseng tšimong selemong se fetileng sa tšebeletso.

Litšoantšo: Bara le barali ba bo rona lefatšeng lohle ba kopanela mosebetsing oa boboleli. 1. Morali oa bo rona o khannela ’mè e mong thuto ea Bibele a sebelisa buka ea “U ka Thaba ka ho sa Feleng!” 2. Banyalani ba balla ntate e mong Bibele ha ba le tšimong. 3. Morali oa bo rona o pakela ’mè e mong. 4. Morali oa bo rona o fa ’mè ea lutseng pelʼa hae ka beseng karete ea jw.org. 5. Banyalani ba khannela ntate e mong thuto ea Bibele ba sebelisa bukana ea “U ka Thaba ka ho sa Feleng!” 6. Morali oa bo rona o bontša ’mè e mong video. 7. Banyalani ba pakela ’mè e mong ka puo ea matsoho ba sebelisa le video.

Page 15: Based on NASA/Visible Earth imagery

Selemong sa 2025, batho ba Jehova ba ile ba tsoela pele ba sebetsa ka thata mosebetsing oa ho ruta batho Bibele

  • Ke lintho life tse khothatsang tse Tlalehong ea Selemo sa Tšebeletso ea 2025 tseo u ka ratang ho bua ka tsona?

9. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 64-65

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 161 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela