Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb26 May maq. 5-16
  • La 18-24 May

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 18-24 May
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2026
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2026
mwb26 May maq. 5-16

LA 18-24 MAY

ESAIA 62-64

Pina ea 44 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

Sebopi se bopa pitsa se sebelisa letsopa le bonolo.

1. Sebopi se Lerato le se Nang le Qenehelo

(10 mets.)

Jehova o ntse a re qenehela le hoja re e-ba le mathata ka lebaka la liphoso tsa rona (Esa 63:9; cl 253-254 ¶7-9)

Le hoja Jehova a ke ke a re thibela ho khola litholoana tsa liphoso tsa rona, oa re thusa ha re ntse re leka ho mo tšepahalla (w23.08 28-29 ¶8-9)

Haeba re mo lumella, o tla tsoela pele ho re bopa hore re be batho bao a ba amohelang (Esa 64:8; w13 9/15 20 ¶15-17)

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Esa 63:10—Temana ee e re ruta’ng ka mamello ea Jehova? (it-E “Mohau” ¶11-mwbr)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Esa 64:​4-12 (th khaolo ea 12)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Qoqa le motho ka ntho eo a e thahasellang ’me le buisane hore na le tla qoqa neng hape. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 5)

5. Khutlela ho Batho

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Bontša mong’a ntlo video e hlahang tlas’a Lithulusi Tsa ho Ruta. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 4)

6. Ha u Etsa Barutuoa

(5 mets.) lff lebokose le leqepheng la 254 le reng: “Na ke se ke Itokiselitse ho Ruta Bibele le Phutheho?” Buisana le motho eo u ithutang Bibele le eena hore na e ka ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang joang. (lmd thuto ea 12 ntlha ea 3)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 115

7. Itokisetse Likoluoa Tsohle le Tseo re sa li Lebellang

(15 mets.) Puisano. E fanoe ke moholo. Bua ka likhopotso tse tsoang ofising ea lekala le ho sehlopha sa baholo haeba li le teng.

Litšoantšo: Matšoao a fapaneng a bontšang likoluoa tsa tlhaho: 1. Tsunami. 2. Tšisinyeho ea lefatše. 3. Leholiotsoana. 4. Ho foqoha ha seretse se chesang. 5. Ho cha ha moru.

Likoluoa ho akrelletsa le ho hlaseloa, ke lintho tse ka etsahalang hohle ebile re sa li lebella. (Moe 9:11) Le hoja u lula libakeng tseo likoluoa tsa tlhaho li sa etsahaleng hangata empa ke ha bohlokoa hore u lebelle hore li ka u etsahalla. (Pr 22:3) U ka itokiselletsa tsona joang?

  • Ha u le sebakeng se phetheselang, e-ba hlokolosi ka hore na ho etsahala’ng pel’a hao le ho etsa bonnete ba hore oa tseba hore na menyako ea tšohanyetso e hokae

  • E le hore u itokiselletse likoluoa tsa tlhaho, e-ba le mokotla oa tšohanyetsoa le ho etsa bonnete ba hore o lula o e-na le lintho tse hlokahalang. Hape u be le lintho tseo u ka li sebelisang ha u ntse u le lapeng ka nako eo. Buisanang le le lelapa hore na le tla etsa’ng le hore na le tla balehela hokae nakong ea koluoa ’me le be le linomoro tsa fono tsa ba lelapa le metsoalle.—g17.5 4

Shebellang VIDEO ea Itokisetse Likoluoa Tsohle le Tseo re sa li Lebellang ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:

  • Qalong bara le barali ba bo rona ba ne ba ikutloa joang ka ho itokiselletsa likoluoa?

  • Ke lintho life tseo ba ileng ba li etsa e le hore ba itokise?

  • Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba bona ba ho itokiselletsa likoluoa joang?

  • Ba ile ba ithuta’ng ketsahalong ee?

IPOTSE: ‘Na ke bontša hore ke hlompha Jehova ka hore ke itokiselletse likoluoa?’

SEO U KA SE ETSANG: Ha u le sebakeng se phetheselang, ipotse hore na monyako oa tšohanyetso o hokae sebakeng seo u leng ho sona.

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 86, selelekela sa karolo ea 13 le thuto ea 87

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 151 le Thapelo

a Sheba lebokose le reng “Lintho Tseo u ka li Hlokang Nakong ea Koluoa?” ho Tsoha! ea No. 5 2017, leq. 6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela