LA 25-31 MAY
ESAIA 65-66
Pina ea 24 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. Re Rata Paradeise ea Rona ea Moea!
(10 mets.)
Bahlanka ba Molimo ba na le Bibele le lintho tse ngata tseo ba li hlokang e le hore ba lule ba le paradeiseng ea moea (Esa 65:13; cl 275 ¶12, 14)
Paradeise ea rona ea moea e re thusa hore re sebetsane le mathata le lintho tse bohloko tse re hlahelang (Esa 65:14-17; w24.04 22 ¶9-10)
Ha ho na letho le ka bapisoang le khotso le tšireletseho tseo re nang le tsona (Esa 65:25; w24.04 23 ¶13)
TLHALOSO: Polelo “paradeise ea moea” e hlalosa maemo a sireletsehileng ao batho ba sebeletsang Jehova ba thabelang ho ba ho ona. Paradeiseng ena ea moea re thabela ho ba le khotso le Jehova le Bakreste-’moho le rona.
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 66:24—Temana ee e re thusa joang ho utloisisa mantsoe a Jesu a hlahang ho Mareka 9:47, 48 a buang ka Gehena? (it-E “Gehena” ¶6-7-mwbr)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 65:17-25 (th khaolo ea 10)
4. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Qoqa le motho ka tsela e tla etsa hore ho be bonolo hore u mo bolelle hore u Paki ea Jehova. (lmd thuto ea 5 ntlha ea 3)
5. Ha u Qala Moqoqo
(2 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Motho eo u ntseng u qoqa le eena u batla ho ngangisana le uena. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 5)
6. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Qala moqoqo u sebelisa pampitšana. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 4)
7. Hlalosa Seo u se Lumelang
(3 mets.) Pontšo. ijwbq sehlooho sa 87: Mohanyetsi oa Kreste ke Mang? (th khaolo ea 17)
Pina ea 80
8. Na u ka Thabela Bophelo le Hoja u le Tšebeletsong ea Nako e Tletseng?
(15 mets.) Puisano.
Na u ntse u nahana ka ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng? Na u tšoenyehile ka hore u ka ’na oa lokela ho tela lintho tseo u li ratang haeba u e kenela? Kapa mohlomong u kile oa ipotsa hore na ke hobane’ng ha u lokela ho tela lintho tseo u li ratang haeba bahlanka bohle ba Jehova ba tla fumana bophelo bo sa feleng ho sa tsotellehe hore na ba tšebeletsong kapa che. Haeba u ntse u ipotsa lipotso tsena, hopola hore Jehova “a ke ke a [u] hanela . . . ka ntho leha e le efe e ntle” haeba u mo tšepa. (Ps 84:11, 12) Ha re sa fe Jehova sohle seo re ka se khonang, re tla fetoa ke thabo e tlisoang ke ho kenela tšebeletso.
Jehova o tla re hlohonolofatsa hona joale esita le nakong e tlang. Shebellang VIDEO ea U Tla Etsa’ng ‘Bakeng sa Litaba Tse Monate’? ebe u botsa bamameli potso e latelang:
Bara le barali ba bo rona ba hlahang videong ee ba fumane litlhohonolofatso life ka ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng?
U ka etsa’ng haeba maemo a hao a sa u lumelle ho kenela tšebeletso? Hopola hore Jehova o hlohonolofatsa boiteko bohle boo re bo etsang ba ho mo sebeletsa. Kahoo, etsa sohle seo u ka se khonang u kholisehile hore Jehova o tla u tšollela litlhohonolofatso ho fihlela u se u sa hloke letho.—Mal 3:10.
9. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 88-89