Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb26 May maq. 10-11
  • La 8-14 June

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 8-14 June
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2026
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2026
mwb26 May maq. 10-11

LA 8-14 JUNE

JEREMIA 4-6

Pina ea 56 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. U se ke oa Tšoana le Bajuda ba Neng ba sa Mamele

(10 mets.)

Bajuda ba ne ba le manganga ebile ba sa mamele (Jer 4:​4, 14; w13 3/15 9-10 ¶8-9)

Ba ne ba sa tsotelle hore na Jehova o ikutloa joang ka boitšoaro ba bona (Jer 5:31; jr 114 ¶2)

Ba ile ba e-ba le liphello tse bohloko hobane ha baa ka ba mamela Jehova (Jer 6:​17-19)


IPOTSE: ‘Nka etsa’ng hore ke tsoele pele ke mamela Jehova?’

Litšoantšo: 1. Morali oa bo rona o thuisa ka seo a se balileng Bibeleng, thaboleteng le libukeng tsa “Insight” ha a etsa thuto ea hae ea botho. 2. Ngaka e supile setšoantšo sa ’mele oa motho thaboleteng.

Haeba u kula haholo, na u ke ke oa batla hore ngaka e u bolelle hore na u tšoeroe ke’ng e le hore u fumane thuso ka potlako? Ka tsela e tšoanang, haeba kamano ea hao le Jehova e senyehile u lokela ho fumana thuso ka potlako.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Jer 4:10—Ke ka tsela efe Jehova a ileng a thetsa batho ba hae? (w07 3/15 9 ¶4)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Jer 5:​1-11 (th khaolo ea 5)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(2 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 3)

5. Ha u Qala Moqoqo

(2 mets.) KA NTLO LE NTLO. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 3)

6. Khutlela ho Batho

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Motho eo u buang le eena haa tšepe hore lintho tseo Bibele e li buang ke ’nete. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 3)

7. Hlalosa Seo u se Lumelang

(3 mets.) Pontšo. ijwfq sehlooho sa 5: Ke Hobane’ng ha le Bitsoa Lipaki Tsa Jehova? (th khaolo ea 7)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 60

8. Itšireletse Litabeng Tseo Eseng ’Nete

(8 mets.) Puisano.

Mehleng ea Baiseraele, baprofeta ba bohata le batho ba bonang lipono ba ne ba bua lintho tse utloahalang eka ke nnete empa e le leshano. (Esa 30:10; Jer 5:31) Le mehleng ena, batho ba hasang mashano ba ntse ba etsa se tšoanang. U ka itšireletsa joang mashanong aa?

Litšoantšo tse hlahang videong ea “Itšireletse Litabeng Tseo Eseng ’Nete.” Mohlankana o pota-potiloe ke melaetsa e mengata e tsoang mecheng e fapaneng ea puisano.
Litšoantšo tse hlahang videong ea “Itšireletse Litabeng Tseo Eseng ’Nete.” Eena mohlankana eo o hlahlobisisa boitsebiso k’homphieutheng a sebelisa khalase e holisang mongolo.

Shebellang VIDEO ea Itšireletse Litabeng Tseo Eseng ’Nete ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba litaba tseo e seng ’nete?

  • Batho ba sa tšepahaleng ba sebelisa theknoloji joang, hona ke hobane’ng ha re lokela ho ba hlokolosi?

  • Re ka etsa’ng ho netefatsa hore litaba tseo re li utloang ke ’nete?—Job 12:11

IPOTSE: ‘Na ke lula ke tšepa litaba tse buang ka lintho tseo ’na ke li thabelang kapa na ke etsa bonnete ba hore li nepahetse pele ke li kholoa?’

Hangata litaba tseo Inthanete le mecha ea puisano e re hlahisetsang tsona, ke tseo re ileng ra batlisisa ka tsona pele. Kahoo, u lokela ho leka ka hohle ho fumana seo e leng ’nete.

9. Litlhoko Tsa Phutheho

(7 mets.)

10. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) lfb thuto ea 92-93

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 68 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela