LA 1-7 JUNE
JEREMIA 1-3
Pina ea 84 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
Jeremia o Jerusalema ’me o bolella balumeli ba bohata molaetsa oa Jehova oa kahlolo
1. “U se ke oa ba Tšaba Kaha ‘ke na le Uena’”
(10 mets.)
[Shebellang VIDEO ea Selelekela sa Jeremia.]
Batho ba bang ba ikutloa joaloka Jeremia ha a ne a tšaba ho bolela ebile a ikutloa a sa tšoanelehe (Jer 1:6)
Jehova oa re matlafatsa ebile o re thusa hore re etse thato ea hae (Jer 1:8, 9; w10 1/15 9 ¶7-8)
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Jer 3:14-25 (th khaolo ea 12)
4. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Ka mor’a ho bua le mong’a ntlo ka ntho eo batho ba bangata ba amehileng ka eona, mo bontše hore na Bibele e re’ng ka ntho eo eena a amehileng ka eona. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 5)
5. Khutlela ho Batho
(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo. (lmd thuto ea 8 ntlha ea 3)
6. Ha u Etsa Barutuoa
(5 mets.) Thusa motho eo u ithuta’ng Bibele le eena ea sa etseng liphetoho. (lmd thuto ea 12 ntlha ea 5)
Pina ea 76
7. E-ba Sebete Joaloka Jeremia
(6 mets.) Puisano.
Shebellang VIDEO ea Ithute ho Metsoalle ea Jehova—Jeremia ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:
Ho tlile joang hore Jeremia e be motsoalle oa Jehova?—Jer 1:6-8
Ke bo mang bao u ka ratang ho bua le bona ka Jehova?
U ka rata ho bua lintho life le bona e le hore e be metsoalle ea Jehova?
8. ‘Itokisetse ho Ikarabella . . . ka Bonolo le ka Tlhompho’
(9 mets.) Puisano.
Re lokela ho ba sebete ha re bolela litaba tse monate leha re emela melao ea Jehova ea boitšoaro. Le hoja re le sebete, re ntse re lokela ho lula re bontsha makhabane a mang a Bokreste.
Bala 1 Petrose 3:15 ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:
Ke makhabane afe a mang ao re lokelang ho ba le ’ona ha re hlalosa seo re se lumelang?
Ke hobane’ng ha makhabane aa e le a bohlokoa?
Shebellang VIDEO ea “Ho Loka ha ’Nete ho Tla Etsa Hore ho be le Khotso” ebe u botsa bamameli potso e latelang:
U ithutile’ng videong ee e ka u thusang hore u hlalose seo u se lumelang ka ho ratana ha batho ba bong bo tšoanang ka mosa?
HOPOLA: Ha u emela melao ea Jehova ea boitšoaro, e ba hlokolosi hore u se ke oa ngangisana le batho ka litaba tse amang lipolotiki.—Joh 18:36.
9. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 90-91