Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb26 July maq. 6-7
  • La 20-26 July

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 20-26 July
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2026
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2026
mwb26 July maq. 6-7

LA 20-26 JULY

JEREMIA 18-19

Pina ea 44 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Re ka Khona ho Khutlela ho Jehova

(10 mets.)

Jehova o ile a bolella Bajuda hore ba furalle litsela tsa bona tse mpe (Jer 18:11; it-E “Baale” No. 4 ¶23-mwbr)

Ba ile ba nahana ka tsela e fosahetseng eaba ba re: “Ha ho na thuso.” (Jer 18:12)

Re ka khona ho loantša sebe (Jer 18:7, 8; w25.08 23 ¶11)

’Mè e mong o shebile banyalani ba Lipaki ka fensetere ha ba ntse ba pakela moahisani oa hae. Shelefong ea hae ho na le liphetolelo tsa khale tsa “Phetolelo ea Lefatše le Lecha” le buka ea lipina.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Jer 18:6; 19:10, 11—Jehova ke Sebopi se Seholo ka tsela efe? (it-E “Sebopi” ¶8-mwbr)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Jer 19:1-11 (th khaolo ea 5)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo u be u mo bontše hore na le tl’o ithuta joang. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 3)

5. Khutlela ho Batho

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Tsoela pele ka moqoqo o sebelisa pampitšana eo u ileng oa e siea nakong e fetileng. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 3)

6. Hlalosa Seo u se Lumelang

(4 mets.) Puo. ijwbq sehlooho sa 44: Bibele e Re’ng ka Bolokolohi ba ho Ikhethela? (th khaolo ea 20)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 38

7. U ka Etsa’ng Hore u Lokise Kamano ea Hao le Jehova?

(15 mets.) Puisano.

Ha se hore batho ba seng ba sa sebeletse Jehova ha ba sa mo rata. Empa e ka ’na eaba ba ikutloa ba se ba sa tšoanelehe ebile ba sa tsebe hore na ba khutle joang. Jehova a ka thusa batho ba batlang ho khutlela ho eena, feela joalokaha a ile a thusa batho ba hae nakong e fetileng.

Motho ea ileng a khaotsa ho sebeletsa Jehova, ha aa lokela ho nahana hore e le hore a lokise kamano ea hae le Jehova, o lokela hore hang-hang a etse lintho tsohle tseo a neng a li etsa pele tšebeletsong. Ho ka ’na ha nka nako pele a tloaela ho etsa lintho tsohle tseo a neng a li etsa. A ka thusoa ke’ng hore hanyane ka hanyane a tloaele ho sebeletsa Jehova joaloka pele?

  • Rapela Jehova hore a u thuse. (1Pe 5:7) Jehova o tšepisa hore o tla re thusa hore re be le matla a ho mo sebeletsa hape.—Esa 40:28, 29

  • Iphe nako ea ho ithuta ntho e itseng ka Bibeleng letsatsi le letsatsi. Mohlomong u ka bala sehlooho, oa shebella video e hlahang ho jw.org kapa oa bala le ho mamela litemana tse ’maloa ka Bibeleng. Feela joalokaha lijo li matlafatsa ’mele ea rona, ho ithuta ka Jehova ho etsa hore kamano ea rona le eena e be matla.—Ps 1:2, 3

  • Leka ho ea libokeng hang-hang hobane ke moo Jehova a re khothatsang le ho re matlafatsa teng.—Heb 10:24, 25

Setšoantšo se hlahang videong ea “Ke Ile ka Fetola Bophelo ba ka.” Bara le barali ba bo rona ba amohela morali oa bo rona ka mofuthu haa fihla Holong ea ’Muso.

Shebellang VIDEO ea Ke Ile ka Fetola Bophelo ba ka ebe u botsa bamameli potso e latelang:

  • U ithutile’ng videong ee?

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) wcg “Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang” le Selelekela

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 153 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela