Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb26 July maq. 8-9
  • La 27 July–la 2 August

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 27 July–la 2 August
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2026
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2026
mwb26 July maq. 8-9

LA 27 JULY–LA 2 AUGUST

JEREMIA 20-21

Pina ea 73 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

Jeremia o bolella batho molaetsa oa Jehova ka sebete. Ba bang ha ba mo mamele ha ba bang ba mo omanya.

1. O ne a Bolela ka Sebete

(10 mets.)

Jeremia o ile a hlorisetsoa ho bolella batho likahlolo tsa Jehova (Jer 20:2, 8)

Kaha Jeremia o ne a nyahame, o ne a batla ho tlohela ho bolela (Jer 20:9a)

Jeremia o ile a tsoela pele ho bolela hobane Jehova o ile a mo matlafatsa ’me o ne a tseba hore molaetsa oa Jehova ke oa bohlokoa (Jer 20:9b, 11; w11 3/15 30 ¶9; w10 2/15 7 ¶8-9)

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Jer 20:12—Temana ee e re khothalletsa ho etsa’ng? (w13 3/15 10 ¶11)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Jer 20:7-18 (th khaolo ea 2)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Qoqa le motho ka tsela e tla etsa hore a hlokomele hore u Paki ea Jehova. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 4)

5. Khutlela ho Batho

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Buisana le mong’a ntlo ka lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 3)

6. Hlalosa Seo u se Lumelang

(4 mets.) Pontšo. Ngoana o lokisetsa le motsoali oa hae seo a batlang ho se bolella bana bao a kenang tlelase le bona ka boitsebiso boo a bo fumaneng sehloohong sa 41 sa ijwwd. (th khaolo ea 13)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 57

7. Bontša Hore u Tsotella Batho ba Bang ka Hore u Feto-fetoha le Maemo

(15 mets.) Puisano.

E ka ’na eaba pele re ea tšimong, re lokisetsa ho bua le batho ba tšimong ea habo rona ka seo ba amehileng ka sona. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 3) Empa re lokela ho etsa’ng ha re bona hore mong’a ntlo o batla ho bua ka ntho e fapaneng? Jesu o ile a bontša mosa ho monna ea neng a sa bone, pele a bua le eena ka litaba tse monate. (Joh 9:1, 6, 7, 35-38) See se re ruta’ng? Batho ba tla thabela ho re mamela ha ba bona hore ehlile rea ba tsotella. Ke kahoo ho leng bohlokoa hore ha re bolella batho litaba tse monate, re ba bontše hore rea utloisisa hore na ba ikutloa joang le hore rea ba tsotella.

Bala 1 Bakorinthe 9:20-23 ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:

  • Pauluse o ne a bontša joang hore o tsotella batho?

  • Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a tenyetseha le maemo ha a ne a pakela batho?

Setšoantšo se hlahang videong ea “ ‘Labalabela ho Bolela Litaba Tse Monate—⁠Ikemisetse ho Sebelisa Lithulusi Tse Nepahetseng’—⁠Karoloana.” Banyalani ba tšimong ’me ba pakela ntate e mong.

Shebellang VIDEO ea ‘Labalabela ho Bolela Litaba Tse Monate’—Ikemisetse ho Sebelisa Lithulusi Tse Nepahetseng—Karoloana ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:

  • Le hoja mor’abo rona a ne a lokiselitse hore na o tl’o bua ka’ng, ke hobane’ng ha a ile a fetola seo a neng a tl’o bua ka sona?

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho bontša hore re tsotella batho?

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) wcg selelekela sa karolo ea 1, linako le khao. 1

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 31 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela