LA 24-30 AUGUST
JEREMIA 29-30
Pina ea 12 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. Jehova o Khalemela Bahlanka ba Hae ka Tsela e Nepahetseng
(10 mets.)
Bajuda ba bang ba ne ba tla baka le ho batla Jehova ka lipelo tsohle tsa bona (Jer 29:12, 13; jr 114 ¶3)
Jehova o ne a tla khutlisetsa batho ba hae naheng ea habo bona (Jer 29:14)
O ne a sa tl’o ba felisa empa o ne a tla ba khalemela “ka tsela e nepahetseng” (Jer 30:11; Heb 12:6; jr 168 ¶2)
NAHANISISA KA SENA: Re lokela ho itšoara joang ha Jehova a re khalemela?—w22.11 21 ¶6.
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Jer 30:11—Batsoali ba ka etsisa Jehova joang ha ba khalemela bana ba bona? (w14 7/1 12 ¶1-4)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Jer 30:1-11 (th khaolo ea 2)
4. Ha u Qala Moqoqo
(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Qala moqoqo le mong’a ntlo ka taba eo re tl’o bua le batho ka eona letšolong ka September, u be u kope ho ithuta Bibele le eena. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 4)
5. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Qoqa le motho ka taba eo re tl’o bua le batho ka eona letšolong ka September. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 5)
6. Puo
(5 mets.) ijwbv sehlooho sa 6: Jeremia 29:11 e Bolela’ng? (th khaolo ea 1)
Pina ea 3
7. Jehova o fa Bahlanka ba Hae Tšepo
(10 mets.) Puisano.
Ha Bajuda ba ntse ba le botlamuoeng Babilona, Jehova o ile a ba tšepisa hore ka le leng ba tla khutlela habo bona. (Jer 29:10) Ba ne ba ke ke ba hlola ba sotleha. Litšepiso tse kang tsena, ha li re khothatse feela nakong eo li phethahalang ka eona empa li re fa tšepo leha re ntse re emetse hore li phethahale.
Shebellang VIDEO ea Khotso e Tla ba Teng Lefatšeng Lohle!—U se ke oa Felloa ke Matla ebe u botsa bamameli potso e latelang:
U ithutile’ng videong ee?
8. Letšolo le Khethehileng ka September
(5 mets.) Puo ka molebeli oa tšebeletso. Etsa hore batho ba labalabele ho nka karolo letšolong lena, u be u hlalose litlhophiso tse entsoeng bakeng sa tšimo.
9. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) wcg khao. 5