Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb26 July maq. 14-15
  • La 31 August–la 6 September

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 31 August–la 6 September
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2026
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2026
mwb26 July maq. 14-15

LA 31 AUGUST–LA 6 SEPTEMBER

JEREMIA 31

Pina ea 27 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. “Ke Tla Etsa Selekane se Secha”

(10 mets.)

Jehova o ile a tšepisa hore “selekane se secha” se tla nkela selekane sa Molao oa Moshe sebaka ’me se ne se tla ba teng ka ho sa feleng le ho thusa batho ba bangata (Jer 31:31, 32; jr 169 ¶4)

Selekane sena se secha se pakeng tsa Jehova le Iseraele ea Molimo ’me se bula monyetla oa hore re tšoareloe libe (Jer 31:33, 34; jr 172 ¶9)

Bakreste bao eseng karolo ea Iseraele ea Molimo, le bona ba rua molemo selekaneng sena se secha (w10 3/15 27 ¶14; jr 177 ¶18)

Litšoantšo: 1. Moprista ea phahameng o etsa sehlabelo ka phoofolo aletareng. 2. Masole a theola setopo sa Jesu palong.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Jer 31:15—Boprofeta boo bo phethahetse ka litsela life? (it-E “Rama” No. 1 ¶3-mwbr)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Jer 31:1-11 (th khaolo ea 12)

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Li sa tloha feela, kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 3)

5. Ha u Qala Moqoqo

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Sebelisa sehlooho sa 106 sa ijwyp ho thusa ngoana eo u kenang tlelase le eena ea utloileng bohloko hobane a bona eka tichere ha e mo tšoare hantle. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 3)

6. Hlalosa Seo u se Lumelang

(5 mets.) Puo. ijwfq sehlooho sa 37: Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Nke Lehlakore Lipolotiking? (th khaolo ea 14)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 67

7. Feto-fetoha le Maemo ka Hore u Sebelise Websaete ea JW.ORG

(15 mets.) Puisano.

Banyalani ba tšimong ’me ba bontša ’mè e mong le moralinyana oa hae websaete ea jw.org.

Re ka khona ho feto-fetoha le maemo ha re le tšimong, ka hore re nahane esale pele hore na re ka ’na ra kopana le maemo afe ’me re itokisetse ona. Empa ka linako tse ling, mong’a ntlo a ka bua ka ntho eo re sa e lokisetsang. Re ka thusoa ke eng hore re fetole moqoqo?

Shebellang VIDEO ea “Tšepe e Leotsoa ka Tšepe”—Ho Sebelisa JW.ORG—Karoloana ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:

A re nke hore u tšimong nakong ea letšolo ’me mong’a ntlo o u bolella hore haa lumele hore Molimo o teng hobane a re Molimo ha aa ka a mo thusa ha a ne a hlaheloa ke lintho tse bohloko.

  • Re ka bontša joang hore re mo utloela bohloko pele re ka bua le eena ka Bibele?—Jak 1:19

  • U ka mo balla temana efe, hona u ka fumana temana eo joang ho jw.org?

  • Haeba u sa hopole temana eo u e batlang kapele, u ka ngola eng lebokoseng la batla hore u e fumane?

  • Haeba u sa khone ho kena ho jw.org kapa JW Library, u ka thusa mong’a ntlo joang?

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) wcg khao. 6

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 132 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela