SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 44
Mosa o Lerato oa Jehova o U Tsoela Molemo Joang?
“Mosa oa [Jehova] o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—PES. 136:1.
PINA EA 108 Molimo oa re Rata
SEO RE TL’O ITHUTA SONAa
1. Jehova o re khothaletsa hore re etse’ng?
JEHOVA o rata ho bontša mosa o lerato haholo. (Hos. 6:6) O batla hore bahlanka ba hae ba etse ntho e tšoanang. Molimo a sebelisa moprofeta Mikea o re re rate ho bontša mosa o lerato. (Mik. 6:8) Empa ho hlakile hore pele re ka etsa joalo re lokela ho tseba hore na mosa o lerato ke’ng.
2. Mosa o lerato ke’ng?
2 Mosa o lerato ke’ng? Ka Bibeleng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ea senyesemane, mantsoe “mosa o lerato” a hlaha ka makhetlo a 230. Ha e le hantle, a bolela’ng mantsoe aa? A bolela hore haeba motho a e-na le mosa o lerato o tla lula a rata motho e mong le ho mo tšepahalla ka linako tsohle. Hangata ha ho buuoa ka lerato lena ho buuoa ka lerato leo Molimo a ratang batho ka lona empa hape ho boetse ho buuoa ka lerato leo batho ba le bontšanang. Jehova ke eena ea re behelang mohlala o motle oa ho bontša mosa o lerato. Sehloohong sena, re tl’o bua ka kamoo Jehova a bontšang batho mosa o lerato. Sehloohong se latelang, re tl’o bua ka kamoo re ka etsisang Jehova ka hore re bontšane mosa o lerato.
JEHOVA KE MOLIMO “EA TLETSENG MOSA O LERATO”
3. Jehova o ile a bolella Moshe eng ka eena?
3 Ka mor’a nako e seng kae Baiseraele ba tlohile Egepeta, Jehova o ile a bolella Moshe ka makhabane ao a nang le ’ona le ka lebitso la Hae. O ile a re: “Jehova, Jehova, Molimo ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete , ea bolokelang ba likete mosa o lerato, ea tšoarelang phoso le tlolo le sebe.” (Ex. 34:6, 7) Ka mantsoe ana a amang maikutlo, Jehova o ile a bolella Moshe ka ntho e ikhethang ka mosa o lerato oo a nang le oona. Ntho eo e ikhethang ke’ng?
4, 5. (a) Jehova o ile a itlhalosa joang? (b) Re tl’o bua ka lipotso life?
4 Jehova ha a itlhalose e le Molimo ea nang le mosa o lerato feela empa e le Molimo “ea tletseng mosa o lerato.” Tlhaloso ena e boetse e hlaha ka makhetlo a mang a tšeletseng ka Bibeleng. (Num. 14:18; Neh. 9:17; Pes. 86:15; 103:8; Joele 2:13; Jon. 4:2) Hohle moo tlhaloso ena e hlahang teng ho buuoa ka Jehova e seng batho. Na ha se ntho e babatsehang hore ebe Jehova o itlhalosa ka tsela ee? Kahoo, re khona ho bona hore ho bontša mosa o lerato ke ha bohlokoa ho eena.b Ke kahoo Morena Davida a ileng a re: “Jehova, mosa oa hao o lerato o maholimong . . . Mosa oa hao o lerato ke oa bohlokoa hakaakang, Molimo! Bara ba batho ba tšabela moriting oa mapheo a hao.” (Pes. 36:5, 7) Na mosa o lerato oa Molimo o bohlokoa ho rona joalokaha o ne o le bohlokoa ho Davida?
5 E le hore re tle re utloisise hantle hore ha ho buuoa ka mosa o lerato ho buuoa ka’ng, a re ke re bueng ka lipotso tsena tse peli: Jehova o bontša bo-mang mosa o lerato? Hona re fumana molemo ofe ha Jehova a re bontša mosa o lerato?
JEHOVA O BONTŠA BO-MANG MOSA O LERATO?
6. Jehova o bontša mosa o lerato ho bo-mang?
6 Jehova o bontša bo-mang mosa o lerato? Bibele e bontša hore re ka rata lintho tse ngata joaloka “temo,” “veine le oli,” “taeo,” “tsebo” le “bohlale” ha re bua ka tse ’maloa tsa tsona. (2 Likron. 26:10; Liprov. 12:1; 21:17; 29:3) Leha ho le joalo, mosa o lerato o bontšoa ho batho feela eseng ho lintho tse ling. Empa Jehova ha a bontše lerato lena ho motho e mong le e mong. O le bontša ho batho ba nang le kamano e khethehileng le eena. Molimo oa rona oa tšepahala ho metsoalle ea hae. O na le morero o motle ka eona ’me a ke ke a tlohela ho e rata.
7. Jehova o bontšitse batho bohle lerato joang?
7 Jehova o bontšitse batho bohle lerato. Jesu o ile a bolella Nikodemase a re: “Molimo o ratile lefatše [e leng batho] haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Joh. 3:1, 16; Mat. 5:44, 45.
8, 9. (a) Ke hobane’ng ha Jehova bontša mosa o lerato ho bahlanka ba hae? (b) Re tl’o bua ka’ng?
8 Joalokaha ho hlalositsoe lirapeng tse fetileng, Jehova o bontša mosa o lerato ho batho ba nang le kamano e haufi le eena e leng bahlanka ba hae. Taba ena e tiisoa ke ntho eo Morena Davida le moprofeta Daniele ba ileng ba e bua. Ka mohlala Davida o ile a re: “Ntšetsa pele mosa oa hao o lerato ho ba u tsebang.” “Mosa o lerato oa Jehova o teng ho tloha nakong e sa lekanyetsoang esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang ho ba mo tšabang.” Daniele eena o ile a re: “Oho! Jehova Molimo oa ’nete, . . . [ea] mosa o lerato ho ba mo ratang le ba bolokang litaelo tsa hae.” (Pes. 36:10; 103:17; Dan. 9:4) Ho ea ka mantsoe ana a bululetsoeng, Jehova o bontša mosa o lerato ho bahlanka ba hae hobane baa mo tseba, baa mo tšaba, baa mo rata ebile ba mamela litaelo tsa hae. Jehova o bontša mosa o lerato ho bahlanka ba hae ba mo sebeletsang ka tsela e nepahetseng feela.
9 Pele re sebeletsa Jehova o ile a re bontša lerato leo a le bontšang batho bohle. (Pes. 104:14) Kaha hona joale re se re mo sebeletsa, re boetse re fumana le mosa o lerato. Jehova o tiisetsa bahlanka ba hae ka ho re: “Mosa oa ka o lerato o ke ke oa tlosoa ho uena.” (Esa. 54:10) Ho feela joalokaha Davida a ile a hlalosa a re, “Jehova o tla khetholla ea tšepahalang oa hae.” (Pes. 4:3) Taba ea hore Jehova o re hlokometse ka tsela ee e khethehileng e lokela ho re susumetsa ho etsa’ng? Mopesaleme o ile a re: “Ke mang ea bohlale? O tla hlokomela lintho tsena a ele hloko liketso tsa Jehova tsa mosa o lerato.” (Pes. 107:43) Re nahanne ka keletso eo, a re ke re bue ka litsela tse tharo tseo Jehova a bontšang mosa oa hae o lerato ho bahlanka ba hae, re be re bone hore na o ba thusa joang.
MOSA O LERATO OA JEHOVA O KA RE TSOELA MOLEMO JOANG?
10. Ho tseba hore mosa oa Molimo o lerato o teng ka ho sa feleng ho re thusa joang? (Pesaleme ea 31:7)
10 Mosa o lerato oa Molimo o teng ka ho sa feleng. Taba ena e hlaha ka makhetlo a 26 lengolong la Pesaleme ea 136. Temana e qalang e re: “Lebohang Jehova, etsoe o molemo: Etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Pes. 136:1) Temaneng ea 2 ho ea ho 26, ho na le mantsoe ana a reng, “etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” Ha re ntse re bala lengolo lena la Pesaleme, re thaba haholo ha re bona litsela tseo Jehova a ntseng a tsoela pele a bontša mosa o lerato ka tsona. Mantsoe ana a hlahang hangata lengolong lena a reng “etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang,” a re tiisetsa hore tsela eo Molimo a ratang bahlanka ba hae ka eona ha e fetohe. Ke ho khothatsang ho tseba hore Jehova ha a potlakele ho khaotsa ho rata bahlanka ba hae. Jehova ha a rata mohlanka oa hae ha a mo tlohele, haholo joang ha a le mathateng. Re fumana molemo ofe? Ho tseba hore Jehova o lula a le ka lehlakoreng la rona ho etsa hore re thabe ebile ho re fa matla ao re a hlokang ho mamella mathata ao re nang le ’ona le ho tsoela pele re mo sebeletsa.—Bala Pesaleme ea 31:7.
11. Ho ea ka Pesaleme ea 86:5, ke’ng e etsang hore Jehova a tšoarele?
11 Mosa o lerato oa Molimo o mo susumeletsa hore a tšoarele. Ha Jehova a hlokomela hore moetsalibe o bakile, mosa oa hae o lerato o etsa hore a mo tšoarele. Mopesaleme Davida o ile a re ka Jehova: “Ha aa re etsa ho ea ka libe tsa rona; leha e le hore o re tliselitse se re tšoanelang ho ea ka liphoso tsa rona.” (Pes. 103:8-11) Davida o ne a tseba bohloko ba ho ba le letsoalo le molato. Empa o ne a boetse a tseba hore Jehova o “itokiselitse ho tšoarela.” Ke’ng e etsang hore Jehova a tšoarele? Karabo re e fumana ho Pesaleme ea 86:5. (E bale.) Davida o ile a bontša thapelong ea hae hore Jehova oa tšoarela hobane o na le mosa o lerato ho bohle ba ipiletsang ho eena.
12, 13. Haeba re ikutloa re le molato ka lebaka la liphoso tseo re ileng ra li etsa, ke’ng e ka re thusang?
12 Ha re entse sebe, ke hantle hore re se soabele. Ho soabela libe tseo re li entseng ho ka re thusa hore re bake re be re etse liphetoho tse hlokahalang hore re lokise liphoso tseo re li entseng. Leha ho le joalo, bahlanka ba bang ba Molimo ha ba khone ho khaotsa ho ikutloa ba le molato ka lebaka la liphoso tseo ba ileng ba li etsa. Ba ntse ba nahana hore Jehova a ke ke a ba tšoarela le hoja ba kopile tšoarelo ’me ba khaolitse ho etsa lintho tse mpe tseo ba neng ba li etsa. Haeba u ikutloa ka tsela ee, ho utloisisa hore Molimo o batla ho u bontša mosa oa hae o lerato ho tla u thusa hore u khaotse ho ikutloa ka tsela eo.
13 Re fumana molemo ofe? Le hoja re le batho ba sa phethahalang, re ka khona ho sebeletsa Jehova re thabile ebile re sa ikutloe re e-na le molato hobane “mali a Mora oa hae Jesu a re hloekisa sebeng sohle.” (1 Joh. 1:7) Haeba u nyahamisoa ke mefokolo e itseng eo u nang le eona hopola hore Jehova o ikemiselitse ho u tšoarela haeba u bakile. Hlokomela seo Davida a ileng a se bua ha a bua ka mosa o lerato le ho tšoarela. O ile a re: “Joalokaha maholimo a phahame ho feta lefatše, mosa oa hae o lerato o phahame ho ba mo tšabang. Joalokaha bochaba-tsatsi bo le hole le bophirima-tsatsi, ka ho tšoanang o suthiselitse litlolo tsa rona hole le rona.” (Pes. 103:11, 12) Kannete Jehova o ikemiselitse ho “tšoarela ka tsela e kholo.”—Esa. 55:7.
14. Davida o ile a re mosa oa Molimo o lerato o re sireletsa joang?
14 Mosa o lerato oa Molimo o sireletsa kamano ea rona le eena. Davida ha a ne a rapela o ile a re ho Jehova: “U sebaka seo ke ipatang ho sona; u tla ntšireletsa mahlomoleng. U tla mpota-pota ka mehoo ea thabo ea ho pholosa. . . . Ha e le ea tšepang Jehova, mosa o lerato oa mo lika-liketsa.” (Pes. 32:7, 10) Feela joalokaha mabota mehleng ea Bibele a ne a sireletsa batho khahlanong le lira tsa bona, ka ho tšoanang mosa o lerato oa Jehova oa re sireletsa khahlanong le ntho efe kapa efe e ka senyang kamano ea rona le eena. Ho ekeletsa moo, mosa oa Jehova o lerato o etsa hore a re hulele ho eena.—Jer. 31:3.
15. Mosa oa Jehova o lerato o tšoana joang le sebaka sa tšireletso?
15 Davida o ile a sebelisa tsela e ’ngoe ho hlalosa kamoo Molimo a sireletsang batho ba hae kateng. O ile a re: “Molimo ke sebaka sa ka se phahameng sa tšireletso, Molimo oa mosa o lerato ho ’na.” Davida o ile a boela a re ka Jehova: “Mosa oa ka o lerato le qhobosheane ea ka, sebaka sa ka se phahameng sa tšireletso le Mopholosi oa ka, thebe ea ka le Eo ke tšabetseng ho eena.” (Pes. 59:17; 144:2) Ke hobane’ng ha Davida a ile a bapisa mosa oa Jehova o lerato le qhobosheane le sebaka se phahameng sa tšireletso? Ho sa tsotellehe hore na re phela hokae, hafeela re le bahlanka ba hae Jehova o tla re fa lintho tsohle tseo re li hlokang ho sireletsa kamano ea rona le eena. Mantsoe a hlahang ho Pesaleme ea 91 le ’ona a re fa kholiseho e tšoanang. Mongoli oa pesaleme eo o ile a re: “Ke tla re ho Jehova: ‘U setšabelo sa ka le qhobosheane ea ka.’” (Pes. 91:1-3, 9, 14) Moshe o ile a bua mantsoe a tšoanang ha a ne a bua ka sebaka sa ho itšireletsa. (Pes. 90:1) Nakoana ka mor’a moo, Moshe o ile a boela a bua mantsoe a mang a khothatsang pele a hlokahala. O ile a re: “Molimo oa nakong ea boholo-holo ke sebaka seo ho ipatoang ho sona, ka tlaase ke matsoho a hlolang ka nako e sa lekanyetsoang.” (Deut. 33:27) Mantsoe a reng “ka tlaase ke matsoho a hlolang ka nako e sa lekanyetsoang” a re bolella’ng ka Jehova?
16. Jehova o re thusa joang? (Pesaleme ea 136:23)
16 Ha Jehova e le Setšabelo sa rona re ikutloa re sireletsehile. Ho ntse ho le joalo, ka matsatsi a mang re ka ’na ra nyahama ha ba ha e-ba thata ho khaotsa ho ikutloa ka tsela eo. Jehova o tla re thusa joang ha re ikutloa ka tsela eo? (Bala Pesaleme ea 136:23.) O tla re tšehetsa a be a re thuse hore re se ke ra hlola re ikutloa ka tsela eo. (Pes. 28:9; 94:18) Re fumana molemo ofe? Ho tseba hore Molimo o lula a re tšehetsa ho re thusa ka litsela tse peli. Ea pele, ho sa tsotellehe hore na re lula hokae rea tseba hore Jehova o tla lula a re sireletsa. Ea bobeli, Ntate oa rona ea lerato o re tsotella haholo.
RE KA KHOLISEHA HORE MOLIMO O TLA LULA A RE BONTŠA MOSA O LERATO
17. Ka lebaka la mosa oa Molimo o lerato re kholisehile ka’ng? (Pesaleme ea 33:18-22)
17 Joalokaha re ithutile, ha re e-na le mathata re ka kholiseha hore Jehova o tla re tšehetsa le ho re thusa hore re lule re tšepahala. (2 Bakor. 4:7-9) Moprofeta Jeremia o ile a re: “Ke liketso tsa mosa o lerato oa Jehova hore ebe ha rea fela, hobane ka sebele mehauhelo ea hae e ke ke ea fela.” (Lillo 3:22) Re ka kholiseha hore Jehova o tla lula a re bontša mosa oa hae o lerato joalokaha mopesaleme a ile a re tiisetsa a re: “Leihlo la Jehova le ho ba mo tšabang, ho ba letetseng mosa oa hae o lerato.”—Bala Pesaleme ea 33:18-22.
18, 19. (a) Re batla ho lula re hopola’ng? (b) Re tl’o bua ka’ng sehloohong se latelang?
18 Re batla ho lula re hopola’ng? Pele re sebeletsa Jehova, o ne a re bontša lerato leo a le bontšang batho bohle empa hang feela ha re e-ba bahlanka ba hae o ile a re bontša le mosa o lerato. Kaha Jehova oa re rata oa re sireletsa. O tla lula a re thusa hore re be metsoalle ea hae e haufi-ufi ’me o tla phethahatsa litšepiso tseo a re tšepisitseng tsona. O batla hore re be metsoalle ea hae ka ho sa feleng. (Pes. 46:1, 2, 7) Kahoo, ho sa tsotellehe hore na re ba le mathata afe, Jehova o tla re fa matla ao re a hlokang hore re lule re tšepahala.
19 Re se re bone kamoo Jehova a bontšang bahlanka ba hae mosa o lerato kateng. Ka ho tšoanang, o lebeletse hore le rona re bontšane mosa o lerato. Re ka etsa joalo joang? Sehlooho se latelang se tla araba potso ena ea bohlokoa.
PINA EA 136 “Moputso o Phethahetseng”
a Mosa o lerato ke’ng? Jehova o bontša bo-mang mosa o lerato, hona ba fumana molemo ofe ho oona? Sehlooho sena le se latelang li tl’o bua ka mosa ona o lerato ’me li tl’o boela li arabe lipotso tsena tse peli.
b Taba ea hore Molimo o tletse mosa o lerato ho boetse ho buuoa ka eona litemaneng tse ling.—Sheba Nehemia 13:22; Pesaleme ea 69:13; 106:7; le Lillo Tsa Jeremia 3:32.
c LITŠOANTŠO: Jehova o bontša lerato ho batho bohle ho akareletsa le ho bahlanka ba hae. Litšoantšo tse ka holim’a batho li bontša litsela tse ling tseo Molimo a bontšang batho lerato ka tsona. Tsela e ’ngoe ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore o ile a fana ka Mora oa hae Jesu e le sehlabelo sa thekollo.
d LITŠOANTŠO: Batho bao e bang bahlanka ba Jehova ’me ba e-ba le tumelo sehlabelong sa thekollo, Jehova o ba tšoara ka tsela e khethehileng. Bahlanka ba Molimo ha ba fumane feela lerato leo Molimo a le bontšang batho bohle empa ba boetse ba fumana mosa oa hae o lerato. Re bona mohlala oa lerato leo litšoantšong tse ka holimo.